Fetela boitsebisong

Lipaki Tsa Jehova li Tšoara Likopano Tse Khethehileng Linaheng Tse Supileng

Lipaki Tsa Jehova li Tšoara Likopano Tse Khethehileng Linaheng Tse Supileng

Lipaki Tsa Jehova li sa tsoa tšoara likopano tse khethehileng Brazil, Costa Rica, Hong Kong, Ireland, Iseraele, New Zealand le Sweden. Kopano ea pele ho tseo tse supileng e ne e tšoaretsoe Sweden ka July 2012, ’me tse tharo tsa ho qetela li ile tsa tšoareloa Costa Rica le New Zealand ka January 2013.

Joaloka likopano tse ling tsa matsatsi a mararo tse tšoaroang selemo le selemo tseo re li hlophisang, ho bile le lipuo tsa Bibele, lipontšo le litšoantšiso likopanong tsena tse khethehileng.

Ho ne ho menngoe batho ba tsoang linaheng tse ling hore ba be teng. Pele ho kopano le ka mor’a eona, ho ne ho lokiselitsoe hore ba bone naha eo ba e etetseng.

Motho e mong ea neng a ile kopanong e neng e tšoaretsoe Brazil o ile a re: “E bile ho thabisang ho bona lerato le ikhethang le tsela e mofuthu eo barab’abo rōna ba amohelang baeti ka eona. E ile ea ka ke fumane banab’eso ka ho panya ha leihlo.”

E mong ea neng a ile kopanong e khethehileng Hong Kong, o ile a re: “Ke ile ka ameha maikutlo ka ho teba ha ke bona batho ba buang Semandarin ba tšoere libuka tse thehiloeng Bibele tse qetang ho lokolloa, ’me ba thabile hoo ba neng ba sekisitse meokho.”

Selemo le selemo, Lipaki Tsa Jehova li tšoara likopano lefatšeng ka bophara. Ho ba teng batho ba limilione.

Likopano li fa batho ba tlileng ho tsona monyetla oa hore ba bone lerato, thabo le khotso e mokhatlong oa rōna oa bara ba motho. Ba bona sena ka ho hlaka likopanong tse khethehileng kapa tsa machaba. Nakong ea khefu, ba lumelisana ka mofuthu, ba qoqa hamonate ha ba ntse ba ja, ba fanana limpho le liaterese le ho nka lifoto.

Likopanong tsohle tsa rōna, batho bao e seng Lipaki Tsa Jehova le bona baa amoheloa.