Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Lipotso Tse Tharo Tseo Batho ba ka Ratang ho li Botsa Molimo

Lipotso Tse Tharo Tseo Batho ba ka Ratang ho li Botsa Molimo

SUSAN o ile a qala ho botsa lipotso ka Molimo ha a le lilemo li supileng, nakong eo motsoalle oa hae Al ea lilemo li robong a neng a le sepetlele a tšoeroe ke lefu la pholio ’me a kentsoe ka har’a mochine o mo thusang ho hema. O ile a bua ka se mo etsahaletseng koranteng ea The New York Times ea la 6 January 2013.

Ka mor’a hore Susan a etele Al sepetlele, o ile a botsa ’mè oa hae a re: “Ke hobane’ng ha Molimo a ka lumella hore moshanyana ea monyenyane hakaale a utloe bohloko?”

’Mè oa hae o ile a re: “Moruti o ee a re Molimo o na le mabaka le hoja ke sa a tsebe.”

Lilemo tse peli hamorao ka 1954, monna ea bitsoang Jonas Salk o ile a etsa lipatlisiso tse ileng tsa mo thusa hore a etse ente ea pholio. Kahoo, ’mè oa Susan o ile a re ke ka thuso ea Molimo Jonas a ileng a khona ho etsa seo.

Susan o ile a re: “Ha e le hantle, e ne e tlameha ebe ke khale Molimo a ile a thusa lingaka e le hore Al a se qetelle a le ka har’a mochine o mo thusang ho hema.”

Ha Susan a bua ka se mo etsahalletseng ha e sa le ngoana o ile a re: “[Al] o ile a shoa lilemo tse robeli hamorao. Ka nako eo, ho hang ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng.”

Joaloka Susan, batho ba bangata ba ileng ba oeloa ke tlokotsi kapa ba bona ha e etsahala, ba thatafalloa ho fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tseo ba ipotsang tsona ka Molimo. Ba bang ba qetella ba sa lumele hore Molimo o teng. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba hana ka ho feletseng hore Molimo o teng, empa ba ka belaella boteng ba hae.

Hase hore batho ba sa lumeleng kapa ba belaellang boteng ba Molimo ha baa tloaelana le bolumeli ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, ba qetella ba sa lumele ho Molimo ka lebaka la se ileng sa ba etsahalla ha e ne e le balumeli. Batho ba ka ’na ba re bolumeli bo hlōlehile ho arabela lipotso tsa bohlokoa bophelong. Ke lipotso life? Ho makatsang ke hore, hangata ke lipotso tseo batho ba reng ba lumela ho Molimo ba li botsang. Nahana ka lipotso tse tharo tseo batho ba bangata ba neng ba ka rata ho li botsa Molimo haeba ba fumana monyetla ’me u hlahlobe likarabo tseo Bibele e fanang ka tsona.

1 “KE HOBANE’NG HA U LUMELETSE MAHLOMOLA?”

Ke hobane’ng ha potso eo e le ea bohlokoa?

Batho ba bangata ba re ‘Molimo ea lerato a ka thibela lintho tse bohloko.’

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Re ka ’na ra nka hore mekhoa le litloaelo tsa litso tse ling ha lia tloaeleha, mohlomong li bile lia tšosa. Re ka thatafalloa ho utloisisa tsela eo ba etsang lintho ka eona. Ka mohlala, setsong se seng batho ba nka hore ho sheba motho ka mahlong ke ho bontša botšepehi, ha ho se seng ba nka ho etsa seo e le ho se hlomphe. Leha ho le joalo, ha ho na lebaka la hore ba fositse. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta tsela eo ba etsang lintho ka eona.

Na ho ka etsahala se tšoanang tseleng eo re utloisisang Molimo ka eona? Batho ba bangata ba lumela hore mahlomola ke bopaki ba hore Molimo ha a eo. Leha ho le joalo, batho ba utloisisang hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola ba kholisehile hore o teng.

SEO BIBELE E SE BUANG: Tsela eo Molimo a nahanang ka eona le eo a etsang lintho ka eona e fapane le ea rōna. (Esaia 55:8, 9) Kahoo, qalong ho ka ’na ha e-ba thata ho utloisisa tsela eo Molimo etsang lintho ka eona le lebaka leo ka lona a sa nkeng khato hang-hang.

Leha ho le joalo, Bibele ha e re re lumele lipolelo tse kang “litsela tsa Molimo li ke ke tsa utloisisoa.” Ho e-na le hoo, e re khothalletsa ho ithuta ka Molimo, e le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha a etsa lintho ka tsela eo a li etsang ka eona. * Re ka boela ra atamela haufi le eena.—Jakobo 4:8.

