Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale hore lefatše le be le khotso?

Khotso ea lefatše e tla tlisoa feela ke ’muso o ka fetolang lipelo tsa batho

Bibele e fana ka mabaka a mabeli a ka sehloohong. La pele ke hore le hoja batho ba finyeletse lintho tse babatsehang, ha baa bōptjoa ba e-na le matla a ho tsamaisa mehato ea bona. La bobeli ke hore maano a batho aa hlōleha kaha “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane Diabolose. Kahoo, batho ba hlōlehile ho tlisa khotso lefatšeng.Bala Jeremia 10:23; 1 Johanne 5:19.

Kaha batho ke baithati ba bile ba rata botumo, ba entse hore khotso e be sieo lefatšeng. Khotso ea lefatše e tla tlisoa feela ke ’muso o ka rutang batho ho rata ho loka le ho hlokomelana.—Bala Esaia 32:17; 48:18, 22.

Ke mang ea tla tlisa khotso lefatšeng?

Molimo ea Matla ’Ohle o tšepisitse hore o tla hloma ’muso o tla busa batho bohle. O tla nkela mebuso ea batho sebaka. (Daniele 2:44) Jesu, Mora oa Molimo, o tla busa e le Khosana ea Khotso. O tla felisa bokhopo lefatšeng lohle ’me a rute batho ho phela ka khotso.Bala Esaia 9:6, 7; 11:4, 9.

Hona joale, batho ba limilione lefatšeng lohle, bao Jesu a ba tataisang ba sebelisa Lentsoe la Molimo, Bibele, ho ruta batho hore ba phelisane ka khotso. Haufinyane khotso e tla ba teng lefatšeng.Bala Esaia 2:3, 4; 54:13.