Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Mamello

Mamello

Ho amohela batho ba bang, ho ba tšoarela le ho ba mamella ho etsa hore re phelisane ka khotso. Empa na mamello e lokela ho ba le meeli?

Ke’ng e ka re thusang ho bontša mamello haholoanyane?

SE ETSAHALANG KAJENO

Lefatšeng ka bophara, ho rena ho hloka mamello ho hlohlelletsoang ke lintho tse kang khethollo ea morabe, moea oa bochaba le batho ba chesehelang bolumeli ka tsela e feteletseng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu Kreste o ne a pota-potiloe ke ho hloka mamello. Bajuda le Basamaria ba ne ba hloeane. (Johanne 4:9) Banna ba ne ba nkoa ba phahametse basali. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba khetholla batho ba maemo a tlaase. (Johanne 7:49) Jesu Kreste o ile a ipaka a fapane hōle le bona. Bahanyetsi ba hae ba ile ba re: “Monna enoa o amohela baetsalibe ’me o ja le bona.” (Luka 15:2) Jesu o ne a le mosa ebile a e-na le mamello hobane o ne a sa tlela ho ahlola batho, empa ho ba thusa hore ba be le kamano e haufi le Molimo. Ntho e ka sehloohong e neng e mo susumeletsa ho etsa joalo, ke lerato.—Johanne 3:17; 13:34.

Jesu ke mohlala o motle oa ho mamella hobane o ne a sa tlela ho ahlola batho, empa ho ba thusa hore ba be le kamano e haufi le Molimo

Lerato, e leng ntho e tla re thusa ho ba le mamello, le re thusa ho amohela batho ba bang ho sa tsotellehe mefokolo ea bona le mekhoa ea bona e sa tloaelehang. Bakolose 3:13 e re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”

“Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”1 Petrose 4:8.

Ke hobane’ng ha mamello e lokela ho ba le meeli?

SE HLILENG SE ETSAHALANG

Lichaba tse ngata li leka ho boloka molao le taolo. Kahoo, hangata li beha meeli e leka-lekaneng ea hore na batho ba lokela ho itšoara joang.

SEO BIBELE E SE BUANG

“[Lerato] ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.” (1 Bakorinthe 13:5) Le hoja Jesu a ne a beha mohlala o motle tabeng ea ho bontša mamello, ha aa ka a khothalletsa boitšoaro bo litšila, boikaketsi le lintho tse ling tse mpe. Ho e-na le hoo, o ne a nyatsa lintho tse joalo ka sebete. (Matheu 23:13) O ile a re: “Etsoe ea tloaetseng ho etsa lintho tse mpe o hloile leseli [la ’nete].”—Johanne 3:20.

Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.” (Baroma 12:9) O ile a phelela mantsoe ao. Ka mohlala, ha Bakreste ba Bajuda ba ikarola ho bao e seng Bajuda, Pauluse eo e neng e le Mojuda o ile a bua le bona ka mosa empa a tiile. (Bagalata 2:11-14) O ne a tseba hore Molimo ea seng “leeme,” o ne a ke ke a lumella hore ho be le khethollo ea morabe har’a batho ba Hae.—Liketso 10:34.

Kaha ke Bakreste, Lipaki Tsa Jehova li batla tataiso ea Bibele litabeng tsa boitšoaro. (Esaia 33:22) Kahoo, ha li lumelle bokhopo har’a tsona. Liphutheho tse hloekileng tsa Bokreste ha lia lokela ho silafatsoa ke batho ba sa batleng ho mamela melao ea Molimo. Ka lebaka leo, Lipaki li mamela taelo e hlakileng ea Bibele e reng: “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.”—1 Bakorinthe 5:11-13.

“Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe.”Pesaleme ea 97:10.

Na Molimo o tla mamella bokhopo ka ho sa feleng?

SEO BA BANGATA BA SE LUMELANG

Bokhopo bo tla lula bo le teng ka lebaka la tsela eo batho ba bōpehileng ka eona.

SEO BIBELE E SE BUANG

Moprofeta Habakuke o ile a rapela Jehova Molimo a re: “Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?” (Habakuke 1:3) Molimo o ile a etsa hore moprofeta oa hae ea tšoenyehileng a se ke a ba le khoao ka ho mo tiisetse hore O tla etsa hore ba khopo ba fumane kotlo. O ile a re tšepiso eo: “Ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako!”—Habakuke 2:3.

Pele seo se etsahala, bafosi ba fuoa monyetla oa hore ba furalle litsela tsa bona tse mpe. “‘Na ka tsela leha e le efe ke khahloa ke lefu la ea khopo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ho feta ha a furalla litsela tsa hae ’me a tsoela pele ho phela?’” (Ezekiele 18:23) Batho ba batlang Jehova ka ho lahla litsela tsa bona tse mpe, ba ka ba le tšepo e babatsehang ka bokamoso. Liproverbia 1:33 e re: “Ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”

“Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng. . . Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”Pesaleme ea 37:10, 11.