Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Lengolo le Tsoang Greece

Ho Bolela Karolong e Hōle ka ho Fetisisa Europe Boroa

Ho Bolela Karolong e Hōle ka ho Fetisisa Europe Boroa

LITHABA tse ntle tsa Levká tsa sehlekehleke sa Kreta li ile tsa nyamela butle ha sekepe sa rōna se ntse se atamela thota e nyenyane e ntseng e hlahella bohareng ba Leoatle la Mediterranean. Ka sekepeng, ho ne ho e-na le batho ba 13 ba nkileng leeto, ba lebeletse ka tjantjello ho ea bolella batho ba sehlekehlekeng sa Gavdos ka Bibele. Sehlekehleke sena se ka boroa bo hōle ka ho fetisisa Europe ’me ha u sheba ’mapeng se hlaha e le letheba le nyenyane.

Ho ne ho bonahala eka re tla ba le leeto le monate kaha e ne e le hlabula ebile ho chesa. Empa ka tšohanyetso moea o matla o ile oa qala ho puputla leoatleng hoo sekepe sa rōna se ileng sa qala ho tlōla-tlōla joaloka bolo ka metsing. Ke ile ka kula ka lebaka la ho tsukutleha ha sekepe eaba ke hopola tlaleho ea Bibele e buang ka moapostola Pauluse, ea ileng a kopana le sefefo se matla hona metsing ana lilemong tse makholo tse fetileng—ha Gavdos e ne e bitsoa Kauda. (Liketso 27:13-17) Ke tšepa hore re tla fihla re sireletsehile Gavdos.

Trypití Cape, karolo e hōle haholo ka boroa ba Europe

Ha ba ha re nk’hu! ha re bona moo re eang, ho hlahella sehlekehleke se tletseng mafika le lilomo. Se batla se bataletse ’me se ka ba bophahamo ba limithara tse 300 feela ebile ha se na lithaba. Sehlekehleke sena se lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 26, se tletse lifate tsa phaene le lihlahla. Libakeng tse ling, lifate tsa junipere li theosa ho ea fihla lebōpong la leoatle.

Sehlekehleke sena se kile sa ba le baahi ba ka bang 8 000. Empa kajeno, se se se e-na le baahi ba ka tlaase ho 40. Ho bonahala tsoelo-pele e sa ka ea fihla sehlekehlekeng sena sa Gavdos. Le hoja likepe tse khōlō tse tsamaisang thepa kapa oli li atisa ho feta le mona, ho na le seketsoana se tsoang Kreta se tlang hanngoe ka mor’a nako sehlekehlekeng sena ’me hangata se lieha ho tla kapa ho hang se sitoa ho tla ka lebaka la boemo bo bobe ba leholimo.

Re tliselitse batho ba Gavdos ntho e ’ngoe e thabisang le e khothatsang—e leng tšepo ea ho ba le bokamoso bo molemo ka ho fetisisa le ea ho phela ka ho sa feleng re sa kule. Ha sekepe sa rōna se ntse se itokisetsa ho ema, re ne re se re ntse re labalabela ho ea bolella batho ba moo litaba tseo tse molemo.

Ka mor’a ho akhotsoa ke leoatle ka lihora tse ’nè le halofo, lifahleho tsa rōna tse putsoa li ne li bontša hantle hore leeto la Gavdos le ne le hlile le nyolosetsa. Empa re ile ra hlapholoa ke ho re shoa! ka nakoana le ho noa kofi. Ka mor’a ho tšohla tlaleho ea Bibele e buang ka leeto la moapostola Pauluse ka bokhutšoaane hammoho le ho rapela ka tieo, re ne re se re le malala-a-laotsoe ho oela temeng.

 Batho ba moo ba ne ba le botsoalle ba bile ba amohela baeti. Ba ne ba re memela malapeng a bona le ho re phomosetsa ka lijo tse bobebe. Kantle le ho ba bolella litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng re ile ra boela ra bontša kananelo ka hore re ba thuse ha ho hlokahala. Ha re ntse re bua le ’mè e mong, mor’abo rōna ea tsebang ho lokisa lintho tsa motlakase, o ile a hlokomela sesebelisoa se seng se hlokang ho lokisoa khoebong ea ’mè eo eaba o ithaopela ho se lokisa. ’Mè enoa o ile a hlolloa. Eaba o amohela lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele a ba a re babatsa ka mosebetsi oa rōna. ’Mè e mong eena o ile a bontša kananelo ea hae ka mantsoe ana, “Mosebetsi oa lōna ke oa Molimo eseng oa batho, ’me sena se totobetse kaha le tlile ho tla bolela sehlekehlekeng sena se hōle.”

