Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 7

Jehova ke Molimo ea Joang?

Jehova ke Molimo ea Joang?

Ha u nahana ka Jehova Molimo, ho tla eng ka hloohong ea hao? Na ho tla Molimo ea hlollang, empa a le marung, hole le batho? Kapa na ho tla Molimo ea matla empa a sa khathalle batho? Ha e le hantle Jehova ke Molimo ea joang? Bibele e re hlalosetsa hantle makhabane a hae, ’me e boetse e re oa re tsotella re le batho ka bomong.

1. Ke hobane’ng ha re sa khone ho bona Molimo?

“Molimo ke Moea.” (Johanne 4:​24) Jehova ha se motho oa nama le mali. Ke Moea o phelang leholimong, e leng sebaka seo re sa se boneng.

2. A mang a makhabane a Jehova ke afe?

Le hoja Jehova a sa bonahale, o teng ’me o na le makhabane ao batho ba mo tsebang ba a ratang. Bibele e re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.” (Pesaleme ea 37:​28) E boetse e re “o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau,” haholo-holo ho batho ba hlorisoang. (Jakobo 5:​11) “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng, o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:​18) Na u ne u tseba hore lintho tseo re li etsang li ka thabisa Jehova kapa tsa mo utloisa bohloko? Motho ea khethang ho etsa lintho tse fosahetseng o soabisa Jehova ebile o mo utloisa bohloko. (Pesaleme ea 78:​40, 41) Empa motho ea khethang ho etsa lintho tse nepahetseng o thabisa Jehova.​—Bala Liproverbia 27:11.

3. Jehova o bontša joang hore oa re rata?

Har’a makhabane a Jehova, lerato ke lona le ka sehloohong. Ha e le hantle, “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova ha aa ka a bonahatsa lerato la hae ka Bibeleng feela, empa re le bona le linthong tseo a li bopileng. (Bala Liketso 14:​17.) Ka mohlala, nahana ka tsela eo a re bopileng ka eona. O re file bokhoni ba ho bona mebala e metle, ho utloa ’mino o monate le ho latsoa lijo tse monate. Jehova o batla hore re thabele bophelo.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na Jehova o sebelisa’ng ho etsa lintho tsohle tse hlollang, le hore na o re bontša makhabane a hae joang.

4. Moea o halalelang ke matla ao Molimo a a sebelisang

Feela joalokaha re sebelisa matsoho ha re sebetsa, Jehova le eena o sebelisa moea o halalelang. Bibele e ruta hore moea o halalelang ha se motho empa ke matla ao Molimo a a sebelisang ho etsa lintho. Bala Luka 11:​13 le Liketso 2:​17 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Molimo o tla re fa moea oa hae o halalelang haeba re o kopa. Joale, u nahana hore moea o halalelang ke motho kapa matla ao Molimo a a sebelisang? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?

Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho etsa lintho tse hlollang. Bala Pesaleme ea 33:6 le 2 Petrose 1:​20, 21 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o sebelisitse moea o halalelang ka litsela life hape?

5. Jehova o na le makhabane a khahlehang

Moshe e ne e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo, ’me o ne a batla ho ithuta haholoanyane ka Molimo. Kahoo Moshe o ile a re ho Molimo: “Ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe.” (Exoda 33:​13) Jehova o ile a mo araba ka ho mo bolella hore na ke Molimo ea joang. Bala Exoda 34:​4-6 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Jehova o ile a bontša Moshe makhabane afe a hae?

  • Uena u rata makhabane afe a Jehova?

6. Jehova o khathalla batho

Baheberu bao e neng e le sechaba sa Molimo, e ne e le makhoba Egepeta. Jehova o ile a ikutloa joang ha ba hlorisoa? Bapala AUDIO ebe u tsamaisana le eona, kapa u bale Exoda 3:​1-​10 ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • U ithutile’ng tlalehong ee mabapi le hore na Jehova o ikutloa joang ha batho ba utloisoa bohloko?​—Sheba temana ea 7 le ea 8.

  • Na u nahana hore Jehova o batla ho thusa batho, hona na o na le matla a ho etsa joalo? Ebang karabo ea hao ke e kapa che, hlalosa.

7. Re ka ithuta makhabane a Jehova linthong tseo a li bopileng

Re bona makhabane a Jehova linthong tseo a li bopileng. Bapala VIDEO ebe u bala Baroma 1:​20. Ka mor’a moo le buisane ka potso e latelang.

  • Ke makhabane afe a Jehova ao u a hlokomelang ha u sheba lintho tseo a li bopileng?

BATHO BA BANG BA RE: “Molimo ha se motho, ke moea feela o matla o teng hohle mona.”

  • Uena u re’ng?

  • Ke hobane’ng ha u cho joalo?

KAKARETSO

Jehova ke Moea ’me o na le makhabane a mangata a khahlehang, haholo-holo lerato.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha re sa khone ho bona Jehova?

  • Moea o halalelang ke eng?

  • A mang a makhabane a Jehova ke afe?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute ho eketsehileng ka makhabane a Jehova a mane a ka sehloohong.

“Molimo o na le Makhabane Afe?” (Molula-Qhooa, No. 1 2019)

Ithute lintlha tse bontšang hore Molimo ha a hohle.

“Na Molimo o Hohle?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na ke hobane’ng ha Bibele e bitsa moea o halalelang matsoho a Molimo.

“Moea o Halalelang Ke’ng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ntate e mong ea sa boneng o ne a thatafalloa ho lumela hore Molimo oa mo tsotella. Utloa hore na ke’ng e ileng ea mo kholisa.

“Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang” (Molula-Qhooa, October 1, 2015)