Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Liechtenstein

Ho Etela Liechtenstein

LIECHTENSTEIN ke e ’ngoe ea linaha tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. E lipakeng tsa lithaba tsa Switzerland le Austria. Maalemanni, Macelt, Marhaetian le Maroma ba lutse naheng ena ka lilemo-lemo. Boholo ba batho ba lulang Liechtenstein ke Maalemanni ’me ba na le lilemo tse 1 500 ba lula moo.

Puo e buuoang Liechtenstein ke Sejeremane, le hoja metseng e meng ho buuoa Sejeremane ka litsela tse fapaneng. Liechtenstein ho jeoa Tüarka-Rebel, e leng lijo tse entsoeng ka poone, le Käsknöpfle e leng pasta e nang le chisi e ngata.

Käsknöpfle

Liaparo tsa setso

Batho ba etelang naha ena ba thabela ho bona lithaba tse koahetsoeng ke lehloa, liphula tse tala, lirapa tsa morara, le limela tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, lithabeng tseo ho na le mefuta e 50 ea lipalesa tsa ’mametsana. Liechtenstein e boetse e na le limusiamo, liholo tseo ho shebelloang lifilimi ho tsona le libaka tseo ho etsoang veine. Kahoo, lehlabula le mariha ho lula ho e-na le baeti naheng ena.

Lipaki Tsa Jehova li bile teng Liechtenstein ka bo-1920. Hona joale ho na le Lipaki Tsa Jehova tse 90 naheng ena ’me li ruta baahi le baeti ka Bibele.