Fetela boitsebisong

Re U Mema Hore U Etele Mehaho ea Bethele ea United States

Re U Mema Hore U Etele Mehaho ea Bethele ea United States

Ka mor’a hore banyalani ba bang ba tsoang Vanuatu ba etele mehaho ea Lipaki Tsa Jehova e United States, ba ile ba re: “Re ke ke ra lebala leeto la rōna la ho ea Bethele.” Batho ba fetang likete tse 70 ba etelang sebakeng sena selemo le selemo, le bona ba ikutloa ka tsela e tšoanang.

Na u kile ua etela mehahong ea Bethele ea United States? Haeba ha u e-s’o e etele, re u mema hore u etse joalo.

U tla bona’ng mehahong ea eona e meraro?

Ntlo-khōlō e Brooklyn, New York. Ha u etela mehahong ena ho na le motho ea tla u bontša eona, hape u tla ithuta tsela eo ho ileng ha etsoa boiteko ba ho hlophisa le ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Ho boetse ho na le libaka tse peli tseo u ka ichebelang histori ea Lipaki Tsa Jehova ho tsona. Sa pele se na le sehlooho se reng, “Batho Bakeng sa Lebitso la Jehova” ’me se hlalosa histori ea batho ba Jehova ho tloha lekholong la pele la lilemo ho fihle mehleng ena. Sa bobeli sona se na le sehlooho se reng, “Bibele le Lebitso la Molimo,” se bontša liphetolelo tse ngata tsa Bibele tse nang le lebitso le ikhethang la Molimo.

Thuto ea Puso ea Molimo, Patterson, New York. Ithute ka likolo tse sebakeng sena, tse kang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le Sekolo sa Litho Tsa Komiti ea Lekala le Basali ba Bona. U tla boela u bone libaka le livideo tse bontšang mosebetsi o etsoang liofising, o akarelletsang lefapha la Litšebeletso Tsa ho Etsa Lirekoto Kapa Livideo, la Molao hammoho le la Tšebeletso.

Lefapha la Khatiso ea Lingoliloeng le la Thomello, Wallkill, New York. Etela sebakeng sena ’me u tla bontšoa kamoo Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li hatisoang, li kopanngoang le ho romeloa kateng liphuthehong tsa United States, Lihlekehlekeng tsa Caribbean le linaheng tse ling.

Ho nka nako e kae ho bona mehaho ee?Ho nka hoo e ka bang hora ho bona Brooklyn; Patterson, tse ka bang tse peli; ’me Wallkill, hoo e ka bang hora le halofo.

 

Ke bo-mang ba tla u bontša libaka tseo?

Ke ba sebetsang mafapheng a sa tšoaneng Bethele. Ba nka hore ho bontša batho mehaho ena, ke karolo ea boiteko ba bona ba ho tšehetsa mosebetsi oa rōna oa ho ruta lefatšeng ka bophara. Ho tloha ka May 2014, ho ne ho e-na le batho ba fetang 5 000 ba sebetsang mehahong ena e meraro ’me ba fetang 3 600 ba bona ba koetliselitsoe ho e bontša batho. Ho na le lipuo tse ka bang 40 tseo batho ba tl’o bona sebaka ba ka khethang ho hlalosetsoa ka e le ’ngoe ea tsona.

Batho ba bonang sebaka ba lefisoa bokae?

Ha ba lefisoe letho.

Na u lokela ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova e le hore u etele moo?

Che. Batho ba bangata ba re etelang hase Lipaki. Lipaki hammoho le batho ba bang, ba tla ithuta ka boiteko bo etsoang ho tšehetsa mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang lefatšeng ka bophara.

Mosali e mong oa Momosleme ea tsoang India o ile a etela Patterson. Ka mor’a ho bona sebaka seo, o ile a re: “Nka thabela ho kenya letsoho mosebetsing ona. Ke leboha haholo tlhompho eo le mpontšitseng eona.”

Na le bana ba ka tla bona mehahong ee?

Hantle haholo! Ha bana ba etela mehahong ena, seo se ka ba ama lipelo. John, e mong oa baeti ea tsoang United States, o re: “Ka mor’a hore re etele Bethele, bana ba neng ba le sehlopheng sa rōna ha ba ome mathe ha ba bua ka lintho tseo ba li boneng moo. Pele ba etele Bethele, ba ne ba sa tsebe hore na ho etsoang moo, empa hona joale ba se ba batla ho sebeletsa teng.”

Na hoa khoneha ho etela mehaho ea Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ling?

E. Batho ba ka bona libaka tsa rōna tse linaheng tse fapaneng. Ho fumana hore na li hokae, sheba leqephe la Liofisi le Boitsebiso bo Mabapi le ho Eta. Re u mema ka mofuthu hore u etele liofisi tsa lekala tsa Lipaki Tsa Jehova.