Fetela boitsebisong

Atlelase ea Bibele

Atlelase ea Bibele

“Bona Naha e Ntle” ke atlelase ea Bible e ka u thusang ha u ithuta Bibele. Hangata ho na le moo Bibele e buang ka libaka, metse le linaha. Buka ena e tla u thusa hore u bone hore na litlaleho tse ka Bibeleng li etsahetse hokae le hore na libaka tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng li amme molaetsa oa eona joang.

Buka ena ea “Bona Naha e Ntle” e na le limmapa tse nang le mebala e fapa-fapaneng le lichate tse fapaneng tsa lintho tse hlahang ka Bibeleng. Buka ena e na le litšoantšo, litlhaloso le lintho tse ling tse ngata tse ka u thusang hore u thabele ho ithuta Bibele.

Atlelase ena ea Bibele e tla u thusa hore u

  • utloisise maeto a Abrahama, Isaka le Jakobo

  • bone tsela eo Baiseraele ba tsamaileng ka eona ha ba tsoa Egepeta ba ea Naheng e Tšepisitsoeng

  • bone hore na Baiseraele ba ne ba le hokae ha ba bapisoa le moo lira tsa bona li neng li le teng

  • bone libaka tseo Jesu a li tsamaileng ha a le tšebeletsong ea hae mona lefatšeng

  • bone boholo ba libaka tseo mebuso eo ho buuoeng ka eona ka Bibeleng e neng e li laola, e kang Babylona, Greece le Roma

U ka fumana Atlelase ena ea Bibele inthaneteng ho Watchtower ONLINE LIBRARY.