Kosepele ea Matheu 5:1-48

  • THUTO EA THABENG (1-48)

    • Jesu o ruta batho thabeng (1, 2)

    • Litsela tse robong tsa ho thaba (3-12)

    • Letsoai le leseli (13-16)

    • Jesu o tletse ho phethahatsa Molao (17-20)

    • Keletso mabapi le khalefo (21-26), bofebe (27-30), tlhalo (31, 32), ho hlapanya (33-37), ho iphetetsa (38-42), ho rata lira (43-48)

5  Ha Jesu a bona letšoele a nyolohela thabeng. Ka mor’a hore a lule fatše barutuoa ba hae ba tla ho eena.  A qala ho ruta a re:  “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Molimo+ kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona.  Ho thaba ba utloileng bohloko kaha ba tla tšelisoa.+  Ho thaba ba bonolo+ kaha ba tla rua lefatše.+  Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa+ ho loka kaha ba tla khotsofatsoa.+  Ho thaba ba mohau+ kaha ba tla hauheloa.  Ho thaba ba lipelo li hloekileng+ kaha ba tla bona Molimo.  Ho thaba ba bopang khotso*+ kaha ba tla bitsoa bara ba Molimo. 10  Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka+ kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona. 11  Ho thaba lona ha batho ba le rohaka,+ ba le hlorisa+ le ho le etselletsa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ka lebaka la ka.+ 12  Thabang, le tlola-tlole ke thabo+ hobane moputso oa lona+ o moholo maholimong kaha le nakong e fetileng ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela e tšoanang.+ 13  Le letsoai+ la lefatše empa haeba letsoai le tapa, le ka etsoa’ng hore le be le tatso hape? Ha le sa na thuso haese hore feela le lahleloe ka ntle,+ le hatakeloe ke batho. 14  Le leseli la lefatše.+ Motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba. 15  Ha batho ba khantša lebone ha ba le behe tlas’a baskete empa ba le beha holim’a tafole ebe le khantšetsa bohle ka tlung.+ 16  Leseli la lona le ke le khanyetse batho+ joalo e le hore ba ka bona mesebetsi ea lona e metle+ ’me ba tlotlisa Ntate oa lona ea maholimong.+ 17  Le se ke la nahana hore ke tletse ho felisa Molao kapa mantsoe a Baprofeta. Ha kea tlela ho li felisa empa ke tletse ho li phethahatsa.+ 18  Kannete ke re ho lona, le haeba leholimo le lefatše li ne li ka timela, ha ho tlhaku le e ’ngoe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letšoao le le leng Molaong le tla timela ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahetse.+ 19  Ka hona, mang kapa mang ea tlolang o mong oa melao ena e menyenyane ’me a ruta batho ho e tlola, a ke ke a tšoaneloa ke ho kena* ’Musong oa maholimo. Empa mang kapa mang ea e mamelang le ho e ruta, o tla tšoaneloa ke ho kena* ’Musong oa maholimo. 20  Kea le bolella, haeba le sa bontše hore le lokile* ho feta bangoli le Bafarisi,+ ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo.+ 21  Le utloile hore ho itsoe ho batho ba mehleng ea khale: ‘U se ke oa bolaea.+ Mang kapa mang ea bolaeang o tla ikarabella lekhotleng la toka.’+ 22  Empa ke re ho lona, e mong le e mong ea lulang a halefetse+ ngoan’abo o tla ikarabella lekhotleng la boahloli. Mang kapa mang ea buang mantsoe a etsang hore ngoan’abo a ikutloe a se na thuso, o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa. Athe mang kapa mang ea reng ho e mong: ‘Sehole tooe!’ o tla lokeloa ke mollo oa Gehena.*+ 23  Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng+ ebe oa hopola hore ho na le ntho eo u khopisitseng ngoan’eno ka eona, 24  u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare u tsamaee. U bope khotso le ngoan’eno pele ebe ha u khutlile u nyehela mpho ea hao.