Fetela boitsebisong

Ha Koluoa e Hlaha, Lerato le re Susumelletsa Hore re Thuse

Ha Koluoa e Hlaha, Lerato le re Susumelletsa Hore re Thuse

Ha ho hlaha koluoa, Lipaki Tsa Jehova li thusa balumeli-’moho le tsona hammoho le batho ba bang. Li etsa seo e le ho bontša lerato, e leng letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete.Johanne 13:35.

Ka tlaase mona, ho thathamisitsoe libaka tse ling tseo ho ileng ha fanoa ka thuso ho tsona, likhoeling tse 12 tse fetileng, ho fihlela bohareng ba 2012. Tlaleho ena ha e akarelletse thuso eo ho fanoeng ka eona ho matlafatsa batho tumelong le ho ba khothatsa, e leng seo re lulang re se etsa. Likomiti Tsa Liphallelo tse khethiloeng ke liofisi tsa makala, li ile tsa hlophisa boholo ba liphallelo. Ho phaella moo, liphutheho tsa sebaka ka seng le tsona li ile tsa kenya letsoho.

Japane: Ka la 11 March, 2011, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e ileng ea baka tsunami karolong e ka leboea ea Japane, ’me ha ameha batho ba likete tse makholo. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa bula seatla, ’me tsa phalla ka chelete, tsebo le matlotlo a tsona. Shebella video e bontšang ha re phallela batho ba anngoeng ke tšisinyeho ea lefatše, Japane.

Brazil: Batho ba makholo ba ile ba bolaoa ke likhohola, ho theteha ha mafika le ho ritsa ha seretse. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thusa ka ho romela lithane tse 42 tsa lijo tse sa boleng, libotlolo tse 20 000 tsa metsi, lithane tse 10 tsa liaparo le lithane tse 5 tsa lintho tse hloekisang hammoho le meriana le lintho tse ling tse neng li hlokahala.

Congo (Brazzaville): Ho qhoma ha libetsa sebakeng seo li lahloang ho sona, ho ile ha heletsa mahae a mane a Lipaki Tsa Jehova ’me ha senya a 28. Malapa a anngoeng ke koluoa eo, a ile a fuoa lijo le liaparo ’me Lipaki tsa sebakeng seo tsa a fa bolulo.

Congo (Kinshasa): Batho ba nang le k’holera ba ile ba fuoa meriana. Ba anngoeng ke likhohola ba fuoa liaparo. Ba likampong tsa baphaphathehi ba fuoa meriana, peō ea ho jala le liaparo tse ngata.

Venezuela: Lipula tse matla li ile tsa baka ho ritsa ha seretse. Likomiti tsa liphallelo li ile tsa thusa Lipaki tse 288 tse neng li anngoe ke seo. Li ile tsa haha matlo a fetang 50. Ho phaella moo, li thusa Lipaki tseo mahae a tsona a leng kotsing ea ho koaheloa ke metsi a Letša la Valencia.

Philippines: Maholiotsoana a ile a baka likhohola karolong e ’ngoe ea naha. Ofisi ea lekala e ile ea romela lijo le liaparo ho batho ba anngoeng ke koluoa eo ’me Lipaki tsa sebakeng seo tsa thusa ho hloekisa ka mor’a hore metsi a kokobele.

Canada: Ka mor’a hore ho che moru Alberta, Lipaki tsa sebakeng seo li ile tsa ntša monehelo o mongata ho thusa Phutheho ea Slave Lake ka mosebetsi oa tlhoekiso. Kaha phutheho e ne e sa hloke chelete eo kaofela, e ile ea nehelana ka karolo e ’ngoe ea eona ho thusa ba anngoeng ke likoluoa likarolong tse ling tsa lefatše.

Côte d’Ivoire: Batho ba hlokang thuso ba ile ba fuoa liphahlo, bolulo le meriana, pele ntoa e kupa naheng eo, ha e ntse e kupa le ha e se e letse.

Fiji: Malapa a mangata ho a 192 a Lipaki a anngoeng ke likhohola tse matla, a ile a senyeheloa ke masimo ao a iphelisang ka ’ona. Kahoo, a phalleloa ka lijo.

