Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dibetsa tsohle tsa ntwa di tla fediswa

Bibele e Reng?

Bibele e Reng?

Na ho tla ke ho be le kgotso lefatsheng?

Wena o ka reng?

  • Ee

  • Tjhe

  • Mohlomong

Seo Bibele e se buang

Ha Jesu Kreste a se a busa lefatsheng, “kgotso e tla ba ngata ho fihlela kgwedi e se e le siyo”, ka mantswe a mang ka ho sa feleng.​—Pesaleme ya 72:7.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

Empa na re ka ba le kgotso ya kelello hona jwale?

Batho ba bang ba dumela hore . . . Ho ke ke ha ba le kgotso ya kelello ha feela lefatshe le ntse tletse mathata le kgethollo. Wena o reng?

Seo Bibele e se buang

Le hona jwale, batho ba sebeletsang Modimo ba ka ba le “kgotso ya Modimo e fetang monahano ohle.”​—Bafilipi 4:6, 7.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Modimo o tshepisa hore o tla fedisa mathata le kgethollo, a etse hore “dintho tsohle di be ntjha.”​—Tšenolo 21:4, 5.

  • Re ka ba le kgotso haeba re hlokomela ‘tlhoko ya rona ya moya.’​—Matheu 5:3.