Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Na Mangeloi a ka Pholosa Bophelo ba Hao?

Na Mangeloi a ka Pholosa Bophelo ba Hao?

Ka Sontaha se seng tjena, Kenneth le Filomena ba dulang Curaçao, ba ile ba ya ho banyalani bao ba ithutang Bibele le bona.

Kenneth o re: “Ha re fihla re ile ra fumana ntlo e kwetswe ebile le koloi e le siyo. Empa ho ile haba le ntho e reng ke founele mme wa teng.”

Mme wa teng o ile a tshwara founu mme a ba hlalosetsa hore monna wa hae o ile mosebetsing. Le ha ho le jwalo, eitse ha a utlwa hore Kenneth le Filomena ba ka ntle monyako, a ba bulela mme ba kena.

Ba ile ba bona e ka o ne a ntse a lla. Eitse ha Kenneth a qala ho rapela pele ba ithuta, mme eo a qalella ho lla hape. Kahoo, Kenneth le Filomena ba mmotsa hore na ebe bothata keng.

Yaba o ba bolella hore o ne a ntse a nahana ho ipolaya. Le hore ha Kenneth a tla mo founela, o ne a ntse a ngolla monna wa hae lengolo le hlalosang lebaka la hae la ho ipolaya. O ile a ba bolella hore o ne a tepelletse maikutlo. Kahoo, ba ile ba mo balla ditemana tse tshedisang tsa Bibele. Kgothatso eo ile ya pholosa bophelo ba hae.

Kenneth o re: “Re ile ra leboha Jehova ka ho re sebedisa hore re thuse mosadi enwa ya neng a nyahame. Le hore mohlomong, o ile a etsa hore lengeloi la hae kapa moya wa Hae o halalelang, o etse hore re founele mosadi eo.” *

Na ho nepahetse hore ebe Kenneth le Filomena ba dumele hore Modimo o ile a thusa ka moya wa Hae o halalelang le ka lengeloi? Kapa mohlomong taba ya hore Kenneth o ile a founa, e iketsahalletse feela tjee?

Ha ho motho ya tsebang. Empa seo re se tsebang ke hore Jehova o sebedisa mangeloi ho thusa batho hore ba ithute ka yena. Ka mohlala, Bibele e re Modimo o ile a sebedisa lengeloi ho tataisa moevangedi wa Mokreste Filipi hore a thuse ofisiri e neng e ntse e batla ho tseba Jehova.​—Liketso 8:26-31.

Dikereke tse ngata di ruta hore ho na le mangeloi a thusang batho ho etsa thato ya Modimo le a ba sireletsang ka tsela ya mohlolo. Batho ba bangata ha ba dumele feela hore ho na le mangeloi empa ba boetse ba dumela hore a ka ba tswela molemo o itseng. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho na le batho ba bangata ba sa dumeleng hore mangeloi a teng.

Na ehlile mangeloi a teng? Haeba a teng, a tswa ho kae? Keng seo e leng nnete ka mangeloi? Na a ka o thusa? A re hlahlobeng dikarabo tsa dipotso tsena.

^ par. 8 Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 83:18.