Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?

 Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?

 Na ua lumela hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle? Haeba ho joalo, hase uena feela; bacha ba bangata (le batho ba hōlileng) ba lumela joaloka uena. Empa ba bang ba re bophelo le bokahohle li hlahile ka ho iphetola ha lintho​—li sa thusoe ke “Matla a phahameng ka ho fetisisa.”

 Re U Lome Tsebe? Hangata batho ba mahlakoreng ana a mabeli a hanyetsanang ba potlakela ho bolela hore na bona ba lumela’ng ba sa utloisise ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha ba lumela joalo.

  •   Batho ba bang ba lumela hore lintho li bōpiloe hobane feela ba rutiloe joalo kerekeng.

  •   Batho ba bangata ba lumela hore lintho li bile teng ka ho iphetola ha lintho hobane feela ba rutiloe joalo sekolong.

 Letoto lena la lihlooho le tla u thusa hore u matlafatse tumelo ka pōpo u be u khone ho e hlalosa. Leha ho le joalo, ntho ea pele ke hore u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa haholo:

 Ke hobane’ng ha ke lumela ho Molimo?

 Ke hobane’ng ha potso ee e le ea bohlokoa? Hobane Bibele e u khothalletsa ho sebelisa kelello ea hao, e leng “matla a [hao] a ho nahana.” (Baroma 12:1) Sena se bolela hore mabaka a hao a ho lumela ho Molimo ha aa lokela ho itšetleha feela ka

  •  maikutlo (ke mpa ke nahana hore e tlameha ebe ho na le matla a phahametseng a tlhaho)

  •  tšusumetso ea ba bang (ke phela sebakeng seo batho ba bangata e leng balumeli)

  •  khatello (Ke hōtse batsoali ba ka ba nthuta hore ke lumele ho Molimo​—kapa ntho tse ling)

 Ho e-na le hoo, u lokela ho ikholisa hore Molimo o teng ’me u lokela ho ba le mabaka a utloahalang a ho lumela joalo.

 Kahoo, ke’ng e u kholisang hore Molimo o teng? Sehlooho sa Maqephe a ho Ngolla Lintlha se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lumela ho Molimo?” se tla matlafatsa kholiseho ea hao. U ka ’na ua boela ua thusoa ke ho nahana kamoo bacha ba bang ba arabetseng lipotso tseo kateng.

 “Ha ke ne ke le ka tlelaseng ke mametse tichere e hlalosa kamoo ’mele ea rōna e sebetsang kateng, ha ke be le khoao kelellong ea ka ea hore Molimo o teng. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele e na le karolo eo e e phethang, ho fihlela ka e nyenyane ka ho fetisisa ’me likarolo tsena hangata li etsahala re sa hlokomele. Ka sebele ’mele oa motho oa hlolla!”​—Teresa..

 “Ha ke bona sefofane, sekepe sa baeti, kapa koloi, kea ipotsa, ‘Ke mang ea entseng lintho tsee?’ Ka mohlala, ho etsa koloi ho hloka motho ea bohlale haholo, hobane ho na le likarolo tse ngata tse nyenyane tse tlamehang hore li sebetse e le hore koloi eo e tsamaee. Hape haeba likoloi li lokela ho etsoa ke motho ea itseng, seo se bontša hore le motho le eena e tlameha ebe o entsoe.”​—Richard.

 “Ha u hlokomela hore ho ile ha hlokahala batho ba bohlale haholo lilemong tse makholo tse fetileng hore ba utloisise esita le karoloana e nyenyane ka ho fetisisa ea bokahohle, joale ho nahana hore bokahohleng bo bile teng feela ka ho iphetola ha lintho ho bonahala e le ntho e sa utloahaleng ka ho fetisisa!”​—Karen.

