Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Lefatše

Ho felisa tlala ha hoa itšetleha ka tlhahiso ea lijo feela. Ho hakanngoa hore hona joale balemi ba hlahisa lijo tse ka fepang batho ba libilione tse 12—e leng palo e fetang ea baahi ba lefatše ka libilione tse hlano. Bothata bo ka sehloohong ke ba batho ba batlang phaello e ngata, tsela eo lijo li ajoang ka eona haesita le lijo tse senngoang.

Brithani le United States

Phuputsong e entsoeng ho batho ba sebetsang lefapheng la lichelete, ba etsang karolo ea 24 lekholong ba lumela hore ho ka ’na ha “hlokahala hore ba etse lintho tse seng molaong kapa boitšoaro bo bobe e le hore ba atlehe.” Ba etsang karolo ea 16 lekholong ba lumela hore ba ka etsa tlōlo ea molao “haeba ho se motho ea ba bonang.”

Argentina

Naheng ea Argentina, matichere a mararo ho a mahlano a kōpa nako ea ho ba sieo mosebetsing ka lebaka la ho imeloa kelellong kapa liketso tse mabifi tse etsahalang sekolong.

Korea Boroa

Haufinyane, naheng ea Korea Boroa e se e tla ba ntho e tloaelehileng hore batho ba lule ba le bang.

Chaena

Ho bonahala eka metse-meholo e ’meli ho e meraro ea Chaena, e tla hlōleha ho finyella tekanyo ea molao o mocha o behiloeng ke ’muso oa hore ho fokotsoe tšilafalo ea moea. Molao oo o tla kena tšebetsong ka 2016. Ho feta moo, ho boleloa hore metsi a tsoang mehloling e ka tlas’a lefatše a “silafetse kapa a silafetse haholo.”