Fetela boitsebisong

Ke Mabaka Afe a Mabeli a Etsang Hore Molimo a se ke a Arabela Lithapelo Tse Ling?

Ke Mabaka Afe a Mabeli a Etsang Hore Molimo a se ke a Arabela Lithapelo Tse Ling?

Karabo ea Bibele

Ho na le lithapelo tseo Molimo a sa li arabeng. Nahana ka lintlha tse peli tse ka etsang hore Molimo a se ke a mamela ha motho a rapela.

1. Thapelo e sa lumellaneng le thato ea Molimo

Molimo ha a arabe likōpo tse khahlanong le thato ea hae, kapa melao ea hae e ka Bibeleng. (1 Johanne 5:14) Ka mohlala, Bibele e re re lokela ho qoba ho ba meharo. Ho becha ho etsa hore motho a be meharo. (1 Bakorinthe 6:​9, 10) Kahoo, Molimo a ke ke a arabela thapelo ea hao, haeba u rapela hore u hape lotto. Molimo hase ramehlolo ea phethahatsang kōpo leha e le efe eo u e etsang. Ha e le hantle, seo se lokela ho u thabisa. Ho seng joalo, u ka ’na ua tšosoa ke lintho tseo batho ba bang ba ka kōpang Molimo hore a li etse.—Jakobo 4:3.

2. Motho ea rapelang o itšoara ka tsela e bontšang borabele

Molimo ha a mamele batho ba ikemiselitseng ho mo khopisa ka liketso tsa bona. Ka mohlala, Molimo o ile a re ho batho ba neng ba bolela hore baa mo sebeletsa empa ba etsa liketso tsa borabele: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Empa haeba ba ile ba fetoha ’me ba ‘lokisa litaba’ le Molimo, a ka be a ile a ba mamela ha ba mo rapela.—Esaia 1:18.