Fetela boitsebisong

Na Molimo ke Boraro-bo-bong?

Na Molimo ke Boraro-bo-bong?

Karabo ea Bibele

Lihlopha tse ngata tsa Bakreste li ruta hore Molimo ke Boraro-bo-bong. Leha ho le joalo, hlokomela seo Encyclopædia Britannica e se bolelang: “Ha ho lentsoe Boraro-bo-bong kapa tlhaloso e qaqileng ea thuto ena Testamenteng e Ncha . . . Thuto ena e ’nile ea hōla ho theosa le lilemo tse fetang mashome a ’maloa ’me ho phehisanoa khang ka eona.”

Ha e le hantle, Molimo oa Bibele ha ho moo a hlalosoang e le Boraro-bo-bong. Hlokomela litemana tsena tsa Bibele:

“Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”—Deuteronoma 6:4.

“Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

“Molimo o mong feela.”—Bagalata 3:20.

Ke hobane’ng ha lihlopha tse ngata tsa Bakreste li re Molimo ke Boraro-bo-bong?