Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo

Ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo

Na ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho fosahetse?

“Etsoe sena ke seo Molimo a se ratang, . . . hore le ile bohlola.”—1 Bathesalonika 4:3.

SEO BATHO BA SE BUANG

Litsong tse ling ke ntho e amohelehang hore batho ba hōlileng, ba e-s’o kene lenyalong ba kopanele liphate. Athe libakeng tse ling teng, ho nkoa e le ntho e tloaelehileng hore bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba etse liketso tse amanang le ho kopanela liphate.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e sebelisa lentsoe “bohlola” ha e bua ka mekhoa e itseng ea ho kopanela liphate e etsoang ke batho ba sa nyalanang. Molimo o lebeletse hore barapeli ba hae ba “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Bohlola bo balelloa har’a libe tse tebileng, tse kang bofebe, ho sebelisana le meea, botahoa, borapeli ba litšoantšo, ho bolaea le bosholu.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA TABA EE?

Lebaka le leng ke hore Bibele e re lemosa hore “Molimo o tla ahlola lihlola.” (Baheberu 13:4) Habohlokoa le ho feta ke hore ha re mamela melao ea Molimo mabapi le ho kopanela liphate, re bontša hore re rata Jehova Molimo. (1 Johanne 5:3) O tla hlohonolofatsa batho ba mamelang litaelo tsa hae.—Esaia 48:18.

 Na ho fosahetse ha batho ba sa nyalanang ba etsa liketso leha e le life tse amanang le ho kopanela liphate?

“Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna.”—Baefese 5:3.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba lumela hore hase phoso ha batho ba sa nyalanang ba etsa lintho tse ling tse amanang le ho kopanela liphate, hafeela ba sa kopanele liphate ka ho toba.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ha Bibele e bua ka ho kopanela liphate ka tsela e fosahetseng, ha e bue ka bohlola feela empa e boetse e bua ka ho kopanela liphate ‘ho sa hloekang’ le ‘boitšoaro bo hlephileng.’ (2 Bakorinthe 12:21) Ho hlakile hore ho na le liketso tse fapaneng tse amanang le ho kopanela liphate tse etsoang ke batho ba sa nyalanang tseo e leng manyala ho Molimo, esita leha ba sa kopanele liphate ka ho toba.

Ka kakaretso, seo Bibele e se buang mabapi le ho kopanela liphate ke hore monna le mosali ba nyalaneng ke bona feela ba lokelang ho kopanela liphate. Bibele e boetse e nyatsa ‘takatso ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.’ (1 Bathesalonika 4:5) Seo se bolela’ng? Hlokomela mohlala o ka sebetsang ho batho ba babeli ba ratanang: Ngoanana a ka ikemisetsa hore a se ke a kopanela liphate le mohlankana oa hae pele ho lenyalo. Ho ntse ho le joalo, a etsa liketso tse amanang le ho kopanela liphate le eena. Ka ho etsa joalo, ba lakatsa seo e seng sa bona. Kahoo ba molato oa ho ba le ‘takatso ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.’ Bibele e nyatsa meharo e joalo ea ho kopanela liphate.—Baefese 5:3-5.

U ka qoba boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate joang?

“Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA TABA EE?

Ho latela Bibele, ba kopanelang liphate pele ho lenyalo ba kotsing ea ho lahleheloa ke setsoalle sa bona le Molimo.—Bakolose 3:5, 6.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e eletsa batho hore ba ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) Sena se bolela hore motho o lokela ho etsa sohle seo a ka se khonang ho tsamaella hōle le ntho leha e le efe e ka mo hohellang boitšoarong ba ho kopanela liphate. (Liproverbia 22:3) Ka mohlala, e le hore motho a lule a hloekile boitšoarong, ke habohlokoa hore a khaotse ho etsa setsoalle le batho ba hlokomolohang melao ea Molimo tabeng ea ho kopanela liphate. Bibele e ea re lemosa: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.

Ho tlatsa kelello ka lintho tse litšila le hona ho ka lebisa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. (Baroma 8:5, 6) Ka lebaka leo, e ka ba bohlale ho qoba ’mino, livideo, libuka le ntho leha e le efe e bontšang batho ba kopanelang liphate kapa eo ka tsela leha e le efe e khothalletsang ho kopanela liphate ka tsela e halefisang Molimo.—Pesaleme ea 101:3.