Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U ka Fumana Metsoalle ea ’Nete Joang?

U ka Fumana Metsoalle ea ’Nete Joang?

BOTHATA

Ka lebaka la theknoloji re khona ho buisana le batho ba bangata ka nako leha e le efe. Leha ho le joalo, le ka ’na la utloa le sa tloaelana hakaalo. Mohlankana e mong o ile a re: “Ho molemo ha ke lula ke se na metsoalle. Empa ntate oa ka eena haesale a na le metsoalle ea ’nete ka lilemo tse ngata!”

Ke hobane’ng ha ho le thata mehleng ee ho fumana metsoalle ea ’nete?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Bothata ba ho sebelisa theknoloji feela. Ho romellana melaetsa ka lisebelisoa tsa theknoloji ho entse hore batho ba nahane hore ke ntho e khonehang ho etsa setsoalle le motho ea hōle. Batho ha ba sa buisana empa ba se ba romellana melaetsa e mengata feela. Buka e ’ngoe e re: “Batho ha ba sa buisana lifahleho li talimane. Liithuti li qeta nako e telele li buisana ka lisebelisoa tsa theknoloji ho e-na le hore li qete nako li le ’moho.”

Ka linako tse ling, theknoloji e ka etsa hore ho bonahale e ka le metsoalle ea ’nete. Brian * ea lilemo li 22 o re: “Morao tjena, e se e le ’na feela ea qalang moqoqo. Kahoo ke ile ka khaotsa ho etsetsa metsoalle ea ka melaetsa e le hore ke bone hore na ke ba bakae ba tla e etsa. E bile ba seng bakae feela. Ke ile ka hlokomela hore metsoalle e meng e ne se ea ’nete joalokaha ke ne ke nahana.”

Na ho romellana melaetsa ka lisebelisoa tsa theknoloji ho ka u thusa hore o boloke setsoalle sa hao? E, haholo-holo haeba u sa lule u buisana le bona ka lisebelisoa tsa theknoloji feela. Leha ho le joalo, lisebelisoa tsa theknoloji li ka baka lekhalo pakeng tsa lōna ho e-na le hore li etse hore le momahane.

SEO U KA SE ETSANG

Setsoalle sa ’nete ke se joang? Bibele e re motsoalle oa ’nete “o tšepahala ho feta ngoan’abo motho.” (Liproverbia 18:24 BPN) Na u batla motsoalle ea joalo? Na u motsoalle ea joalo? E le hore u fumane likarabo tsa lipotso tseo, ngola fatše lintho tse tharo tseo u ka ratang hore motsoalle oa hao a be le tsona. Ebe u ngola tse tharo tseo uena u lokelang ho ba le tsona. Ipotse: ‘Ke bo-mang bao ke atisang ho ngollana le bona ba nang le lintho tseo ke lebeletseng hore metsoalle e be le tsona? Bona ba re ke motsoalle ea joang?’—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 2:4.

Tseba lintho tsa bohlokoa. Hangata metsoalle ea Inthaneteng e kopanngoa ke lintho tseo e thabelang ho li etsa. Empa, ho ba le motsoalle ea itšoereng hantle joaloka uena ke habohlokoa ho feta ho ba le motsoalle eo le ratang lintho tse tšoanang. Leanne ea lilemo li 21 o re: “Ha ke na metsoalle e mengata empa eo ke nang le eona e etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”—Molao-Motheo oa Bibele: Liproverbia 13:20.

Kopana le batho. Ha u buisana le motho lifahleho li talimane, u khona ho bona hantle tsela eo a ikutloang ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bathesalonika 2:17.

Ngola lengolo. Ho ka bonahala ho ngola lengolo e le mokhoa oa khale empa le fetisa molaetsa ka tsela e bontšang hore u tsotella motho eo u mo ngollang lona. Empa ha se batho ba bangata ba etsang sena hobane ba phathahane. Ka mohlala, buka e bitsoang Alone Together e re mohlankana e mong o ile a re ha a e-s’o ngolloe lengolo. Ha mohlankana eo a bua ka mehla eo batho ba neng ba ngollana mangolo o re: “Ekare nkabe ke ile ka phela mehleng eo.” Leka mokhoa ona oa khale bakeng sa ho etsa metsoalle.

Seo re ithutang sona: Ho ba le motsoalle oa ’nete ha ho bolele feela hore le lokela ho lula le buisana. Ho hlokahala hore uena le motsoalle oa hao le ratane, le utloisisane, le mamellane le be le tšoarelane. Ha le etsa joalo, le tla thabela setsoalle sa lōna. Ho ke ke haeba bonolo ho thabela setsoalle sa lōna haeba le buisana Inthaneteng feela.

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.