Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Metsoalle e Fapa-fapaneng

Etsa Metsoalle e Fapa-fapaneng

Bothata

Haeba re ikarola ho batho bao re nkang hore ba fapane le rona, re ka qetella re e-na le khethollo le ho feta. Haeba re etsa setsoalle le batho ba tšoanang le rona feela, re ka ’na ra qetella re nka hore tsela eo re nahanang ka eona, eo re ikutloang ka eona le eo re etsang lintho ka eona ke eona feela e nepahetseng.

Keletso ea Bibele e Re’ng?

“Le atolohe.”​—2 BAKORINTHE 6:13.

Temana ee e bolela’ng? Ha temana ena e re re atolohe, e bua ka boikutlo boo re nang le bona ka pelong. Haeba re rata batho ba tšoanang le rona feela, ha re atolohe. E le ho qoba phoso eo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa setsoalle le batho ba sa tšoaneng le rona.

Melemo ea ho Theha Setsoalle le Batho ba Fapa-fapaneng

Ha re ithuta ka batho ba bang, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea rona. Ha re theha setsoalle le bona, re ka bona hore ha rea fapana hakaalo le bona. Re tla ba nka e le ba bohlokoa re boele re ba utloele bohloko.

Nahana ka mohlala oa Nazaré. O ne a e-na le khethollo ho bajaki. Ha a hlalosa ntho e ileng ea mo thusa o re: “Ke ne ke qeta nako e ngata ke e-na le bona ’me ke sebetsa le bona. Ke ile ka elelloa hore ba fapane hole le kamoo batho ba neng ba ba hlalosa kateng. Ha u fetoha motsoalle oa batho ba merabe e meng, ua bona hore ha ua lokela ho ba ahlola ka hore baa tšoana kaofela, ’me u khona ho ba rata le ho ba nka e le ba bohlokoa e le batho ka bomong.”

Seo U ka se Etsang

Etsa matsapa a hore u qoqe le batho ba tsoang linaheng tse ling, ba morabe o mong, kapa ba buang puo e fapaneng le ea hao. U ka etsa lintho tse latelang:

  • Ba kope hore ba u phetele ho itseng ka bona.

  • Ba memele lijong.

  • Mamela ka hloko ha ba pheta lipale tsa bophelo ba bona ’me u ithute hore na ke eng eo e hlileng e leng ea bohlokoa ho bona.

Haeba u tseba lintho tseo ba fetileng ho tsona bophelong, u tla khona ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela eo ba li etsang ka eona, ’me u tla ba rata u be u rate le ba habo bona.