Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE: KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO HLAHLOBA BOLUMELI BA HAO?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlahloba Bolumeli ba Hao?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlahloba Bolumeli ba Hao?

A re re u kulela lefu ’me ho hlokahala hore u etse opereishene. U lokela ho tšepa ngaka ka ho feletseng kaha bophelo ba hao bo matsohong a eona. Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e bohlale ho hlahloba hore na e tseba mosebetsi oa eona hakae?

Ka ho tšoanang, ke bohlale hore u hlahlobe bolumeli ba hao ka hloko. Ho fumana bophelo bo sa feleng ho itšetlehile ka hore na motho ke oa bolumeli bofe.

Jesu o re behetse melao ea motheo e ka re thusang ho bona hore na bolumeli ba rōna ke ba ’nete kapa che. O ile a re: “Sefate ka seng se tsejoa ka litholoana tsa sona.” (Luka 6:44) Ka mohlala, ha u hlahloba bolumeli bo itseng, u bona bo beha litholoana life? Na baeta-pele ba bolumeli boo ba amehile haholo ka chelete? Na litho tsa bona li latela melao-motheo ea Bibele tabeng ea ntoa le boitšoaro? Qetellong, na ho na le bolumeli boo u ka bo tšepang? Re kōpa hore u hlahlobe lihlooho tse latelang.

“Sefate ka seng se tsejoa ka litholoana tsa sona.”—Luka 6:44