Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?

Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?

Mangeloi a tshepahalang a Jehova, a amehile haholo ka batho ebile a nka karolo ho phethahatsa thato ya hae. Ha Modimo a ne a bopa lefatshe, a ile a “hweletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Modimo ba qala ho hlaba ditlatse.” (Jobo 38:4, 7) Haesale ho tloha kgale mangeloi a na le thahasello ya ho “nyarela” mantsweng a boprofeta bo buang ka se tlang ho etsahala nakong e tlang mona lefatsheng.​—1 Petrose 1:11, 12.

Bibele e bontsha hore ka dinako tse ding, mangeloi a nka karolo ho sireletsa bahlanka ba Modimo e le ho phethahatsa thato ya hae. (Pesaleme ya 34:7) Ka mohlala:

  • Ha Jehova a ne a fedisa metse e kgopo ya Sodoma le Gomora, mangeloi a ile a thusa Lota ya neng a tshepahala le lelapa la hae hore ba tlohe sebakeng seo hanghang.​—Genese 19:1, 15-26.

  • Ha banna ba bararo ba Baheberu ba ne ba lahletswe ka malakabeng a mollo Babylona, Modimo o ile a romela lengeloi la hae mme a pholosa bahlanka bao ba hae.​—Daniele 3:19-28.

  • Monna ya tshepahalang Daniele, o ile a hlalosa lebaka la hore na ke hobaneng ha ditau tseo a neng a lahletswe ka hara tsona, di sa ka tsa mo harola ka hore a re: “Modimo wa ka o rometse lengeloi la hae mme la kwala melomo ya ditau.”​—Daniele 6:16, 22.

Haesale ho tloha kgale mangeloi a ntse a thusa batho ba tshepahalang

MANGELOI A ILE A THUSA DIPHUTHEHO TSA BAKRESTE NAKONG E FETILENG

Ka dinako tse ding, mangeloi a ne a sebetsa e le barumuwa ba Modimo ho thusa diphutheho tsa Bakreste nakong e fetileng e le ho phetha morero wa Jehova. Ka mohlala:

  • Lengeloi le ile la lokolla baapostola ba neng ba kwalletswe teronkong, ka ho ba bulela menyako ya teronko mme la ba bolella hore ba tswele pele ho bolela ditaba tse molemo tempeleng.​—Liketso 5:17-21

  • Lengeloi le ile la laela moevangedi Filipi hore a tsamaye ka tsela e sa tsamauweng e tlohang Jerusalema ho ya Gaza. O ne a lokela ho bolela ditaba tse molemo ho monna e mong wa Moethiopia ya neng a tswa rapela Jerusalema.​—Liketso 8:26-33.

  • Ha Modimo a ne a se a fa batho bao e neng e se Bajuda monyetla wa hore e be Bakreste, lengeloi le ile la hlaha ponong ho ofisiri ya masole a Roma e bitswang Korneliase mme la mo laela hore a memele moapostola Petrose ha hae.​—Liketso 10:3-5.

  • Ha moapostola Petrose a kwalletswe teronkong, lengeloi le ile la hlaha ho yena mme la mo lokolla.​—Liketso 12:1-11.

MOSEBETSI WA MANGELOI KE OFE KAJENO?

Ha hona bopaki bo bontshang hore le kajeno Modimo o ntse a sebedisa mangeloi ka mohlolo, ho thusa batho jwalo ka ha a ne a etsa nakong e fetileng. Le ha ho le jwalo, ha Jesu a bua ka mehla ya rona o ile a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Na o ne o tseba hore barutuwa bohle ba Kreste ba etsa mosebetsi oo tlasa tlhokomelo ya mangeloi?

Mangeloi a thusa bahlanka ba Modimo ho bolela ditaba tse molemo tsa mmuso lefatsheng lohle

Lengolo la Tshenolo le bontsha hore mangeloi a ne a tla ba mafolofolo ho thusa batho lefatsheng lohle hore ba ithute ka Jehova Modimo le morero wa hae. Ke ka hona moapostola Johanne a ileng a ngola a re: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, mme le ne le e na le ditaba tse molemo tse sa feleng hore le di bolele e le ditaba tse nyakallisang ho ba dulang lefatsheng, le ho setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tshabang Modimo mme le mo tlotlise, hobane hora ya ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele ya entseng lehodimo le lefatshe le lewatle le didiba tsa metsi.’” (Tšenolo 14:6, 7) Dintho tse etsahallang batho mehleng ena, di bontsha hore mangeloi a tshehetsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. Esita le ha a bona motho ya entseng sebe a baka mme a kgutlela ho Jehova, “thabo e a hlaha hara mangeloi a Modimo.”​—Luka 15:10.

Ho tla etsahalang ha mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo o fedile? “Mabotho a . . . lehodimong” a mangeloi, a tla tshehetsa Jesu Kreste Morena wa marena, ha a lwana “ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle” ya Armagedone. (Tšenolo 16:14-16; 19:14-16) Mangeloi a tla sebetsa jwalo ka baahlodi ha Morena Jesu “a tlisa phetetso hodima ba sa . . . mameleng ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu.”​—2 Bathesalonika 1:7, 8.

Kahoo, kgodiseha hore mangeloi aa o tsotella haholoholo haeba o batla ho sebeletsa Jehova. Haesale Jehova a a sebedisa ho matlafatsa le ho sireletsa bahlanka ba hae ba tshepahalang.​—Baheberu 1:14.

E mong le e mong wa rona o lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong. Na re tla mamela ha re bolellwa ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo? Dipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno di ka thabela ho o thusa hore o tsebe hore na mosebetsi wa mangeloi ke ofe.