Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Arctic

Peter Wadhams, moprofesa oa saense ea maoatle oa Univesithi ea Cambridge e Brithani, o re: “Leqhoa le bang teng lehlabula le etsa kotara feela ea le neng le le teng lilemo tse 30 tse fetileng.” Ka selemo sa 2012, likepe tse ka bang tse 50 li ile tsa sebelisa Tsela e Leoatleng le ka Leboea e ileng ea buleloa likepe ka lebaka la ho futhumala ha lefatše.

Lefatše

Ho fumanoe hore matsatsi ka mor’a hore lesea le hlahe, lebese la ’mè le na le libaktheria tse fapaneng tse fetang tse 700—e leng tse fetang tseo litsebi li neng li lebeletse hore le ka ba le tsona. Litsebi li ntse li batlisisa hore na libaktheria tsena li thusa lesea joang hore le sile lijo hantle le hore le sireletsehe maloetseng.

Brithani

Tekong ea ho khanna eo bo-rasaense ba Mabrithani ba ileng ba e etsa, ba fumane hore bakhanni ba tšoeroeng ke sefuba se tloaelehileng ba ne ba sa nke khato kapele ha ba bapisoa le ba noeleng joala.

Democratic Republic of Congo

Litlou tse likete tse mashome li bolaeloa manaka a tsona Afrika ’me ba bang ba re eo ke polao e “khōlō ka ho fetisa.” Polaong e ’ngoe, litlou tse ’maloa li ile tsa thunngoa lihloohong, e leng se bontšang hore motho ea neng a li thunya o ne a le helikopthareng.

Australia

Mopopotlo o Moholo oa Likorale o ile oa lahleheloa ke halofo ea likorale lilemong tse 27 tse fetileng. Bo-rasaense ba re sena se bakiloe ke maholiotsoana, ho khobokana ha li-starfish le ho soeufala ha likorale ho bakoang ke mocheso o phahameng oa leoatle.