Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

Ho Ruta Bana ho Itšoara

Ho Ruta Bana ho Itšoara

BOTHATA

Ho bonahala ngoana oa hao ea lilemo li tšeletseng a sa utloisise hore na ho bolela’ng ho ba le boitšoaro. Haeba a bona ntho e itseng eo a e batlang, o e batla hona joale! Ka linako tse ling o oa omana ha a koatile. Ua ipotsa, ‘Na ho tloaelehile hore ngoana a itšoare ka tsela ee?’ ‘Na ke ntho ea nakoana feela kapa ke lokela ho qala ho mo ruta ho itšoara?’

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mehleng ea kajeno boitšoaro bo khelloa fatše. Dr. David Walsh o re: “Mehleng ena ea rōna eo ho lumelloang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hangata mecha ea liphatlalatso e khothalletsa batho ba baholo le bana hore ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Re tloaetse ho utloa batho ba lekang ho thusa ba bang hore ba ntlafatse bophelo ba bona le ba bolelang hore ba fana ka likeletso empa ba ipatlela chelete feela, ba re re lokela ho khotsofatsa litakatso tsa rōna.” *

Ke habohlokoa ho ruta ngoana ho itšoara a sa le monyenyane. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng ka nako e telele, bafuputsi ba ile ba fa sehlopha sa bana ba lilemo li ’nè marshmallow e le ’ngoe ngoana ka mong ’me ba ba bolella hore ba ka e ja hang-hang kapa ba ema hanyenyane ho fihlela ba fumana e ’ngoe hape e le ho ba putsa ka lebaka la ho mamella. Hamorao ha ba se ba qetile sekolong, bana ba ileng ba bontša ho itšoara ha ba le lilemo li ’nè ba ne ba tsitsitse maikutlong, ba sebelisana le batho hantle, ba bile ba ipabola lithutong tsa bona tsa sekolo ho feta ba sa kang ba bontša boitšoaro.

Ho se rute ngoana ho itšoara ho ka ba le litholoana tse bosula. Bafuputsi ba lumela hore lintho tse etsahallang ngoana bophelong li ka ama tsamaiso ea hae ea boko. Dr. Dan Kindlon o hlalosa hore na sena se bolela’ng ha a re: “Haeba re bokotsa bana ba rōna, re sa ba rute hore ba eme pele ba fumana ntho e itseng le ho hlōla liteko, liphetoho tse bang teng methapong ea boko tseo re li amahanyang le bokhoni ba motho ba ho emela seo a se lumelang, li ka ’na tsa se ke tsa e-ba teng.” *

SEO U KA SE ETSANG

Ba behele mohlala. Na u khona ho itšoara? Na ngoana oa hao o kile a u bona u halefa ka lebaka la ho tšoarelloa ke sephethephethe sa likoloi, u fohla batho ba emeng moleng ka lebenkeleng kapa u kena batho hanong ha ba ntse ba bua? Kindlon o re: “Tsela e tobileng eo ka eona re ka thusang bana ba rōna ho ba le boitšoaro ke ka ho ba behela mohlala.”—Molao-motheo oa Bibele: Baroma 12:9.

Ruta ngoana ka litholoana tsa ho se mamele. Thusa ngoana oa hao ho latela lilemo tsa hae hore a bone melemo ea ho qoba ho khotsofatsa takatso e ’ngoe le e ’ngoe ea hae ’me u mo bontše le liphello tsa ho batla ho etsa joalo. Ka mohlala, haeba ngoana oa hao a koatisitsoe ke taba ea hore motho e mong o ile a mo tšoara hampe, mo thuse hore a ipotse: ‘Na ho iphetetsa ho tla nthusa kapa ho tla nkutloisa bohloko? Na ho na le tsela e molemo eo nka sebetsanang le boemo boo ka eona, mohlomong ke imamele hanyenyane e le hore bohale ba ka bo kokobele? Kapa mohlomong nka tloha boemong boo?’—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:7.

Khothatsa ngoana oa hao. Babatsa ngoana oa hao ha a bontšitse boitšoaro. Mo bolelle hore hase kamehla ho ka bang bonolo hore a ithibe ha a batla ntho e itseng empa leo ke letšoao la hore o khona ho itšoara! Bibele e re: “Motho ea sa thibeng moea oa hae, o joaloka motse o thuhiloeng, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28) Ka lehlakoreng le leng, “ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.”—Liproverbia 16:32.

Itlhakiseng. Le ka bapala papali e bitsoang “U ne U ka Etsa’ng?” kapa “Liqeto Tse Molemo le Liqeto Tse Fosahetseng” kapa papali e ’ngoe e tšoanang le tsona. Buisanang ka boemo bo ka ’nang ba hlaha le hore na ngoana a ka itšoara joang boemong boo ’me le bontše “tsela e nepahetseng ea ho itšoara” kapa “tsela e fosahetseng ea ho itšoara.” Sebelisa mekhoa e fapaneng: haeba u rata, sebelisa lipopi, litšoantšo kapa mokhoa o mong o itseng ho etsa hore papali ea lōna e be e monate le e rutang. Sepheo sa hao ke ho thusa ngoana oa hao hore a hlokomele hore ho itšoara ho molemo ho feta ho nkoa ke maikutlo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 29:11.

E-ba le mamello. Bibele e re “booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liproverbia 22:15) U se ke ua lebella hore ngoana oa hao a bontše boitšoaro ka ho panya ha leihlo. Buka ea Teach Your Children Well e re: “Ho nka nako ho ruta ngoana hore a bontše tšobotsi ena. Empa u ke ke ua ikoahlaea.” Buka ena e phaella ka ho re: “Ngoana ea khonang ho itšoara, a ka khona ho qoba ho sebelisa lithethefatsi ha a le lilemo li 12 kapa ho kopanela liphate ha a le lilemo li 14.”

^ ser. 6 Ho ea ka buka ea No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.

^ ser. 8 Ho ea ka buka ea Too Much of a Good Thing—Raising Children of Character in an Indulgent Age.