Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA E ENTSOE?

’Mala oa Monokotšoai oa Pollia

’Mala oa Monokotšoai oa Pollia

SEMELA se bitsoang Pollia condensata se fumanehang Afrika, se etsa monokotšoai o boputsoa bo botle haholo. Leha ho le joalo, monokotšoai ona ha o na ’mala. Empa ke eng e etsang hore o bonahale o le moputsoa?

Ak’u Nahane: Lisele tsa lekhapetla la monokotšoai ’ona li entsoe ka likhoele tse tšesaane tse kolohantsoeng joaloka lithutsoana tsa mollo ka tosing. Likhoele tsena ha li kolohane, li etsa ntho e tšoanang le seporing. Ha li na ’mala, empa tsela eo li lutseng ka eona e etsa hore li bonahale li le putsoa. Taba ea hore likhoele tsena li teteane, ke eona e etsang hore monokotšoai o be le ’mala o boputsoa bo botle bo benyang. Boholo ba lisele tsa monokotšoai ’ona li bonahala li le putsoa, empa ka linako tse ling li ka bonahala li le tala, li le pinki kapa li le tšehla. Phapang ena e bakoa ke hore na likhoele tsa sele ka ’ngoe li lutse joang. Ha motho a se a o shebisisa hantle, lekhapetla la ’ona le bonahala eka le lefafatsane.

Kaha monokotšoai ’ona ha o na ’mala, o lula o bonahala o le moputsoa tjena ka linako tsohle la ha o se o oele sefateng, ha e le hantle, o ka qeta le lilemo tse fetang 100 o ntse o tšoana. Bafuputsi ba fumane hore monokotšoai ’ona ha o jeoe kaha o na le litholoana feela, le ha ho le joalo, o hohela linonyana.

Bo-rasaense ba lumela hore tsela ena e hlollang eo ’mala oa monokotšoai ’ona o entsoeng ka eona e ka ba thusa ho etsa dae e sa thunyeng kapa pampiri e sa fetoheng ’mala.

U nahana’ng ka see? Na ’mala oa monokotšoai oa Pollia o bile teng ka tšohanyetso kapa o entsoe?