Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto e Iqapetsoeng ea 6: Molimo o Amohela Tšebeliso ea Liemahale le Litšoantšo Borapeling

Thuto e Iqapetsoeng ea 6: Molimo o Amohela Tšebeliso ea Liemahale le Litšoantšo Borapeling

Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?

“Ho ne ho sa sebelisoe litšoantšo borapeling ba Bakreste ba boholo-holo . . . Lekholong la bone le la bohlano la lilemo ho ile ha qaloa ho sebelisoa litšoantšo ka kerekeng e le ha ho buelloa taba ea hore batho ba sa tsebeng letho ba ka khona ho utloisisa litaba tsa Bokreste habonolo ha ho sebelisoa litšoantšo ho feta ha ba mametse se rutoang kapa ba bala libuka.”—Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, e ngotsoeng ke McClintock le Strong, Volume 4, leqepheng la 503 le la 504.

Bibele e ruta eng?

“U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa.” (Exoda 20:4, 5, Bibele ea Sesotho) Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a re: “Bana ba banyenyane, le itebele litšoantšong tse rapeloang.”—1 Johanne 5:21.

Na joalokaha likereke li bolela, litšoantšo e mpa feela e le mokhoa oa ho atamela haufi le seo li se tšoantšetsang, hammoho le ho se hlompha? The Encyclopedia of Religion e re: “Qalong, e ka ’na eaba litšoantšo li ne li sebelisetsoa ho ruta le ho khabisa; kapa bonyane ke kamoo li neng li buelloa kateng. Empa bonneteng, ho e-s’o ee kae feela li ile tsa be li se li rapeloa. Sena ke sona se ileng sa etsahala ka ho khetheha ho Maorthodox a Bochabela hore litšoantšo li fetohe ntho e khōlō ho bona.” Leha ho le joalo, ka nepo moprofeta Esaia o ile a botsa: “Molimo le tla o tšoantša ka mang? Setsoantšo ke sefe [seo] le ka se bapisang le oona?”—Esaia 40:18, Bibele ea Sesotho.

Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Esaia 44:13-19; Liketso 10:25, 26; 17:29; 2 Bakorinthe 5:7

THUTO EA ’NETE:

Molimo ha a amohele tšebeliso ea litšoantšo le liemahale borapeling

U SE KE UA LUMELA LITHUTO TSE IQAPETSOENG, TŠOARELLA ’NETENG

Re ka etsa qeto efe ka lithuto tsee tse ’maloa tse iqapetsoeng tseo re qetang ho li hlahloba, tseo likereke tse ngata li ntseng li li ruta? “Lipale tsena [myʹthos, ka Segerike] tse iqapetsoeng ka matšoephelele” li ke ke tsa hlōla ’nete ea Bibele e bonolo le e khothatsang.—2 Petrose 1:16, The New English Bible.

Ka hona, behella boikutlo ba leeme ka thōko ’me u se ke ua tsilatsila ho bapisa Lentsoe la Molimo—e leng mohloli oa ’nete—le seo u ’nileng ua se rutoa. (Johanne 17:17) Joale u tla bona ha tšepiso ena e phethahala: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.