Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likoluoa Tsa Tlhaho—Na ke Bopaki ba Hore Molimo o Sehlōhō?

Likoluoa Tsa Tlhaho—Na ke Bopaki ba Hore Molimo o Sehlōhō?

BATHO BA BANG BA RE: “Molimo ke eena ea busang lefatše, kahoo o baka likoluoa tsa tlhaho; ka hona e tlameha ebe o sehlōhō.”

BIBELE E RE: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) “Ea khopo” ke mang? Bibele e re ke Satane. (Matheu 13:19; Mareka 4:15) Na u nahana hore eo ke taba e sa utloahaleng? Ak’u nahane ka sena: Haeba Satane ke eena ea busang lefatše, joale o susumetsa batho hore e be baithati, ba be meharo, ba se ke ba shebela lintho pele. Na seo ha se re thuse ho utloisisa lebaka leo ka lona batho ba senyang tikoloho ea lefatše hakaale? Litsebi tse ngata li lemosa hore ho senya tikoloho ho ka ’na ha phetha karolo e khōlō tabeng ea ho baka likoluoa tsa tlhaho, ho li mpefatsa, kapa ho etsa hore batho ba be kotsing le ho feta.

Joale ke hobane’ng ha Molimo a lumella Satane hore a be le tšusumetso e kaale? E le hore re fumane karabo re lokela ho nahana ka se ileng sa etsahala qalong ea moloko oa batho, ha batsoali ba rōna ba pele ba ne ba fetohela Molimo e le ’Musi. Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba latetse eona tsela eo. Seo ba ileng ba se khetha—e leng ho hana ho busoa ke Molimo—se entse hore lefatše le busoe ke sera sa Molimo, e leng Satane. Kahoo Jesu o ile a re Satane ke “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Na Satane o tla busa ka ho sa feleng? Le hanyenyane!

Jehova * ha a iphapanyetse mahlomola a bakoang ke Satane. Ha e le hantle, Molimo o ameha haholo ha batho ba utloa bohloko. Ka mohlala, ha e bua ka linako tse thata tseo sechaba sa Iseraele se ileng sa feta ho tsona, Bibele e re ka Molimo: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Kahobane o mohau, Molimo o se a entse tokisetso ea hore haufinyane a felise puso e khopo ea Satane. O khethile Mora oa hae, Jesu Kreste, hore e be Morena oa ka ho sa feleng ea nang le toka le ea lokileng.

KAMOO TABA ENA E U AMANG KATENG: Le hoja puso ea Satane e hlōlehile ho sireletsa batho likoluoeng tsa tlhaho, puso ea Jesu e tla ba sireletsa. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a sireletsa barutuoa ba hae sefefong se mabifi. Tlaleho ea Bibele e re: “Eaba oa tsoha ’me o khalemela moea ka matla o re ho leoatle: ‘Thōla! Khutsa!’ Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.” Eaba barutuoa ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, hobane esita le moea le leoatle lia mo mamela?” (Mareka 4:37-41) Ketsahalo eo e re fa tšepo ea hore Jesu o tla sireletsa batho bohle ba mamelang ha a busa e le Morena.—Daniele 7:13, 14.

^ ser. 5 Jehova ke lebitso la Molimo joalokaha le hlaha ka Bibeleng.