Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Etsang Hore Lenyalo le Atlehe

Kamoo re ka Etsang Hore Lenyalo le Atlehe

Pono ea Bibele

Kamoo re ka Etsang Hore Lenyalo le Atlehe

“Ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’ . . . Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mantsoe ana a Jesu Kreste a tlalehiloe ho Matheu 19:4-6.

BATHO ha ba sa nka lenyalo e le la bohlokoa lefatšeng lena la rōna leo melao ea lona ea boitšoaro e lulang e fetoha. Banyalani ba bangata baa arohana kapa baa hlalana ha e mong a se a sa khahloe ke chebahalo ea e mong kapa ha ho hlaha mathata, ka linako tse ling e se le mathata a tebileng. Ka masoabi, sena se atisa ho siea bana ba bona ba sithabetse maikutlong.

Batho ba ithutang Bibele ha ba makatsoe ke maemo ana. Bibele e ile ea bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong eo re phelang ho eona hona joale, batho ba bangata ba ne ba tla haelloa ke litšobotsi tse kopanyang malapa—e leng botšepehi, lerato la sebele le lerato la tlhaho. (2 Timothea 3:1-5) Na u tšoenngoa ke ho senyeha hoo ha melao ea boitšoaro le kamoo ho ammeng bophelo ba lelapa kateng? Na u nka lenyalo e le la bohlokoa?

Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke Bibele, kaha keletso ea eona e molemo, e tsoela pele ho thusa banyalani ba bangata. Ka mohlala, nahana ka melao-motheo e mehlano feela e ka thusang manyalo e le kannete. *

Lintlha Tse Hlano Tsa Bohlokoa Tse Etsang Hore Lenyalo le Atlehe

(1) Talima lenyalo le halalela. Joalokaha mantsoe a Jesu a qotsitsoeng ka ho le letšehali a bontšitse, eena hammoho le ’Mōpi, Jehova Molimo, ba talima lenyalo le halalela. Ntlha ena e totobatsoa ke temoso e tiileng eo Molimo a ileng a e fa banna ba itseng ba mehleng ea boholo-holo ba neng ba hlala basali ba bona e le hore ba nyale basali ba bacha lilemong. Molimo o ile a re: “U ile ua hlokela [mosali oa hao oa matsoathaka] botšepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosali oa hao.” Eaba Jehova o bua polelo ena e matla: “Ke hloile ha monna a etsetsa mosali oa hae sehlōhō se joalo.” (Malakia 2:14-16, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho hlakile hore Molimo ha a nke lenyalo habobebe; o ela hloko tsela eo banna le basali ba tšoaranang ka eona.

(2) E-ba monna ea nang le boikarabelo. Ha ho hlaha taba ea bohlokoa ka lapeng, ho hlokahala hore qetellong ho be le motho ea etsang qeto. Bibele e fa monna boikarabelo boo. Baefese 5:23 e re: “Monna ke hlooho ea mosali oa hae.” Empa bohlooho ba monna ha bo bolele hore o lokela ho hatella mosali oa hae. Monna o lokela ho hopola hore ke “nama e le ’ngoe” le mosali oa hae ’me o lokela ho mo hlompha, a mo rerise ka lintho tse amang lelapa. (1 Petrose 3:7) Bibele e fana ka keletso e reng “banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.”—Baefese 5:28.

(3) E-ba mosali ea tšehetsang monna. Bibele e hlalosa mosali e le “motlatsi” oa monna oa hae. (Genese 2:18) Ka hona o tlatsetsa ka litšobotsi tsa bohlokoa lenyalong. Hape, joaloka motlatsi ha a hlōlisane le monna oa hae empa o mo tšehetsa ka lerato, kahoo o thusa lelapa hore le be le khotso. Baefese 5:22 e re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona.” Leha ho le joalo, ke eng seo a ka se etsang haeba a sa lumellane le monna oa hae ka taba e itseng? Boemong boo o lokela ho ikutloa a lokolohile hore a ntše maikutlo a hae ka mokhoa o nang le seriti le o bontšang tlhompho, feela joalokaha a ne a ka rata hore monna oa hae a bue le eena ka tsela eo.

(4) Talima lintho ka tsela ea sebele ’me u lebelle mathata. Lenyalo le ka ba mathateng haeba banyalani ba bua mantsoe a sa nahaneleng kapa a hlokang mosa, ho hlaha mathata a lichelete, bokuli bo tebileng kapa mathata a ho hōlisa bana. Ke kahoo Bibele e bolelang ka ho toba hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Empa ha ho hlokahale hore matšoenyeho le mathata a fokolise lenyalo. ’Nete ke hore ha batho ba babeli ba ratana ebile ba e-na le bohlale bo tsoang ho Molimo, ba khona ho rarolla mathata a ka ’nang a baka likarohano. Na u na le bohlale bo hlokahalang e le hore u sebetsane le mathata a ka ’nang a hlaha lelapeng la hao? Bibele e re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.”—Jakobo 1:5.

(5) Tšepahala ho molekane oa hao. Ha ho na ntho e ka senyang lenyalo joaloka bohlola kapa ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, e leng oona motheo feela oa ho hlala o amoheloang ke Molimo. (Matheu 19:9) Bibele e re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Ke eng seo banyalani ba ka se etsang se tla ba thusa hore ba qobe ho lekeha ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate kantle ho lenyalo? Bibele e re: “Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.”—1 Bakorinthe 7:3, 4.

Ba bang ba ka ’na ba re lintlha tsena tse hlano li molemo, empa ha ho na motho ea ka li latelang, ha ba bang bona ba re li siiloe ke nako. Empa liphello tse bang teng ha batho ba li latela li bontša hore ba fositse. Ha e le hantle, li tšoana le liphello tse tlelang motho ea kōpang thuso ho Molimo hore a mo tataise likarolong tsohle tsa bophelo. Bibele e re ka eena: “Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:2, 3) Polelo e reng, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe” e akarelletsa le ho atleha lenyalong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka lenyalo, sheba khatiso ea February 1, 2011, ea makasine e tsamaisanang le ena, e leng ea Molula-Qhooa.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Molimo o talima tlhalo joang?—Malakia 2:14-16.

● Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang?—Baefese 5:23, 28.

● Ke bohlale ba mang bo etsang hore lenyalo le atlehe?—Pesaleme ea 1:2, 3.