Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Puisano | Fan Yu

Setsebi sa Lik’homputha se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Lik’homputha se Hlalosa Tumelo ea Sona

DR. FAN YU o ile a qala ho sebetsa e le setsebi sa thuto ea lipalo mokhatlong oa lipatlisiso tsa saense o China, haufi le Beijing. Ka nako eo, o ne a sa lumele hore Molimo o teng ebile a lumela ho thuto ea ho iphetola ha lintho. Empa hona joale, o lumela hore Molimo o teng le hore o bopile lintho tsohle. Bangoli ba makasine ena ea TSOHA! ba buisane le eena ka tumelo ea hae.

Re Bolelle ka Uena.

Ke hlahile ka selemo sa 1959 toropong ea Fuzhou e profenseng ea Jiangxi, China. Ha ke le lilemo li 8, naha ea heso ene e fumana liphello tsa ho fetoha ha tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona. Kaha, ntate oa ka e ne e le moenjiniere oa litsela, o ile a laeloa hore a ilo haha seporo sa literene sebakeng se seng se hole. O ne a khona ho re chakela ha ’ngoe feela ka selemo. Ka nako eo, ’mè oa ka e ne e le tichere sekolong sa mathomo, ’me re lula moo mosebetsing oa hae. Ka 1970, re ile ra lokela ho ea motseng o mong o neng o futsanehile haholo oa Liufang profenseng ea Linchuan.

Ke’ng seo lelapa leno le neng le se lumela?

Ntate oa ka o ne a sa rate kereke le lipolotiki. ’Mè oa ka eena e ne e le Mobuddha. Sekolong re ne re rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho, ’me ke ile ka lumela thuto eo.

Ke’ng e ileng ea etsa hore o rate thuto ea lipalo?

Ke ne ke rata thuto ea lipalo hobane e fana ka likarabo tse utloahalang le tse khotsofatsang. Ka 1976 ha Mao Tse-tung, e leng moetapele ea neng a etelletse pele boitseko ba ho fetoloa ha lintho a hlokahala, ke ile ka ea univesithi. Ke ile ka khetha ho etsa thuto ea lipalo e le thuto ea ka e ka sehloohong eo ke ithutang eona sekolong. Ka mor’a hore ke fumane lengolo le phahameng, ke ile ka sebetsa moo ho neng ho etsoa lipatlisiso ka mochini o neng o tla etsa motlakase le ho tsamaisa likepe.

Ke’ng e ileng ea u khahla ka Bibele?

Ke ne ke qala ho utloa hore ho na le ‘Mopi, kahoo ka etsa qeto ea ho iketsetsa lipatlisiso

Ka 1987, ke ile ka ea United States e le hore ke ntšetse lithuto tsa ka pele Univesithing ea Texas A&M. Ke ne ke tseba hore America, batho ba bangata ba lumela ho Molimo ebile ba bala Bibele. Hape ke ile ka utloa hore Bibele e na le likeletso tsa bohlokoa, eaba ke khetha ho e bala.

Likeletso tsa eona li ile tsa ntsoela molemo. Empa ho ne ho e-na le moo ke sa e utloisiseng teng, kahoo ka tlohela ho e bala.

Ke’ng e ileng ea etsa hore u batle ho bala Bibele hape?

Ka 1990, Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea nketela ’me ea mpontša hore na Bibele e re tšepisa’ng ka bokamoso. E ile ea etsa tokisetso ea hore banyalani ba bang ba ntlhalosetse seo Bibele e se rutang. Hamorao mosali oa ka Liping, eo e neng e le tichere ea lithuto tsa mahlale sekolong se phahameng, ea neng a boetse a sa lumele hore Molimo o teng, o ile a ithuta Bibele. Re ile ra ithuta seo Bibeleng e se rutang ka hore na bophelo bo qalile joang. Kaha ke ne ke qala ho utloa hore ho na le ’Mopi, ke ile ka nka qeto ea ho iketsetsa lipatlisiso.

U ile oa fumana’ng?

Joaloka setsebi sa thuto ea lipalo, ke ne ke koetliselitsoe ho hakanya liketsahalo tsa lintho. Ke ile ka ithuta hore e le hore bophelo bo be teng, ho hlokahala liprotheine. Kahoo, ke ile ka etsa lipatlisiso ho bona hore na ho ka etsahala hore liprotheine li be teng feela tje ka mohlolo na. Liprotheine ke tse ling tsa likaroaloana tsa ’mele tse rarahaneng haholo ’me lisele li na le mefuta e mengata ea liprotheine tse sebetsang hammoho le lisele tsena. Kahoo, ke ile ka hlokomela hore ha ho mohla lintho tse rarahaneng joalo ka tseo li ka iketsahallang feela. Hohle moo ke balileng thutong ea ho iphetola ha lintho, ha ke e-s’o fumane tlhaloso e utloahalang le e hlakileng e hlalosang hore na ke joang liproteine le lisele li ba teng le ho ikatisa ka teng. Seo se ile sa mpontša hore kannete ho na le ’Mopi!

U ile oa kholisoa ke’ng hore Bibele ke lentsoe la Molimo?

Ha ke ntse ke ithuta le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka hlokomela hore Bibele e na le boprofeta bo bongata bo seng bo phethahetse. Ke ile ka boela ka bona hore ho phela ka melao-motheo ea Bibele hoa thusa. Ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha seo Bibele e se buang se ntse se le bohlokoa ho fihlela joale empa e ngoetsoe khale hakana. Kahoo, ha ke ntse ke ithuta eona, ke ile ka bona hore ke lentsoe la Molimo.

Ke’ng hape e ileng ea u kholisa hore Molimo o teng?

Ha ke bona kamoo popo e hlollang kateng, ke ile ka ba le tumelo e matla le ho feta ea hore Molimo o teng. Hona joale ke etsa mananeo a lik’homputha ’me ke lula ke makatsoa ke ho bona hore boko ba rona, bo sebetsa ka tsela e hlollang ho li feta. Ka mohlala, tsela eo boko ba rona bo khonang ho utloa molumo kapa lentsoe e ea hlolla. Boko bo khona hore thusa ho utloa melumo e sa tsoaneng, e bang ke lipolelo tse sa fellang, letšeho, ho khohlela, motho ea lehoeleha, melumo e utloahallang tlaase, re boetse re khona ho utloa ha motho a sa re bolelle ’nete phonong. Mohlomong u kanna oa utloa e le ntho e sa reng letho. Empa litsebi tsa lik’homputha tsona, li bona hona ele ho hlollang. Le hoja li qopitsa tsela eo boko bo sebetsang ka eona ha li etsa mananeo a k’homputha, ha ho mohla li ka khonang ho etsisa boko ka ho felletseng.

Ho fapana le lik’homputha, boko ba rona bo khona ho tseba na motho u ikutloa joang, bo khona ho tseba hore na lentsoe le buang ke la mang. Ke kahoo, litsebi li ntseng li leka ho qopitsa tsela eo boko bo sebetsang ka eona e le hore li ntlafatse mananeo a lik’homputha a khonang ho utloa molumo. ’Me ke kholisehile hore ka ho etsa joalo, ba tla be ba ithuta ka popo e hlollang ea Molimo.