Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka Keresemese?

Bibele e Re’ng ka Keresemese?

Karabo ea Bibele

Bibele ha e fane ka letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona, ebile ha e bolele hore re lokela ho keteka letsatsi la hae la tsoalo. Ho latela Cyclopedia ea McClintock le Strong: “Molimo ha aa laela hore re keteke Keresemese, ebile ha ho moo ho buuoang ka eona [Testamenteng e Ncha].”

Ho e-na le hoo, ha ho hlahlobisisoa taba ea Keresemese, ho fumanoe hore e simolohile litšebeletsong tsa bolumeli ba bohetene. Bibele e bontša hore haeba re leka ho rapela Molimo ka tsela eo a sa e amoheleng, seo sea mo khopisa.—Exoda 32:5-7.

Histori ea meetlo ea Keresemese

  1. Ho keteka tsoalo ea Jesu: “Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke tsoalo ea [Jesu] hobane ba ne nka hore ho keteka letsatsi la tsoalo ea mang kapa mang ke moetlo oa bohetene.”—The World Book Encyclopedia.

  2. La 25 December: Ha ho na bopaki ba hore Jesu o hlahile ka letsatsi leo. Ho ka etsahala hore baeta-pele ba kereke ba khethile letsatsi lena hore le tsamaisane le mekete ea bohetene e neng e e-ba nakong ea mariha ha letsatsi le khutla.

  3. Ho fana ka limpho, ho keteka: The Encyclopedia Americana, e re: “Mekhoa e mengata ea ho ithabisa ka Keresemese e etsoa ka tsela e tšoanang le eo mokete oa Baroma oa Saturnalia o neng o ketekoa ka eona bohareng ba December. Ka mohlala, ha ho ne ho ketekoa Saturnalia ho ne ho etsoa mekete e majabajaba, ho fanoa ka limpho ’me ho khantšoa likerese.” Encyclopædia Britannica e bolela hore “ho ne ho sa sebetsoe ’me le likhoebo li ne li koaloa” nakong ea mokete oa Saturnalia.

  4. Mabone a Keresemese: Ho latela The Encyclopedia of Religion, batho ba lulang Europe ba ne ba khabisa matlo “ka mabone le lifate tsa mefuta eohle tse lulang li le tala” e le hore ba keteke ho khutla ha letsatsi le ho loantša meea e khopo.

  5. Sefate sa Mistletoe, le sa holly: “Baruti ba Europe ba ne ba bolela hore sefate sa mistletoe ka ho khetheha se na le matla a ho etsa mehlolo. Sefate se lulang se le setala se bitsoang holly se ne se rapeloa ka tšepo ea hore letsatsi le tla khutla.”—The Encyclopedia Americana.

  6. Sefate sa Keresemese: “Borapeli ba sefate bo ne bo tloaelehile har’a bahetene ba Europe ’me ha baa ka ba bo tlohela ha ba sokolohela Bokresteng.” Bo ile ba tsoela pele joalo meetlong e sa tšoaneng, e akarelletsang “moetlo oa ho beha sefate sa Keresemese monyako kapa ka tlung nakong ea matsatsi a phomolo bohareng ba mariha.”—Encyclopædia Britannica.