Ghana: Batho ba anngoeng ke likhohola karolong e ka bochabela ea naha ena, ba ile ba fuoa lijo, peō, ’me ba haheloa matlo.

United States: Maholiotsoana a ile a senya matlo a 66 a Lipaki liprofinseng tse tharo ’me a heletsa a 12. Le hoja beng ba matlo a mangata ba ne ba e-na le inshorense, ba ile ba fuoa chelete ea ho ba thusa ho lokisa matlo ao.

Argentina: Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thusa Lipaki tse karolong e ka boroa ea naha eo, tseo mahae a tsona a sentsoeng ke molora o bakiloeng ke ho foqoha ha seretse se chesang.

Mozambique: Batho ba fetang 1 000 ba anngoeng ke komello ba ile ba fuoa lijo.

Nigeria: Lipaki tse 24 tse ileng tsa lemala kotsing e mpe ea bese li ile tsa thusoa ka lichelete. Tse ling tse ngata tse karolong e ka leboea ea naha, tse ileng tsa lahleheloa ke mahae ka lebaka la lintoa tsa bolumeli, le tsona li ile tsa thusoa.

Benin: Batho ba anngoeng ke likhohola tse matla ba ile ba fuoa meriana, liaparo, linete tse thibelang monoang, metsi a hloekileng le bolulo.

Dominican Republic: Ka mor’a hore ho be le Leholiotsoana Irene, liphutheho tsa sebakeng seo li ile tsa thusa ho lokisa matlo le ho fana ka thepa.

Ethiopia: Batho ba lulang libakeng tse peli tse anngoeng ke komello le ba lulang sebakeng se anngoeng ke likhohola, ba ile ba phalleloa ka chelete.

Kenya: Batho ba anngoeng ke komello ba ile ba fuoa liphallelo.

Malawi: Batho ba lulang kampong ea baphaphathehi ea Dzaleka ba ile ba phalleloa.

Nepal: Lefika le ile la theteha ’me la senya ntlo ea mosali e mong oa Paki. O ile a fuoa bolulo ba nakoana ’me phutheho ea habo ea mo thusa ka lintho tseo a li hlokang.

Papua New Guinea: Litlokotsebe li ile tsa chesa matlo a robeli a Lipaki. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho a tsosolosa.

Romania: Lipaki tse ling li ile tsa senyeheloa ke matlo ka lebaka la likhohola. Li ile tsa thusoa ho a tsosolosa.

Mali: Batho ba se nang lijo ka lebaka la kotulo e mpe e bakiloeng ke komello, ba ile ba phalleloa ka chelete ke Lipaki tse naheng ea boahelani ea Senegal.

Sierra Leone: Lingaka tse tsoang Fora tsa Lipaki li ile tsa thusa Lipaki Tsa Jehova tse lulang libakeng tse neng li harasoantsoe ke ntoa.

Thailand: Likhohola li ile tsa baka tšenyo e khōlō liprofinseng tse ’maloa. Lithimi tse fanang ka liphallelo li ile tsa lokisa le ho hloekisa matlo a 100 le Liholo Tsa ’Muso tse 6.

Czech Republic: Ka mor’a hore likhohola li senye matlo a mangata Czech Republic, Lipaki tse Slovakia ea boahelani li ile tsa thusa ka liphallelo.

Sri Lanka: Ho se ho phethiloe boholo ba mosebetsi oa ho lokisa tšenyo e bakiloeng ke tsunami.

Sudan: Lipaki Tsa Jehova tse balehileng ntoa, li ile tsa fuoa lijo, liaparo, lieta le lishiti tsa polasetiki.

Tanzania: Malapa a 14 a ile a senyeheloa ke thepa ka lebaka la likhohola tse matla. Liphutheho tsa sebakeng seo li ile tsa ba phallela ka liaparo le lintho tse sebelisoang ka tlung. Ntlo e ’ngoe e ile ea tsosolosoa.

Zimbabwe: Komello e ile ea baka tlala sebakeng se seng naheng ena. Batho ba anngoeng ke boemo boo ba ile ba fuoa lijo le chelete.

Burundi: Baphaphathehi ba fuoa liphallelo ho akarelletsa le meriana.