2 “KE HOBANE’NG HA BOLUMELI BO TLETSE BOIKAKETSI HAKAALE?”

Ke hobane’ng ha potso eo e le ea bohlokoa?

Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Haeba Molimo o rata batho ba tšepahalang ho ne ho ke ke ha e-ba le boikaketsi har’a batho ba ipitsang barapeli ba hae.’

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Nahana ka mora ea hanang khōliso e molemo ea ntate oa hae ebe o khetha ho tloha lapeng ’me o inehella mekhoa e sa lokang. Le hoja ntate a sa lumellane le seo, oa mo tlohela hore a iketsetse qeto. Na ho nepahetse hore hamorao ha batho ba kopana le mora eo ba etse qeto ea hore ntate oa hae ha a mo hōlisa hantle kapa hore ha a na ntate? Ho hlakile hore ha ho joalo! Ka ho tšoanang, boikaketsi bo teng bolumeling bo bontša ka ho hlaka hore Molimo o lumeletse batho hore ba ikhethele tsela eo ba batlang ho phela ka eona.

SEO BIBELE E SE BUANG: Molimo o hloile boikaketsi bo teng bolumeling. (Jeremia 7:29-31; 32:35) Ka nako e tšoanang, o lumeletse batho hore ba ikhethele seo ba batlang ho se etsa. Batho ba bangata ba bolelang hore ba lumela ho Molimo ba latela lithuto tsa bolumeli tse iqapetsoeng ’me ba phela ho latela melao ea boitšoaro eo ba ipehelang eona.—Matheu 15:7-9.

Empa bolumeli boo Molimo a bo amohelang ha bo na boikaketsi. * Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato lena le lokela hore e be “le se nang boikaketsi.” (Baroma 12:9) Malumeli a mangata a hlōlehile ho bontša lerato leo. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho e-na le ntoa ea merabe Rwanda ka 1994, batho ba likete tse mashome ba bolumeli ba ile ba bolaea balumeli-’moho le bona hobane feela e ne e se ba morabe oa bona. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova ha lia ka tsa kenella ntoeng eo, ho e-na le hoo, tse ngata li ile tsa sireletsa balumeli-’moho le tsona le batho ba bang, le hoja ho etsa joalo ho ne ho beha bophelo ba tsona kotsing. Liketso tse joalo tse bontšang ho hloka boithati li bontša hantle hore bolumeli bo ka hloka boikaketsi.

3 “RE PHELELA’NG?”

Ke hobane’ng ha potso eo e le ea bohlokoa?

Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba phela lilemo tse 80 kapa tse 90 feela ebe baa shoa? Ke hobane’ng ha re phela nako e khutšoanyane hakaale?’

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Batho ba bangata ba sa lumeleng ho Molimo baa hlokomela hore ho na le ea entseng lefatše ka lebaka la tsela e rarahaneng eo le entsoeng le ho hlophisoa ka eona. Baa hlokomela hore lefatše, khoeli le lipolanete tse ling li entsoe ka tsela eo ka eona ho ka khonehang hore ho be le bophelo lefatšeng. Ba hlalosa tsela eo melao e tsamaisang bokahohle e entsoeng ka bokhabane ka eona le ka ho phethahetseng hoo esita le phetoho e nyenyane ka ho fetisisa e ka etsang hore ho se ke ha e-ba le bophelo lefatšeng.

SEO BIBELE E SE BUANG: Le hoja batho ba bangata ba talima nako e khutšoanyane eo re e phelang e le bopaki ba hore Molimo ha a eo, tsela eo lefatše le entsoeng ka eona e fana ka bopaki bo bongata ba hore ho na le ’Mōpi. (Baroma 1:20) O ne a e-na le morero ha a bōpa lintho tsohle ’me lebaka la hore ebe rea phela ke bopaki ba seo. Molimo o bōpetse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng ’me morero oa hae o ntse o e-s’o fetohe.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 55:11.

Le hoja re lemoha boteng ba Molimo le litšobotsi tse ling tsa hae ka hore re shebe pōpo, hase tsela eo ka eona Molimo a neng a batla hore re lemohe morero oa hae. Kahoo, e le hore re tsebe morero oa Molimo le hore na re phelela’ng, ho hlokahala hore a re bolelle. Ka Bibeleng, o re hlalosetsa lintho ka tsela e bonolo le e tobileng. * Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u boele u hlahlobe likarabo tse hlahang ka Bibeleng.

^ ser. 17 Ho fumana lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng mahlomola, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.dan124.com/st.

^ ser. 23 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 15 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.dan124.com/st.

^ ser. 29 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.dan124.com/st.