Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Lengolo le Tsoang Benin

Ebe ke Tla Tsoa Joang Bothateng Boo?

Ebe ke Tla Tsoa Joang Bothateng Boo?

E NE e le hoseng ho tloaelehileng Afrika Bophirimela. Monko o monate oa sopho le raese o ne o tletse hohle moeeng. Basali ba ne ba tsamaea ba roetse lithōtō tse khōlō hloohong ba iteseletse. Ho ne ho utloahala batho ba keketehang ka thabo le ba buisanang ka cheseho. Ha le chaba feela, letsatsi le ne le se le ntse le chesa.

Eitse hang ha sehlopha sa bana se bona Yovo, kapa lekhooa, sa qala ho bina pina ea sona e tloaelehileng le ho tantša. Pina eo e ne e qala ka hore “Yovo, Yovo, bon soir” ebe ha ba qeta ba re “Re kōpa u re fe chelete.” Moshanyana e mong eena o ne a sa bine. Ha ke ntse ke tsamaea, o ile a ntšala morao ’me a nketsetsa pontšo e itseng ka matsoho. E ne eka ke puo ea matsoho. Ha ke le United States, ke ne ke ithutile ho peleta mantsoe ka Puo ea Matsoho ea Amerika, empa joale naheng ea Benin ho buuoa Sefora.

Ke ile ka sokola ho peleta litlhaku tse robeli tsa lebitso la ka. Moshanyana eo o ile a bososela ka thabo e khōlō. Eaba o ntšoara ka letsoho ’me o ntsamaisa literateng tse tšesaane o nkisa habo, ntlong e likamore li peli e hahiloeng ka setene. Ba lelapa labo ba ile ba bokana. Kaofela ba ne ba bua ka matsoho. Ebe joale ke ne ke tla etsa joang? Ke ile ka ba bolella lebitso la ka ka puo ea matsoho eaba ke ba ngolla hore ke moromuoa ea rutang batho Bibele le hore ke tla khutlela ho bona hape. Baahelani ba bang ba utloang litsebeng ba ile ba tla ’me kaofela ba ōma ka hlooho ka tumellano. Ke ile ka ipotsa ka re, ‘Ebe ke tla tsoa joang bothateng boo?’

Ha ke se ke le hae ke ile ka nahana ka re, ‘Ho lokela ho be le motho ea ka thusang batho bana ho ithuta ka tšepiso ena ea Molimo e reng: “Litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.”’ (Esaia 35:5) Ke ile ka etsa lipatlisiso. Ha ho ne ho baloa sechaba Benin, ho ile ha bontšoa hore ho na le batho ba 12 000 ba sa utloeng litsebeng le ba utloang ka thata. Ke ile ka thaba ha ke fumana hore likolong tsa batho ba sa utloeng litsebeng ho sebelisoa Puo ea Matsoho ea Amerika, eseng ea Fora. Empa ka soetseha ha ke elelloa hore ha ho na le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova mona ea tsebang Puo ea Matsoho ea Amerika. Ke ile ka bua le Paki e ’ngoe ea moo ke nyahame, ka re, “Ke lakatsa eka ho ka ba le motho ea tsebang Puo ea Matsoho ea Amerika ea ka tlang mona ho tla thusa.” E ile ea re ho ’na, “U s’u le teng mona, u sa batla’ng joale?” E ne e nepile! Ke ile ka odara buka ea ho ithuta puo ea matsoho le li-DVD tsa Puo ea Matsoho ea Amerika tse hatisoang  ke Lipaki Tsa Jehova. Lithapelo tsa ka li ile tsa arajoa ha Paki e ’ngoe ea Cameroon e tsebang Puo ea Matsoho ea Amerika hantle e fallela Benin.

Batho ba bangata ba ile ba tseba hore ke ntse ke ithuta puo ea matsoho. Ke ile ka bolelloa hore ke etele Brice, eo e neng e le motaki oa matšoao. Sebaka seo a neng a sebeletsa ho sona se ne se entsoe ka makala a palema a rōkeletsoeng hammoho ’me se ne se kenya moea o khathollang le hoja ho ne ho chesa. Mabota a ne a le mebala-bala hobane ka lilemo tse ngata o ne a hlakolela maborashe ho ’ona. O ile a hlakola lerōle litulong tse ’maloa eaba o ntonela mahlo a emetse hore ke qale. Eaba ke kenya DVD ka mochineng o bapalang li-DVD. O ile a hulela setulo sa hae pel’a mochine. Eaba o re ka puo ea matsoho “Kea utloisisa! Kea utloisisa!” Bana ba motseng ba ile ba bokana, ba thamola melala e le hore ba bone se etsahalang. E mong o ile a phasoloha a re, “Ke hobane’ng ha ba shebeletse filimi empa ho se na molumo?”

Nako le nako ha ke ne ke khutla ho tla bona Brice, sehlopha sa batho ba neng ba tlile ho tla shebella DVD se ne se lula se eketseha. Kapele feela, Brice le ba bang ba ile ba qala ho tla libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Ho leka ho ba tolokela ho ile ha nthusa hore ke ithute puo ea matsoho ka potlako. Ha sehlopha seo se ntse se eketseha, ba bang ba ne ba bile ba itlisa. Ka mohlala, ka letsatsi le leng koloi ea ka ea khale e ile ea khehlemana habohloko ha e khetšemela tseleng e likoti e le ha ke leka ho qoba lipōli le likolobe tse neng li hlahlathela. Eaba ka tšohanyetso ke utloa ntho e otlang koloi ka morao. Ke ile ka re: ‘Jonna, e se ka mpa eaba e robehile hape!’ Che, e ne e mpa e le monna ea sa utloeng litsebeng, a lelekisa koloi ea ka a leka ka hohle hore ke mo hlokomele—ka hore a e otle!

Lihlopha tsa Puo ea Matsoho ea Amerika li ile tsa hōla metseng e meng e meholo. Eitse ha ho hlophisoa hore puo ea matsoho e be teng kopanong ea rōna ea selemo le selemo, ke ile ka ba e mong oa ba kōptjoang ho toloka lipuo. Ha ke hloella sethaleng ke emetse hore sebui se qale, ka nakoana ke ile ka hopola ha ke ne ke qala kabelo ea ka. Ke ne ke ee ke ipotse, ‘Ebe nka etsa’ng e eketsehileng Afrika moo ke le moromuoa?’ Ha ke sheba bamameli, ke ile ka tseba hore ke fumane karabo—ea hore ke be moromuoa ea thusang batho ba sa utloeng litsebeng. Hona joale ha ke sa ipotsa hore na, ‘Ebe ke tla tsoa joang bothateng boo?’