Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letša la Nicaragua le tsejoa ka sehlekehleke sa Ometepe, se nang le sebaka se seholo se nang le lithaba tse peli tse foqohang seretse se chesang tse kopantsoeng ke mochophoro

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Nicaragua

Ho Etela Nicaragua

BATHO ba bangata ba bitsa Nicaragua naha ea matša le lithaba tse foqohang seretse se chesang. Naha ena e na le letša le leholo ka ho fetisisa Amerika Bohareng, e leng Letša la Nicaragua. Matsoalloa a teng a e bitsa Cocibolca, e bolelang “Leoatle la metsi a monate.” Le na le lihlekehleke tse makholo ’me ke lona feela letša le hloekileng le nang le litlhapi tse kang lishaka, li-swordfish le li-tarpon.

Sacuanjoche (frangipani) ke palesa ea naha ea Nicaragua

Nicaragua e boetse e na le sebaka se ka thōko ka ho fetisisa Amerika Bohareng e leng Lebōpo la Menoang. Lebōpo lena le bophara ba lik’hilomithara tse 65 ho ea ka bochabela ho naha ’me le fihla le naheng ea boahelani ea Honduras. Mamiskito ke ba bang ba lihlopha tsa matsoalloa a Nicaragua ao pale ea ’ona e qalileng pele Maeurope a fihla, lekholong la bo16 la lilemo.

Mamiskito ke batho ba botsoalle ebile ba na le litloaelo tse ikhethang. Ka mohlala, puo ea bona ha e na litlotla tse kang “Monghali” kapa “Mofumahatsana.” Libakeng tsa mahae, bacha ba bitsa batho ba boholo ho bona “Rangoane” kapa “’Mangoane,” ho sa tsotellehe hore na ke beng ka bona kapa che. Tloaelo e ’ngoe ea khale ea basali ba Mamiskito ke ea hore ha ba lumelisa metsoalle e haufi le beng ka bona ba thetsane ka marama. Joale mosali ea lumelisitseng pele, o hema ka linko.

Matsoalloa a Nicaragua

Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa puo ea Semayangna le Semiskito, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova