Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Naheng ea Philippines

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Naheng ea Philippines

LILEMONG tse ka bang leshome tse fetileng, Gregorio le Marilou e leng banyalani ba lilemo li ka holimonyana ho 30, e ne e le bo-pula-maliboho Manila ’me ba boetse ba sebetsa. Ho ne ho se bonolo, empa ba ile ba atleha. Marilou o ile a phahamisoa mosebetsing hore e be mookameli oa banka eo a neng a sebetsa ho eona. O re:“Mosebetsi oa rōna o lefang hantle o ne o etsa hore re phele hamonate.” Ha e le hantle, lintho li ne li ba tsamaela hantle licheleteng hoo ba ileng ba etsa qeto ea ho haha ntlo ea litoro tsa bona motseng oa likhorane o lik’hilomithara tse ka bang 19 ka bochabela ho Manila. Ba ile ba etsa tumellano le rakonteraka ea ho mo lefa bonyane bo itseng khoeli le khoeli ka lilemo tse leshome.

“KE NE KE IKUTLOA EKA KE QHEKELLA JEHOVA”

Marilou o re: “Mosebetsi oa ka o mocha o ne o ntjella nako o bile o nkhathatsa hoo cheseho ea ka ea lintho tsa moea e neng e tapile. Ke ne ke ikutloa eka ke qhekella Jehova.” O re: “Ke ne ke se ke sa khone ho fa Jehova nako eo ke neng ke e beheletse ka thōko bakeng sa tšebeletso ea hae.” Kaha Gregorio le Marilou ba ne ba sa thabele boemo boo, ka letsatsi le leng ba ile ba lula fatše hore ba ke ba buisane ka tsela eo ba neng ba phela ka eona. Gregorio o re: “Re ne re batla  ho etsa liphetoho, empa re sa tsebe hantle hore na re lokela ho etsa’ng. Re ile ra shebisana hore na re ka sebeletsa Jehova ka botlalo joang, haholo-holo hobane ha re na bana. Re ile ra rapela Jehova hore a re tataise.”

Ka nako eo, ba ne ba utloile lipuo tse ’maloa tse buang ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso. Gregorio o re: “Re ile ra nka hore Jehova o araba lithapelo tsa rōna ka lipuo tsena.” Banyalani bao ba ile ba rapella tumelo e eketsehileng e le hore ba ka ba le sebete sa ho etsa qeto e nepahetseng. Empa bothata bo boholo e ne e le ntlo ea bona e neng e ntse e hahuoa. Ba ne ba se ba qetile lilemo tse tharo ba ntse ba e lefella. Ba ne ba tla etsa joang? Marilou o re: “Haeba re ne re hlakola tumellano eo, re ne re tl’o lahleheloa ke bokhothokhotho ba chelete eo re neng re se re e lefile. Empa re ile ra ho nka e le taba ea ho khetha hore na re beha thato ea Jehova pele kapa re etsa seo rōna re se batlang.” Ba nahanne ka mantsoe a moapostola Pauluse a mabapi le ho ‘amohela tahlehelo,’ ba ile ba hlakola tumellano ea ntlo, ba tlohela mosebetsi, ba rekisa boholo ba thepa ea bona ’me ba fallela motseng o hōle sehlekehlekeng sa Palawan, se lik’hilomithara tse ka bang 480 ka boroa ho Manila.—Bafil. 3:8.

BA ILE BA ‘ITHUTA SEPHIRI’

Pele Gregorio le Marilou ba falla ba ne ba lekile ho phela bophelo bo itekanetseng, empa hoo e ne e le linyane ha ho bapisoa le tsela eo ba neng ba tla phela ka eona ha ba fihla sebakeng seo. Marilou o re: “Re ile ra makala haholo. Ho ne ho se na motlakase ho bile ho se na lintho tse ling tse etsang hore bophelo bo be bonolo. Ho e-na le hore motho a tobetse konopo feela e be pitsa lia hoba, re ne re lokela ho ratha patsi pele, re ntan’o pheha. Ke ne ke hloloheloa ho ea setsing sa mabenkele, ho ja reschorenteng le lintho tse ling tse etsoang litoropong.” Leha ho le joalo, banyalani bao ba ile ba lula ba ikhopotsa lebaka le entseng hore ba fallele moo, ’me ho e-s’o ee kae ba ile ba tloaela makhulo. Marilou o re: “Hona joale ke thabela ho boha botle ba pōpo, ho akarelletsa le linaleli tse khanyang bosiu. Ka holim’a tsohle, re thaba haholo ha re bona lifahleho tse thabileng tsa batho bao re ba bolellang litaba tse molemo. Ka ho sebeletsa mona, re ‘ithutile sephiri’ sa ho khotsofala.”—Bafil. 4:12.

“Ha ho ntho e ka bapisoang le thabo e tlisoang ke ho bona khōlo ea moea. Re bona bophelo ba rōna bo e-na le morero ho feta neng kapa neng.”—Gregorio le Marilou

Gregorio o re: “Ha re fihla mona ho ne ho e-na le Lipaki tse ’nè feela. Li ile tsa thaba haholo ha ke ne ke qala ho beha puo ea phatlalatsa beke le beke le ha ke ne ke letsa katara ha re bina lipina tsa ’Muso.” Ka selemo feela, banyalani bao ba ile ba bona ha sehlotšoana seo se hōla ho ba phutheho ea bahoeletsi ba 24. Gregorio o re: “Lerato leo re le fumanang phuthehong ena, le re ama maikutlo.” Kajeno, ha ba hetla morao lilemong tse tšeletseng tseo ba sebelelitseng ka tsona sebakeng seo se ka thōko, ba re: “Ha ho ntho e ka bapisoang le thabo e tlisoang ke ho bona khōlo ea moea. Re bona bophelo ba rōna bo e-na le morero ho feta neng kapa neng.”

 “KE ‘LATSOITSE ’ME KE BONE HORE JEHOVA O MOLEMO’!”

Naheng ea Philippines, bara le barali babo rōna ba ka bang 3 000 ba ile libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso. Ba ka bang 500 ke baralib’abo rōna ba masoha. Ka mohlala nahana ka Karen.

Karen

Karen eo hona joale a ka bang lilemo li 25, o hōletse Baggao Cagayan. Ha a ntse a hōla, o ne a atisa ho nahana ka ho eketsa tšebeletso ea hae. O re: “Kaha kea tseba hore nako e setseng e lekane motinyane le hore batho ba mefuta eohle ba lokela ho utloa molaetsa oa ’Muso, ke ne ke batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi.” Le hoja ba bang ba beng ka eena ba ne ba mo khothalletsa ho hahamalla thuto e phahameng ho e-na le ho fallela sebakeng se hōle ho ea bolela litaba tse molemo, Karen o ile a rapela Jehova hore a mo tataise. Hape o ile a bua le ba sebeletsang libakeng tse ka thōko. Ha a le lilemo li 18, o ile a fallela tikolohong e bohōle ba lik’hilomithara tse 64 ho tloha toropong ea habo.

Phutheho e nyenyane eo Karen a neng a il’o sebetsa le eona e hlokometse tšimo e lithabeng tse ikhohlileng ka lebōpo la Leoatle la Pacific. Karen o re: “E le hore re il’o fihla phuthehong e ’ngoe e ncha ha re tloha Baggao, re ile ra tsamaea matsatsi a mararo, re nyolosa le ho theosa lithabeng ra ba ra tšela linōka ka makhetlo a fetang 30.” O phaella ka ho re: “E le hore ke fihle moo lithuto tse ling tsa ka tsa Bibele li lulang teng, ke lokela ho tsamaea lihora tse tšeletseng, ke robaletse ha thuto e ’ngoe, ’me letsatsing le hlahlamang ke tsamaee lihora tse ling tse tšeletseng ho khutlela hae.” Na o sebeletsa lelea? Karen o oa bobotheha ’me o phaella ka ho re: “Ka linako tse ling ke khutla maoto a opa, empa ke ee be ke khannile lithuto tsa Bibele tse ka bang 18. Ke ‘latsoitse ’me ke bone hore Jehova o molemo’!”—Pes. 34:8.

“KE ITHUTILE HO ITŠETLEHA KA JEHOVA”

Sukhi

Ke’ng e ileng ea susumelletsa Sukhi e leng morali’abo rōna ea lilemo tse ka holimonyana ho 40 ea lulang United States, ho fallela Philippines? Ka 2011 o ile a ea kopanong ea potoloho moo ho ileng ha buisanoa le banyalani ba bang. Ba ile ba hlalosa hore ba ile ba rekisa boholo ba thepa ea bona e le hore ba ka ea Mexico ho ea thusa ka mosebetsi oa boboleli. Sukhi o re: “Puisano eo e ile ea etsa hore ke qale ho nahana ka lipakane tseo ke neng ke e-s’o ka ke nahana ka tsona.” Ha Sukhi eo e leng Moindia ka tlhaho a utloa hore ho ne ho hlokahala thuso e khōlō ho finyella batho ba buang Sepunjabi ba lulang Philippines, o ile a etsa qeto ea ho ea thusa. Na o ile a thulana le mathata?