+ 25  Potlakela ho lokisa litaba le moqosi oa hao ha u sa ntse u e-na le eena tseleng e eang khotla e le hore moqosi a se ke a tloha a u isa ho moahloli, moahloli a u isa ho mohlanka oa lekhotla eaba u isoa teronkong.+ 26  Kannete kea u joetsa, u ke ke oa tsoa moo ho fihlela u patetse le sente ea ho qetela.* 27  Le utloile hore ho itsoe: ‘U se ke oa feba.’+ 28  Empa ke re ho lona, e mong le e mong ea ntseng a sheba mosali+ e le hore a be le takatso ea ho etsa thobalano le eena o se a febile le eena ka pelong ea hae.+ 29  Haeba leihlo la hao le letona le etsa hore u etse sebe,* u le honye ’me u le lahlele hole le uena.+ Ho molemo hore u lahleheloe ke setho se le seng ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe Gehena.*+ 30  Hape haeba letsoho la hao le letona le etsa hore u etse sebe,* u le khaole ’me u le lahlele hole le uena.+ Ho molemo hore u lahleheloe ke setho se le seng ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe Gehena.*+ 31  Ho boetse ho itsoe: ‘Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, a mo fe lengolo la tlhalo.’+ 32  Empa ke re ho lona, motho ea hlalang mosali oa hae empa mosali a sa etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* o mo beha kotsing ea hore a etse bofebe. Hape mang kapa mang ea nyalang mosali ea hlaliloeng ka tsela eo oa feba.+ 33  Hape le utloile hore ho itsoe ho batho ba mehleng ea khale: ‘U se ke oa hlapanya ebe ha u phethe+ empa u phethe boitlamo boo u bo etselitseng Jehova.’*+ 34  Empa ke re ho lona: Le se ke la hlapanya ho hang,+ leha e le ka leholimo hobane ke terone ea Molimo 35  kapa ka lefatše hobane ke setuloana sa maoto a hae+ kapa ka Jerusalema hobane ke motse oa Morena e moholo.*+ 36  Le se ke la hlapanya ka lihlooho tsa lona hobane le ke ke la fetola qoba leha e le ’ngoe ea moriri hore e be putsoa kapa e be ntšo. 37  Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa*+ hobane ho fetang hoo ho tsoa ho Diabolose.*+ 38  Le utloile hore ho itsoe: ‘Leihlo bakeng sa leihlo le leino bakeng sa leino.’+ 39  Empa ke re ho lona: U se ke oa hanyetsa motho ea khopo empa mang kapa mang ea u otlang lerameng le letona, u mo fe le leng.+ 40  Haeba motho a batla ho u isa khotla hobane a batla ho inkela seaparo sa hao, u mo tlohele a nke le seaparo sa hao se seng.+ 41  Haeba motho ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena k’hilomithara* e le ’ngoe, u ee le eena lik’hilomithara tse peli. 42  U fe ea u kopang ’me u se ke oa furalla ea batlang hore u mo alime.*+ 43  Le utloile hore ho itsoe: ‘U rate moahisani oa hao+ ’me u hloee sera sa hao.’ 44  Empa ke re ho lona: Le ’ne le rate lira tsa lona+ le ho rapella ba le hlorisang+ 45  e le hore le ka bontša hore le bana ba Ntate oa lona ea maholimong+ kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba lokileng letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula ea hae.+ 46  Le lebeletse ho fumana moputso ofe haeba le rata batho ba le ratang feela?+ Na le babokelli ba lekhetho ha ba etse ntho e tšoanang? 47  Hape haeba le lumelisa bana ba bo lona feela, le etsa ntho efe e mohlolo? Na le batho ba lichaba ha ba etse ntho e tšoanang? 48  Kahoo, le phethahale joalokaha Ntate oa lona ea leholimong a phethahetse.+

Linaletsana

Kapa: “ba nang le khotso.”
Ka Segerike: “o tla bitsoa e monyenyane.”
Ka Segerike: “o tla bitsoa e moholo.”
Kapa: “le mamela.”
Sebaka se ka ntle ho Jerusalema moo ho neng ho chesetsoa lithole. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “koaterane ea ho qetela.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
E leng Molimo.
Kapa: “Lentsoe la lona E le mpe le bolele E, Che ea lona, Che.”
Ka Segerike: “ea khopo.”
Ka Segerike: “maele.” Sheba Tlhaloso.
E leng ho alima u sa batle tsoala.