Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BABALI BA BATLA HO TSEBA . . .

Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ka Bibeleng ba sa Boleloa ka Mabitso?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ka Bibeleng ba sa Boleloa ka Mabitso?

Bukeng ea Bibele ea Ruthe, monna ea ileng a hana ho phetha boikarabelo ba hae ho latela Molao oa Moshe o bitsoa feela hore ke ’Nyeo. (Ruthe 4:1-12) Na re ka fihlela qeto ea hore batho bohle ba sa boleloang ka mabitso ka Bibeleng, ha baa boleloa ka mabitso hobane e le batho ba babe kapa e se ba bohlokoa?

Che. Nahana ka mohlala o mong. E le hore barutuoa ba hae ba lokisetse lijo tsa Paseka ea hae ea ho qetela, Jesu o ile a ba bolella hore ba ‘kene motseng ba ee ho ’Nyeo [“motho ea itseng,” The New English Bible]’ ’me ba lokise lintho lapeng la hae. (Matheu 26:18) Na re lokela ho nka hore motho eo ea bitsoang “’Nyeo” temaneng eo e ne e le motho ea mobe kapa e ne e se motho oa bohlokoa hakaalo hore a ka boleloa ka lebitso? Ho hang ha ho joalo; ha ho pelaelo hore “motho ea itseng” eo ho buuoang ka eena temaneng eo e ne e le morutuoa oa Jesu. Kaha lebitso la hae e ne e se ntho ea bohlokoa tlalehong eo, ha lea ka la boleloa.

Ho feta moo, Bibele e na le mabitso a batho ba bangata ba khopo; e boetse e na le mehlala ea batho ba bangata ba tšepahalang ba sa boleloang ka mabitso. Ka mohlala, lebitso la mosali oa pele, e leng Eva, le tsebahala haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la boithati ba hae le ho se mamele, o ile a kenya letsoho hore Adama a etse sebe, se ileng sa hlahisetsa batho bohle litholoana tse bosula. (Baroma 5:12) Ho fapana le moo, ha ho na moo Mangolo a bolelang lebitso la mosali oa Noe, empa re hlolloa ke boitelo ba hae, moea oa ho mamela oo a ileng a o bontša ha a ne a tšehetsa monna oa hae mosebetsing oa bohlokoa. Ho hlakile hore taba ea hore ebe ha aa boleloa ka lebitso ha e bontše hore e ne e se motho oa bohlokoa kapa hore Jehova o ne a sa mo amohele.

Ho na le batho ba bang tlalehong ea Bibele ba ileng ba phetha karolo ea bohlokoa—esita le ho bontša sebete—morerong oa Jehova. Nahana ka ngoananyana oa Moiseraele eo e neng e le lekhoba ntlong ea Naamane, molaoli oa lebotho la Syria. O ile a iteta sefuba ’me a bua le mong’a hae, e leng mosali oa Naamane ka moprofeta oa Jehova ea leng Iseraele. Sena se ile sa etsa hore ho be le mohlolo o moholo. (2 Marena 5:1-14) Morali oa moahloli oa Iseraele e leng Jafeta le eena o re behetse mohlala o babatsehang oa ho bontša tumelo. Ka ho rata o ile a tela monyetla oa hore a nyaloe le ho ba le bana e le hore a phethahatse kano eo ntate oa hae a neng a e entse. (Baahloli 11:30-40) Ka ho tšoanang, ho na le baqapi ba lipesaleme tse fetang 40 ba sa boleloang ka mabitso hammoho le baprofeta bao ka botšepehi ba ileng ba phetha mosebetsi oa bohlokoa.1 Marena 20:37-43.

Mohlomong mohlala o babatsehang le ho feta ke oa mangeloi a tšepahalang. Ho na le mangeloi a limilione tse makholo, empa ke a mabeli feela a boleloang ka mabitso ka Bibeleng—Gabriele le Mikaele. (Daniele 7:10; Luka 1:19; Juda 9) A mang ha a boleloe ka mabitso ka Bibeleng. Ka mohlala, Manooa, e leng ntate oa Samsone, o ile a botsa lengeloi a re: “Lebitso la hao u mang, e le hore ka sebele re tle re u hlomphe ha lentsoe la hao le phethahala?” Lengeloi le ile la re’ng? “Ke hobane’ng ha u botsa ka lebitso la ka?” Ka boikokobetso lengeloi leo le ile la hana ho amohela tlotla e neng e lokeloa ho fuoa Molimo feela.Baahloli 13:17, 18.

Hase kamehla Bibele e hlalosang hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba bitsoa ka mabitso ’me ba bang ba sa bitsoe ka mabitso. Empa re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho batho ba tšepahalang ba ileng ba sebeletsa Molimo ba sa lebella ho fumana botumo kapa bophahamo.