Sukhi o re: “Ho etsa qeto ea hore na ke tla rekisa lintho life ke siee life, ho ne ho le boima ho feta kamoo ke neng ke nahanne kateng. Ntle ho moo, ka mor’a ho itulela hantle foleteng ea ka ka lilemo tse 13, ke ile ka tlameha ho lula le beng ka ’na ka nakoana. Ho ne ho se bonolo, empa eo e ne e le tsela e molemo ea ho  itokiselletsa ho phela bophelo bo itekanetseng.” O ile a thulana le mathata afe ka mor’a hore a fallele Philippines? O re: “Bothata bo boholo ke hore ke ne ke tšaba likokoanyana haholo, ke bile ke hloloheloa hae. Ke ile ka ithuta ho tšepa Jehova ho feta neng kapa neng!” Na e ne e le tšenyo ea nako? Sukhi o oa bobotheha ’me o re: “Jehova o re, ‘Ntekeng, hore na ebe nke ke ka le tšollela tlhohonolofatso.’ Ke bona kamoo mantsoe ao a phethahalang kateng ha mong’a ntlo a mpotsa a re, ‘U tla khutla neng? Ke na le lipotso tse ling tse ngata.’ Ruri ke thaba haholo ebile kea khotsofala ha ke khona ho thusa batho ba lapetseng ’nete!” (Mal. 3:10) Sukhi o phaella ka ho re: “Ntho e thata ka ho fetisisa e ne e le ho etsa qeto ea ho falla. Ka mor’a ho e etsa, e ile ea e-ba ntho e hlollang ho bona kamoo Jehova a ileng a etsa hore lintho li tsamaee hantle kateng.”

“KE ILE KA HLŌLA TŠABO”

Sime, e leng mor’abo rōna ea nyetseng eo hona joale a leng lilemo li ka holimo ho 35, o ile a tloha Philippines ho ea sebetsa mosebetsi o hlamatsehang naheng e ’ngoe e Bochabela bo Hare. Ha a le moo, khothatso eo Sime a ileng a e fumana ho molebeli oa potoloho le puong e ileng ea behoa ke setho sa Sehlopha se Busang e ile ea mo susumelletsa ho etelletsa Jehova pele bophelong ba hae. Sime o re: “Ke ile ka ferekana haholo ha ke nahana ho tlohela mosebetsi.” Leha ho le joalo, o ile a o tlohela ’me a khutlela Philippines. Kajeno, Sime le mosali oa hae, Haidee ba sebeletsa Davao del Sur e karolong e ka boroa ho Philippines, moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata ho koahela tšimo ea moo e sabaletseng. Sime o re: “Ha ke hetla morao, ke leboha haholo hore ebe ke ile ka hlōla tšabo ea ho tlohela mosebetsi ’me ka beha Jehova pele bophelong ba ka. Ha ho na ntho e khotsofatsang bophelong joaloka ho fa Jehova sohle seo motho a nang le sona!”

Sime le Haidee

“HO RE KHOTSOFATSA HAHOLO!”

Ha Ramilo le Juliet, banyalani ba bo-pula-maliboho ba lilemo li ka holimonyana ho 30 ba utloela hore phutheho e ’ngoe e lik’hilomithara tse 30 feela ho tloha moo ba lulang e hloka thuso, ba ile ba ithaopela ho e tšehetsa. Kahoo, beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho bata kapa ho chesa Ramilo le Juliet ba ne ba nka leeto ka sethuthuthu e le hore ba be teng libokeng le hore ba be le seabo mosebetsing oa boboleli. Le hoja ho tsamaea litseleng tse tletseng likoti le ho tšela marokho a tšoeroeng ka liropo ho se bonolo, baa thaba hore ebe ba ile ba eketsa tšebeletso ea bona. Ramilo o re: “’Na le mosali oa ka re qhoba lithuto tsa Bibele tse 11! Ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ho akarelletsa ho tela lintho tse itseng, empa ho re khotsofatsa haholo!”—1 Bakor. 15:58.

Juliet le Ramilo

Na u ka rata ho tseba haholoanyane ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso naheng ea heno kapa naheng e ’ngoe? Haeba ho joalo, buisana le molebeli oa potoloho, u be u bale le sehlooho se reng, “Na U ka ‘Tšelela Macedonia’?” Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 2011.