Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 5

Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona

Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona

Jehova o file batho mpho e babatsehang, e leng buka e kopantseng libuka tse 66 hammoho, e bitsoang Bibele. Empa u ka ’na oa ipotsa: ‘Ho tlile joang hore Bibele e be teng? Ha e le hantle Bibele e ngotsoe ke mang?’ E le hore re tle re arabe lipotso tsena, a re ke re bue ka hore na molaetsa oa Molimo o ka Bibeleng o fihlile ho batho joang.

1. Haeba Bibele e ngotsoe ke batho, joale ke hobane’ng ha re re e tsoa ho Molimo?

Bibele e ngotsoe ke bangoli ba ka bang 40. Buka ea pele e ngotsoe lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, ha ea ho qetela eona e ngotsoe lilemo tse ka bang 1 900 tse fetileng. Le hoja bangoli ba eona e ne e le batho ba sa tšoaneng, empa lintho tseo ba li ngotseng lia lumellana. Ho tlile joang? Ke hobane ha e le hantle Bibele ke molaetsa oa Molimo. (Bala 1 Bathesalonika 2:​13.) Bangoli bao ba ne ba sa ngole maikutlo a bona. Empa “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” a (2 Petrose 1:​21) Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho bululela kapa ho susumetsa bangoli bao hore ba ngole molaetsa oa hae.​—2 Timothea 3:16.

2. Na Bibele e ngoletsoe batho bohle?

Molaetsa o ka Bibeleng o ngoletsoe “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Bala Tšenolo 14:6.) Molimo o ile a etsa bonnete ba hore Bibele e fumaneha ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe lefatšeng. Hoo e ka bang motho e mong le e mong a ka fumana molaetsa ona oa Molimo. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na motho o phela kae kapa o bua puo efe.

3. Jehova o ile a sireletsa Bibele joang?

Bibele e ne e ngolloa holim’a lintho tse neng li senyeha kapele, joaloka matlalo a liphoofolo le lipampiri tse entsoeng ka joang ba loli. Empa banna ba neng ba rata Bibele ba ile ba e kopitsa ka hloko ka letsoho, e le hore ho be le likopi tse ngata. Le hoja babusi ba bang le baeta-pele ba bolumeli ba ile ba leka ho felisa Bibele, ho na le batho ba neng ba ikemiselitse ho beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba e sireletse. Jehova ha aa ka a lumella mang kapa mang hore a mo thibele ho buisana le rona. Bibele e re: “Lentsoe la Molimo oa rona, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Esaia 40:8.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na Molimo o ile a susumetsa batho joang hore ba ngole Bibele, a e sireletsa joang le hore na o ile a etsa’ng hore batho bohle ba e fumane.

4. Bibele e re bolella Mongoli oa eona

Bapala VIDEO ebe u bala 2 Timothea 3:​16. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang.

  • Haeba Bibele e ngotsoe ke batho, joale ke hobane’ng ha e bitsoa Lentsoe la Molimo?

  • Na u nahana hore ke ntho e utloahalang ho lumela hore Molimo a ka khona ho fetisetsa maikutlo a hae ho batho?

Motho a ka ’na a bolella mongoli oa hae hore na a ngole molaetsa ofe lengolong. Ka tsela e tšoanang, batho ba ile ba ngola Bibele empa molaetsa oo ba neng ba o ngola o ne o tsoa ho Molimo

5. Bibele e ile ea sireletsoa

Haeba Bibele e tsoa ho Molimo, re ka lebella hore o tla e sireletsa. Ho theosa le lilemo, haesale banna ba matla ba leka ho felisa Bibele. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba leka ho e pata. Ho sa tsotellehe seo, batho ba bangata ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba sireletse Bibele. Ithute ka e mong oa banna bao. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tsena.

  • Ha e le mona u se u tseba hore na ho entsoe boiteko bo bokae ho sireletsa Bibele, na see ha se etse hore u batle ho e bala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Bala Pesaleme ea 119:​97 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke eng e entseng hore batho ba bangata ba behe bophelo ba bona kotsing e le hore ba fetolele Bibele le ho e fa batho?

6. Buka ea batho bohle

Bibele ke eona buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata le eo batho ba bangata ba nang le eona ho feta buka leha e le efe lefatšeng. Bala Liketso 10:​34, 35 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ngata hakaale le hore batho ba bangata ba be le eona?

  • Ke ntho efe eo u e ratang ka Bibele?

Hoo e ka bang

batho bohle

lefatšeng

ba khona ho fumana Bibele ka puo eo ba e utloisisang

E fumaneha ka

lipuo tse fetang

3 000

e feletse kapa e le likarolo tse itseng

Ho hatisitsoe likopi tse ka bang

5 000 000 000,

e leng palo e fetang hole ea buka leha e le efe e ’ngoe

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele ke buka feela ea khale e ngotsoeng ke batho.”

  • Uena u nahana joang?

  • Na ho na le bopaki ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

KAKARETSO

Bibele ke Lentsoe la Molimo, ’me o entse bonnete ba hore batho baa e fumana.

Re Ithutile’ng?

  • Re bolela’ng ha re re Molimo o ile a bululela batho hore ba ngole Bibele?

  • Ke eng e u khahlang ka tsela eo ka eona Bibele e ileng ea sireletsoa le ho fetoleloa, le ka hore ebe ke batho ba bangata ba nang le eona?

  • U ikutloa joang ha e le moo u tseba hore na Molimo o entse boiteko bo bokaakang e le hore re fumane molaetsa oa hae?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bala ka pale ea Bibele, ho tloha meqolong ea khale ho fihlela ho liphetolelo tsa morao tjena.

“Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane” (Tsoha!, November 2007)

Ithute kamoo Bibele e ileng ea sireletsoa kateng linthong tse tharo tse neng li ka e felisa.

“Ho Tlile Joang Hore Ebe Bibele e Ntse e le Teng?” (Molula-Qhooa, No. 4 2016)

Bona kamoo batho ba bang ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing kateng e le hore ba fetolele Bibele.

Ba ne ba Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa (14:26)

Bibele e ile ea kopitsoa le ho fetoleloa ka makhetlo a mangata. U ka kholiseha joang hore molaetsa oa eona ha oa fetoloa?

“Na Bibele e Fetotsoe kapa e Ekelitsoe?” (Sehlooho se websaeteng)

a Khaolong ea 7 re tl’o ithuta hore moea o halalelang ke matla ao Molimo a a sebelisang.