Ho bonahala batho ba ne ba ananela lingoliloeng tsa Bibele tseo re tlileng le tsona. Monna e mong o ile a nka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me a kōpa le lingoliloeng tse ling tseo a tla li bala likhoeling tsa mariha. Monna e mong eena o ile a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng e le hore a li behe lebenkeleng la hae bakeng sa bareki. O ile a re fa aterese ea hae e le hore re ka mo romella limakasine khoeli le khoeli. Batho ba lelapa le leng ba ile ba thaba haholo ha re ba bontša hore sehlekehleke sa bona se senyenyane se teng ka Bibeleng. Hape ba ile ba amohela limakasine tsa rōna ba thabile.

Mohaho oa batšoaruoa o Koung ea Sarakíniko le letlapa le nang le mabitso a bona

Le hoja tsela eo batho ba ileng ba re amohela ka eona e ne e khothatsa, ho etela Gavdos ho ile ha tsosetsa ba bang ba rōna maqeba a khale. Haufi le Kou ea Sarakíniko ho ne ho e-na le mohaho oo batšoaruoa ba lipolotiki ba neng ba isoa ho oona. Emmanuel Lionoudakis, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a tlisoa mona e le motšoaruoa qetellong ea lilemo tsa bo-1930 ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. * Gavdos ea mehleng eo e ’nile ea tsejoa e le “sehlekehleke se letsoatlare se neng se tletse liphepheng tse kotsi feela, moo ba bangata . . . ba ileng ba shoa ka lebaka la tlala, ho hloka lintho tsa ho iphelisa le maloetse, [sebaka] seo ka nepo ba bang ba ileng ba se bitsa sehlekehleke sa lefu.” E le hore a fumane se eang ka maleng, Lionoudakis o ne a tšoasa litlhapi, empa kaha e ne e le eena feela Paki mona o ne a boetse a phathahane le ka ho bolella batšoaruoa-’moho le eena ka Bibele. Morali oa hae, mokhoenyana le setloholo, ba ile ba ameha habohloko ha ba bona moo a neng a lula teng lilemo tse ka bang 70 tse fetileng. Mohlala oa hae o re khothalletsa hore re lule re tšepahala re bile re le mafolofolo mosebetsing oa ho bolela.

Gavdos e ne e le sebaka seo batšoaruoa ba neng ba sa rate ho ba ho sona. Empa rōna ha re ntse re bolela hohle sehlekehlekeng sena ka mafelo-beke ana, re ile ra fumana e le sebaka se nang le batho ba botsoalle le ba amohelang baeti ra ba ra ba fa limakasine tse 46 le libukana tse robong. Re lebeletse ka tjantjello e khōlo ho boela re bona metsoalle eo ea rōna e mecha.

Ho e-so ee kae, e ne e se e le nako ea hore re tsamaee. Empa ha rea ka ra tsamaea ka hora ea bohlano thapama e leng nako eo re neng re e behile, kaha boemo ba leholimo bo ne bo se bo le bobe hape. Re ile ra itokisetsa ho tloha har’a mp’a bosiu re se re ntse re tseba hore re tlil’o ba le leeto le leng hape le boima. Qetellong re ile ra tloha ka hora ea boraro hoseng ’me ka mor’a ho akhotsoa ke leoatle le mabifi ka lihora tse hlano kaofela, re ile ra qetella re fihlile Kreta. Re ile ra theoha sekepeng re khathetse haholo mangole a rōna a bile a tšerema, empa re ne re thabile haholo hore ebe re ile ra khona ho tsebisa batho lebitso la Jehova sehlekehlekeng sa Gavdos. (Esaia 42:12) Ha ho le ea mong oa rōna ea ikoahlaeang ka boiteko boo re bo entseng. Mathata ao re thulaneng le ’ona leetong lena re tla a lebala empa re kholisehile hore lena hase leeto leo re tla ke re le lebale.

^ ser. 11 Bala pale ea bophelo ea Emmanuel Lionoudakis, Molula-Qhooeng oa September 1, 1999, leqepheng la 25-29.