Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PUISANO | LE DR. GENE HWANG

Setsebi sa Thuto ea Lipalo se Bua ka Tumelo ea Sona

Setsebi sa Thuto ea Lipalo se Bua ka Tumelo ea Sona

Dr. Gene Hwang, ea hlahetseng Tainan, e naheng ea Taiwan ka 1950, ke profesa ea thuto ea lipalo univesithing ea sechaba ea Chung Cheng e Taiwan. Hape e ne e le profesa univesithing ea Cornell, U.S.A., moo a neng a ruta teng a ba a etsa lipatlisiso litabeng tsa lipalo-palo le probability. Ka lilemo tse ngata e bile eena setsebi sa lipalo-palo seo ho buuoang ka sona ka ho fetisisa, e leng mosebetsi oo a ntseng a o etsa le kajeno. Ha e sa le mohlankana, o ne a lumela hore bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Empa hamorao o ile a fetola maikutlo. Tsoha! e ile ea mo botsa ka mosebetsi oa hae le bolumeli ba hae.

U ile ua ithuta lithuto life ha u sa le mocha?

Sekolong seo ke neng ke se kena, re ne re rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho, empa ha ho motho ea neng a hlalosa hore na ho tlile joang hore bophelo bo be teng. Ha batsoali ba ka e e-ba Batao, ke ne ke mamela baruti ba bona ebe ke ba botsa lipotso tse ngata. Leha ho le joalo, ke likarabo tse seng kae feela tsa bona tse neng li nkhotsofatsa.

Ke hobane’ng ha u ile ua ba setsebi sa thuto ea lipalo?

Ha ke le sekolong sa mathomo, ke ne ke rata thuto ea lipalo. Ke ile ka e rata ho fihlela ke fihla univesithi, moo ke neng ke etsa thuto ea lipalo le probability. Ke nka hore ho fumana karabo thutong ea lipalo ke ntho e ntle le e babatsehang.

Ke eng e ileng ea etsa hore u thahaselle Bibele?

Ka 1978, mosali oa ka e leng Jinghuei, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ka linako tse ling ke ne ke e-ba teng ha ba ithuta. Ka nako eo, re ne re lula United States. Jinghuei o ne a sa tsoa fumana lengolo la doctorate litabeng tsa fisiks ’me ke ithuta lipalo-palo univesithing ea Purdue e Indiana.

Maikutlo a hao e ne e le afe ka Bibele?

Ke ile ka hlolloa ke tlaleho e buang ka kamoo lefatše le ileng la lokisoa kateng e le hore batho ba phele ho lona. Nako ea matsatsi a tšeletseng a pōpo ao ho buuoeng ka ’ona ho Genese, aa utloahala ha a bapisoa le lintho tseo ke ileng ka ithuta tsona. * Ho ntse ho le joalo, ka lilemo tse ngata ke ne ke sa lumele hore ’Mōpi o teng.

Ke hobane’ng ha u ne u thahasella ho tseba ho eketsehileng?

Ho lumela hore ho na le ’Mōpi ho ne ho bolela hore ke hlanohela bolumeli ba ka

Sena se ne se ama tsela eo ke ikutloang ka eona. Ho lumela hore ho na le ’Mōpi ho ne ho bolela hore ke hlanohela bolumeli ba ka, hobane Botao ha bo rute hore ho na le Molimo kapa ’Mōpi.

Leha ho le joalo, hamorao maikutlo a hao a ile a fetoha. Ke hobane’ng ha u ile ua fetola maikutlo?

Ha ke ntse ke nahana ka hore na bophelo bo bile teng joang, ke ile ka kholiseha hore e tlameha ebe ntho ea pele e phelang e ne e rarahane haholo. Ka mohlala, e ne e tlameha ho ikatisa, e leng se neng se hloka hore e be le boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso le mokhoa oa ho hlahisa boitsebiso bo tšoanang. Hape, esita le sele e nyenyane ka ho fetisisa e hloka mechine ea limolek’hule e tla haha likarolo tsohle tsa sele e ncha, hammoho le mokhoa oa ho kopanya le ho tsamaisa matla. Lintho tse rarahaneng joalo li ne li ka hlaha ka tšohanyetso nthong e sa pheleng joang? Kaha ke setsebi sa lipalo, ke ne ke sa kholoe lintho tse joalo tse inahaneloang. Ho hang li ne li ke ke tsa iketsahalla ka tšohanyetso.

Ke eng e ileng ea etsa hore u hlahlobisise lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova?

Ka linako tse ling ke ne ke ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ka 1995 ha ke etetse Taiwan, ke ile ka kula kahoo ke ne ke hloka thuso. Mosali oa ka o ile a buisana le Lipaki Tsa Jehova tse Taiwan a le United States. Li ile tsa fumana ke khathetse habohloko kantle ho sepetlele kaha libethe li ne li tletse. E mong oa Lipaki o ile a nkisa hoteleng e le hore ke phomole. O ne a nketela khafetsa a bile a nkisa ngakeng.

Tsela eo a ileng a ntšoara ka eona e ile ea nkama maikutlo haholo ’me ea nkhopotsa kamoo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa etsa se tšoanang ho lelapa la ka. Ka lebaka la tumelo ea tsona, ke ile ka hlokomela hore li fapane le batho ba bang. Kahoo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le tsona. Ke ile ka kolobetsoa selemong se latelang.

Na seo u seng u se lumela se hanyetsana le lithuto tsa hao?

Le hanyenyane! Lilemong tsa morao tjena ke ile ka tšehetsa bo-rasaense ba ithutang ka mosebetsi oa liphatsa tsa lefutso. Thuto ea liphatsa tsa lefutso e etsa hore ke utloisise hore na bophelo bo bile teng joang ’me seo se etsa hore ke hlolloe ke bohlale ba ’Mōpi.

Fana ka mohlala oa bohlale boo.

Nahana ka ho ikatisa ha lintho tse phelang. Lintho tse ling tse phelang, tse kang li-amoeba, ha li na e tona kapa e tšehali. Sele e le ’ngoe ea amoeba e ikatisa ka boeona ’me e hlahisa e tšoanang le eona hantle. Leha ho le joalo, liphoofolo tse ngata le limela li ikatisa ka hore li kopanye boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso ba e tona le e tšehali. Ke hobane’ng ha e le ntho e hlollang hore ebe lintho tse ling tse phelang li ikatisa ka ho kopanya boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso ba e tona le e tšehali?

Ho ke ke ha khoneha hore ntho e ’nileng ea ikatisa ka boeona ka lilemo-lemo ebe ka tšohanyetso e se e hloka ea bobeli e le hore e ikatise. Lintho tse hlokahalang e le hore boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso bo nthong e tona le ho e tšehali e phelang li kopane, li rarahane haholo. Kahoo, sena se etsa hore thuto ea ho iphetola ha lintho e be e sa utloahaleng. Ke utloisisa hore mokhoa oa ho ikatisa o hlokang hore ho kopane lintho tse peli tse phelang, o bontša ka ho hlaka hore li bōpiloe ke Molimo.

^ ser. 11 Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le nako ea pōpo, sheba bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.dan124.com/st.