Kosepele ea Matheu 18:1-35

  • Motho e moholo ’Musong oa maholimo (1-6)

  • Lintho tse lihelang batho sebeng (7-11)

  • Papiso ea nku e lahlehileng (12-14)

  • Tsela ea ho thusa ngoan’eno ho etsa ntho e nepahetseng (15-20)

  • Papiso ea lekhoba le sa tšoareleng (21-35)

18  Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?”+  A bitsa ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona  ’me a re: “Kannete kea le bolella hore ha le sa fetohe la tšoana le bana ba banyenyane,+ ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo.+  Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa, ke eena e moholo ’Musong oa maholimo.+  Hape mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela.  Haeba motho a etsa hore e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang ho ’na a lahle tumelo ea hae,* ho ka ba molemo haholo hore leloala le leholo* le tlamelloe molaleng oa hae ebe o lahleloa ka leoatleng.+  Ho malimabe lefatše hobane le etsisa batho sebe. Ke ’nete hore lintho tse lihelang batho sebeng li tla lula li le teng empa ho malimabe motho eo li tlang ka eena.  Joale, haeba letsoho kapa leoto la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole u le lahlele hole le uena.+ Ho molemo hore u fumane bophelo u qhoalile kapa u holofetse ho e-na le ho lahleloa mollong o sa feleng* u e-na le matsoho kapa maoto a mabeli.+  Hape, haeba leihlo la hao le etsa hore u etse sebe,* le honye u le lahlele hole le uena. Ho molemo hore u fumane bophelo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le ho lahleloa mollong oa Gehena* u e-na le mahlo a mabeli.+ 10  Itlhokomeleng hore le se ke la nyefola e mong oa ba banyenyane bana hobane kea le bolella hore mangeloi a bona a lula a le ka pel’a Ntate ea leholimong.+ 11 * —— 12  Le nahana joang? Haeba motho a e-na le linku tse 100 ebe e ’ngoe ea lahleha,+ na a ke ke a siea tse 99 lithabeng ebe oa tsamaea o e’o batla e lahlehileng?+ 13  Haeba a e fumane, kannete kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse 99 tse sa kang tsa lahleha. 14  Ka tsela e tšoanang, Ntate* ea leholimong ha a rate hore ho timele le ea mong oa ba banyenyane bana.+ 15  Hape haeba ngoan’eno a etsa sebe, e-ea u mo bontše phoso ea hae* moo le leng bang.+ Haeba a u mamela, u tla be u thusitse ngoan’eno ho etsa ntho e nepahetseng.+ 16  Empa haeba a sa mamele, u ee le paki e le ’ngoe kapa tse peli e le hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa ka bopaki* ba lipaki tse peli kapa tse tharo.+ 17  Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka molichaba+ kapa ’mokelli oa lekhetho.+ 18  Kannete ke re ho lona, eng kapa eng e tlanngoeng maholimong, le tla e tlama lefatšeng. Hape eng kapa eng e lokolotsoeng maholimong, le tla e lokolla lefatšeng. 19  Kannete ke boetse ke re ho lona, haeba ba babeli ba lona lefatšeng ba lumellana ho kopa ntho efe kapa efe ea bohlokoa, Ntate ea leholimong o tla ba etsetsa eona.+ 20  Etsoe moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng ka lebitso la ka,+ ke teng moo har’a bona.” 21  Joale Petrose a tla ’me a re ho eena: “Morena, ke lokela ho tšoarela ngoan’eso ka makhetlo a makae ha a ntšitetsoe? A supileng?” 22  Jesu a re: “Eseng ka makhetlo a supileng empa ka makhetlo a 77.+ 23  Ke ka lebaka leo ’Muso oa maholimo o ka bapisoang le morena ea neng a batla hore makhoba a hae a mo patale chelete eo a mo kolotang eona. 24  Ha a qala ho bokella chelete eo a e kolotoang, bahlanka ba hae ba mo tlisetsa motho ea neng a mo kolota litalenta tse 10 000.* 25  Empa kaha o ne a se na mokhoa oa ho patala, mong’a hae a laela hore eena, mosali oa hae, bana ba hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona li rekisoe e le hore ho pataloe sekoloto.+ 26  Ka hona, lekhoba leo la itihela fatše la mo khumamela eaba le re: ‘U se ke oa mphella pelo hle mong’a ka. Ke tla patala sekoloto sa ka kaofela.’ 27  Mong’a lekhoba a le hauhela, a le tlohela hore le tsamaee eaba o hlakola sekoloto sa lona.+ 28  Empa lekhoba leo la tsoa ’me la fumana lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota lidenari tse 100.* La le tšoara, la le khama eaba le re: ‘Mpatale ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nkolotang eona.’ 29  Lekhoba-’moho le lona la itihela fatše eaba lea le kopa le re: ‘U se ke oa mphella pelo hle ngoan’eso, ke tla u patala.’ 30  Empa la hana ho le mamela. La tloha eaba lea le tšoarisa e le hore le lule teronkong ho fihlela le ka patala sekoloto sa lona. 31  Ha batho bao e leng makhoba-’moho le lona ba bona hore na ho etsahetse’ng, ba utloa bohloko haholo. Ba tsamaea ba tlalehela mong’a bona lintho tsohle tse etsahetseng. 32  Joale mong’a lekhoba leo a le bitsa a re ho lona: ‘Uena lekhoba le khopo, ke u hlakoletse sekoloto sa hao kaofela ha u ne u nkopa. 33  Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena joalokaha le ’na ke u hauhetse?’+ 34  Mong’a lona a halefa haholo, a le kenya teronkong* ho fihlela le ka patala sekoloto sa lona kaofela. 35  Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla le etsa joalo+ haeba le lona le sa tšoarele bana ba bo lona ka lipelo tsohle tsa lona.”+

Linaletsana

Ka Segerike: “a khoptjoe.”
Kapa: “leloala le sothoang ke tonki.”
Mona ho buuoa ka ho timeletsoa ruri. Sheba Tlhaloso ea Gehena.
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Kapa mohlomong: “Ntate oa lona.”
Ka Segerike: “u mo khalemele.”
Ka Segerike: “melomo.”
Litalenta tse 10 000 tsa silevera li lekana le lidenari tse 60 000 000. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “a fana ka lona ho balebeli ba teronko.”