Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Kamoo le ka Khaotsang ho Ngangisana

Kamoo le ka Khaotsang ho Ngangisana

BOTHATA

Na uena le molekane oa hao le sitoa ho buisana le khobile matšoafo? Na hangata u ikutloa u tšoenyehile hobane u sa kholiseha hore na seo u se buang se tla halefisa molekane oa hao ebe lea ngangisana?

Haeba ho joalo, kholiseha hore maemo a ka ntlafala. Empa pele, u lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha uena le molekane oa hao le ngangisana hakana.

SE ETSANG HORE LE NGANGISANE

Ho se utloisisane.

Mosali ea bitsoang Jillian * oa lumela: “Ka linako tse ling ke bua ntho e itseng ho monna oa ka ’me ke e bue ka tsela eo ke neng ke sa ikemisetsa ho e bua ka eona. Kapa ke kholisehe hore ke mo boleletse ntho itseng, athe ha e le hantle ke ne ke mpa ke lora!”

Maikutlo a sa tšoaneng.

Ho sa tsotellehe hore na le tšoanelana hakae le molekane oa hao, le ke ke la ba le maikutlo a tšoanang linthong tse ling. Hobane’ng? Hobane ha ho na batho ba babeli ba tšoanang hantle—’me seo se ka etsa hore lenyalo e be le thahasellisang kapa ha baka mathata. Ho banyalani ba bangata, seo se baka mathata.

Ho hloka mohlala o motle.

Mosali ea bitsoang Rachel o re: “Batsoali ba ka ba ne ba lula ba ngangisana ’me ba buisana ka tsela e sa bontšeng tlhompho, kahoo ha ke nyaloa ke ile ka buisa monna oa ka ka tsela eo ’Mè a neng a buisa Ntate ka eona. Ke ne ke sa ithuta ho bontša tlhompho.”

Se hlileng se bakang bothata.

Hangata banyalani ba ka ngangisana ka ntho e itseng, empa ha e le hantle ba tseka ntho e ’ngoe e fapaneng. Ka mohlala, ha ba qala ho qabana ’me e mong a re, “U lula u siuoa ke nako!” e ka ’na eaba ho tletleba hoo ha ho bakoe ke taba ea ho tšoara nako, empa molekane e mong o ikutloa a tšoeroe ka tsela e sa bontšeng ho nahanela.

Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ha le lula le ngangisana, seo se ka ’na sa ama bophelo ba lōna hampe kapa sa etsa hore le qetelle le hlalana. Joale, le ka etsa’ng hore le khaotse ho ngangisana?

 SEO LE KA SE ETSANG

Ntho e ka sehloohong e ka etsang hore le khaotse ho ngangisana, ke ho tseba lintho tse etsang hore le ngangisane. Ha uena le molekane oa hao le se le theotse maikutlo, lekang ho etsa lintho tse latelang.

1. E mong le e mong oa lōna o lokela ho ngola leqepheng la hae taba eo le sa tsoa ngangisana ka eona. Ka mohlala, monna a ka ’na a ngola a re, “U ile ua qeta letsatsi lohle le metsoalle ea hao ’me ua seke ua ntetsetsa ho mpolella hore na u hokae.” Mosali a ka ’na a ngola a re, “U ile ua halefa hobane ke qetile nako le metsoalle ea ka.”

2. Le ikemiselitse ho mamelana, buisanang ka lintho tse latelang: Na taba ee e ne e tebile hakaalo? Na re ka be re ile ra e hlokomoloha? Maemong a mang, ho ka ba molemo hore le amohele hore ha le lumellane ka taba e itseng ’me le koahele taba eo ka lerato.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 17:9.

Haeba uena le molekane oa hao le etsa qeto ea hore taba eo ke ntho e sa reng letho, kōpang tšoarelo ’me le se hlole le buisana ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:13, 14.

Haeba ho bonahala eka taba eo e tebile ho e mong oa lōna, fetelang mohatong o latelang.

3. Ngola hore na u ne u ikutloa joang ha le ne le ngangisana, ’me u kōpe molekane oa hao hore le eena a etse se tšoanang. Ka mohlala, monna a ka ’na a ngola a re, “Ke ile ka nahana hore u thabela ho ba le metsoalle ea hao ho feta ho ba le ’na.” Mosali a ka ’na a ngola a re, “Ke ile ka ikutloa eka u ntšoara joaloka ngoana ea lokelang ho bolella ntate oa hae hore na o ea hokae.”

4. Fapanyetsanang maqephe, ’me le bale lintho tseo le li ngotseng. Ke eng seo molekane oa hao a neng a tšoenyehile haholo ka sona ha le ne le ngangisana? Buisanang ka hore na le ka be le entse eng ho lokisa bothata boo le sa ngangisane.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 29:11.

5. Buisanang ka hore na le ithutile eng ka ho sebelisa litlhahiso tsena. Le ka sebelisa lintho tseo le ithutileng tsona joang hore le rarolle mathata kapa le qobe ho ngangisana nakong e tlang?

^ ser. 7 Mabitso a fetotsoe.