Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINTHO TSA TLHAHO

Khama—Phoofolo e Khōlō ea Morung

Khama—Phoofolo e Khōlō ea Morung

“KHAMA ea morung ke phoofolo e sa tloaelehang le e shebahalang ka tsela e makatsang. Ke hobane’ng ha e phahame hakaale mahetleng? Ke hobane’ng ha e e-na le hlooho e motopo?” Motho ea ngotseng mantsoe ana, e leng Henry David Thoreau, oa lekholong la bo19 la lilemo, hase eena feela ea neng a ipotsa lipotso tseo ka khama ena. Kaha phoofolo ena e shebahala ka tsela e makatsang ’me ke batho ba ’maloa feela ba kileng ba e bona, batho ba bang ba nahana hore phoofolo ena e thatafalloa ho tsamaea le hore ha e bohlale. Na ehlile ho joalo? Bafuputsi linaheng tsa Amerika Leboea le Eurasia, ba fumane lintlha tse ngata ka phoofolo ena e sa tloaelehang.

Ha ho na motho ea ka latolang hore khama ke phoofolo e khōlō. Le hoja phoofolo ena e bitsoang “morena oa moru” e e-na le meomo e melelele e etsang hore e shebahale ka tsela e makatsang, meomo eo e e thusa ho itoanela ha e hlaseloa ke liphiri. Likhama tsa morung li ithuta ho sesa ka mor’a matsatsi a ’maloa feela li hlahile, ’me li ’nile tsa bonoa li sesa lik’hilomithara tse ngata, li qoela botebo ba limithara tse ka bang tse tšeletseng e le hore li je limela tse ka metsing!

Khama ea morung e khona ho tsamaisa mahlo a eona le ho utloa se etsahalang ka mor’a eona ho sa hlokahale hore e hetle. Nko ea eona le eona e e thusa haholo. Bafuputsi ba bolela hore kaha masoba a nko ea eona a arohane haholo, a e thusa hore ha e fofonela, e khone ho tseba sebaka seo ntho e itseng e leng ho sona. Bokhoni ba eona ba ho utloa bo tlatsetsa lithong tsa eona tsa kutlo. Litsebe tsa eona li kobehela ka mahlakoreng ’ohle  ’me li ka utloa molumo oa likhama tse ling li le bohōle ba lik’hilomithara tse tharo!

Ha mongoli e mong a hlalosa chebahalo ea namane ea khama ena, o ile a re e shebahala ka tsela e qabolang, e rata ho ithuta lintho ebile ha e tsotelle. Khama e nang le namane e sireletsa namane ea eona le ho e hlokomela ka lerato. Khama ena e loantša ntho leha e le efe e lekang ho hlasela namane ea eona, ho akarelletsa liphiri, libere le batho. Qetellong, ha namane e e-na le selemo ’me ’m’a eona a sa tsoa emara, namane ena e lelekoa ka bohale ke ’m’a eona e le hore e qale ho itlhokomela.

HO PHELA KAROLONG E KA LEBOEA

Kaha likhama tsa morung li ja limela feela, li etsa joang nakong ea mariha? Li ja haholo nakong ea lehlabula. Li ka ja joang bo etsang boima ba lik’hilograma tse 23 ka letsatsi, ebang li bo fumana holimo lifateng tse bolelele ba limithara tse tharo kapa ka tlaase ho metsi. Li sebelisa lijo tseo hantle ka ho li sila ka mpeng ea tsona e likarolo li ’nè, ’me li fumana limatlafatsi tse etsang hore li none. Leha ho le joalo, ho na le likotsi tseo likhama tsena li tobanang le tsona mariha.

Serame se kenellang masapong le lehloa le lengata, li etsa hore ho be thata hore li mamelle maemo a joalo. Ha li tsamaee haholo mariha e le hore li lule li futhumalitsoe ke boea ba tsona bo bongata. Ho thata hore li balehe liphiri ha ho e-na le lehloa, empa lintho tse kotsi le ho feta ho likhama tsena ke batho—haholo-holo ba tsomang le bakhanni ba likoloi.

Khama ea morung e rata limatlafatsi tseo e li fumanang letsoaing leo hangata le tšeloang litseleng tse khōlō tse karolong e ka leboea e le hore ho qhibilihisoe lehloa. Empa ka lebaka la hore e na le boea bo lefifi ’me e atisa ho tšela tsela letsatsi le se le liketse, bakhanni ba sitoa ho e bona ka nako e le hore ba qobe ho e chaisa. Kahoo, sena se ile sa bolaea batho hammoho le likhama tsena.

PHOOFOLO E RATANG HO BAPALA

Khama ea morung e ’nile ea bonoa e bapala maqhubung a leoatle ’me e thabela ho tola lilibeng tse runyang metsi a chesang. Ho ba le ho utloana pakeng tsa likhama tse tšehali le tse tona nakong ea ho tlōlela, ’me khama e tšehali e tšepahalla namane ea eona ka tsela e hlollang. Ha batho ba hōlisa manamane ana, a ba le lerato le leholo ho bona hoo ekang ke bo-’m’a ’ona. Dr. Valerius Geist o re: “Phoofolo ena e sa tloaelehang e nang le sefahleho se shebahalang ka tsela e makatsang, e bohlale ’me e khona ho nahana kapele, e lerato ebile e tšepahala haholo.”

Manamane a khama ea morung a rata ho ithuta lintho ebile ha a tsotelle

Leha ho le joalo, temoso ke ena: Khama ea morung ke phoofolo e hlaha e matla haholo. Ha ho ka etsahala hore u e bone morung, e hlomphe ’me u tsamaele hōle le eona. Ke habohlokoa hore u tsamaele hōle le eona haholo-holo ha ho e-na le manamane haufinyane. Empa kholiseha hore esita leha u eme hōjana, u tla khahloa ke ho shebella phoofolo ena e khōlō ea morung.