Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 84

A re Eeng

A re Eeng

(Matheu 9:​37, 38)

  1. 1. Jehova Ntate oa rona

    O tseba tlhoko tsa rona

    Le lintho tse re thabisang,

    Ebile o re fa tsona.

    (K’HORASE)

    A re eeng, re rute

    Lichaba tsohle.

    Re li thuse hore li tsebe

    Ka ’Muso oa Jah.

  2. 2. Naheng tsohle tsa lefatše,

    Re hloka baithaopi

    Ho bolela taba tsena

    Tse molemo tse pholosang.

    (K’HORASE)

    A re eeng, re rute

    Lichaba tsohle.

    Re li thuse hore li tsebe

    Ka ’Muso oa Jah.

  3. 3. Re’i thute mekhoa e mecha

    Ea ho thusa batho bohle,

    Re ithute puo tse ling,

    Re khone ho ruta bohle.

    (K’HORASE)

    A re eeng, re rute

    Lichaba tsohle.

    Re li thuse hore li tsebe

    Ka ’Muso oa Jah.