 “Ha tsebo ea ka ea lintho tsa saense e ntse e eketseha, ke kholiseha le ho feta hore ha lia ba teng ka ho iphetola ha lintho. Ka mohlala, ke ile ka nahana ka ho nepahala ha lintho tsa tlhaho le ho ikhetha ha batho, ho akarelletsa le tlhoko ea rōna ea ho batla ho itseba, ho tseba hore na re tsoa kae le hore na re ea kae. Thuto ea ho iphetola ha lintho e hlalosa lintho tsena kaofela ka tsela e amanang le liphoofolo, empa ha e-s’o ka e khona hore e hlalose hore na ke hobane’ng ha batho ba ikhetha. Ho ’na, ho hlokahala ho fetang ‘tumelo’ hore ke lumele thuto ea ho iphetola ha lintho ho feta ho ’Mōpi.”​—Anthony.

 Ho hlalosa seo ke se lumelang

 Ho thoe’ng haeba liithuti-’moho li u soma hobane u lumela ntho eo u sa e boneng? Ho thoe’ng haeba ba re thuto ea saense e paka thuto ea ho iphetola ha lintho?

 Ntho ea pele, kholiseha ka seo u se lumelang. U se ke ua tšosoa kapa ua soaba. (Baroma 1:​16) Ntle ho moo, hopola:

  1.   Ha u mong; batho ba bangata ba ntse ba lumela ho Molimo. Seo se akarelletsa batho ba bohlale haholo, ba bile ba rutehile. Ka mohlala, ho na le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng.

  2.   Ka linako tse ling ha batho ba re ha ba lumele ho Molimo, ha e le hantle ba bolela hore ha ba utloisise Molimo. Ho e-na le ho fana ka bopaki bo lumellanang le pono ea bona, ba botsa lipotso tse kang, “Haeba Molimo a le teng, ke hobane’ng a lumeletse mahlomola?” Ha e le hantle, ba etsa hore taba e utloahalang e fetohe ea maikutlo.

  3.   Batho ba na le ‘tlhoko ea moea.’ (Matheu 5:3) E akarelletsa tlhoko ea ho lumela ho Molimo. Kahoo haeba motho e mong a re Molimo ha a eo, motho eo​—eseng uena​—o na le boikarabello ba ho hlalosa kamoo a fihletseng qeto eo kateng.​—Baroma 1:​18-​20.

  4.   Ho lumela ho Molimo ho utloahala ka ho feletseng. Ho lumellana le ntlha ea hore bophelo bo ke ke ba ba teng feela. Ha ho na bopaki bo tšehetsang taba ea hore bophelo bo ne bo ka tsoa feela linthong tse sa pheleng.

 Joale u ka re’ng haeba motho e mong a u botsa ka tumelo ea hao ho Molimo? Nahana ka lintho tse seng kae tse ka etsahalang.

 Haeba motho e mong a re: “Ke batho ba sa rutehang feela ba lumelang ho Molimo.”

 U ka ’na ua araba ka hore: “Na u hlile u lumela boikutlo boo bo leeme? ’Na ha ke lumele. Ha e le hantle, phuputsong e ’ngoe eo ho eona liprofesa tsa saense tse fetang 1 600 tse tsoang liunivesithing tse tummeng li ileng tsa nka karolo, ba etsang karolo ea boraro ha baa ka ba re ha ba lumele ho Molimo kapa ba belaella boteng ba hae. a Na u ka re liprofesa tseo ha li bohlale hobane feela li lumela ho Molimo?”

 Haeba motho e mong a re: “Haeba Molimo a le teng, ke hobane’ng ha mahlomola a le mangata hakale lefatšeng?”

 U ka ’na ua araba ka hore: “Mohlomong seo u se bolelang ke hore ha u utloisise tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona​—kapa tabeng ena, ha ho bonahale eka ho na le seo a se etsang. Na ho joalo? [Emela karabo.] Ke fumane karabo e khotsofatsang potsong e mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana. Empa ho e utloisisa ho hloka hore u hlahlobe lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Na u ka thahasella ho ithuta ho eketsehileng?”

 Sehlooho se latelang letotong lena se tla tšohla hore na ke hobane’ng ha thuto ea ho iphetola ha lintho e sa fane ka litlhaloso tse khotsofatsang ka boteng ba rōna.

a Mohloli: Social Science Research Council, “Bolumeli le Bomoea Har’a Bo-rasaense Univesithing,” ea Elaine Howard Ecklund, ea la 5 February, 2007.