Fetela boitsebisong

Na Molimo ke Matla a sa Tsotelleng Batho?

Na Molimo ke Matla a sa Tsotelleng Batho?

Karabo ea Bibele

Molimo o na le matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Ha Bibele e bua ka tsela ka eona a bōpileng linaleli tse libilione e re: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o [Molimo] e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:25, 26.

Empa hase hore Molimo o na le matla a maholo feela. Bibele e bolela hore o na le maikutlo, joaloka lerato le lehloeo. (Pesaleme ea 11:5; Johanne 3:16) E boetse e senola hore tsela eo batho ba itšoarang ka eona e ka ama maikutlo a Molimo.—Pesaleme ea 78:40, 41.