Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Bibele e se Buoang?

Seo Bibele e se Buoang?

Na ho hloka toka ho tla ke ho fele?

Uena u ka re’ng?

  • Ee

  • Che

  • Mohlomong

Seo Bibele e se buang

“Ke tseba hantle hore Jehova o tla phethisaTseko ea ea hlorileng, kahlolo ea ba futsanehileng.” (Pesaleme ea 140:12) ’Muso oa Molimo o tla tlisa toka lefatšeng.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Molimo o bona ho hloka toka ho etsahalang lefatšeng, me o tšepisa hore haufinyane o tla ho felisa.—Moeklesia 5:8.

  • Molimo o tla etsa hore batho ba phele ka khotso ba bile ba sireletsehile.—Esaia 32:16-18.

Na Molimo o rata batho ba itseng ho feta ba bang?

Batho ba bang ba lumela

hore Molimo o rata batho ba itseng feela, athe ba bang bona ba lumela hore o re rata kaofela. U nahana joang ka see?

Seo Bibele e se buang

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Kaofela ha rona re ba bohlokoa ho Molimo.

Seo re ka ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Bibele e na le “litaba tse molemo” bakeng sa. . . sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.’—Tšenolo 14:6.