Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LI ENTSOE?

Likhoele Tse Itšoarellang Tsa Khofu ea Leoatle e Bitsoang Mussel

Likhoele Tse Itšoarellang Tsa Khofu ea Leoatle e Bitsoang Mussel

JOALOKA li-barnacle, e leng mofuta o mong oa likhofu tsa leoatle, li-mussel li itšoarella likepeng, majoeng le lithupeng tse leoatleng. Empa ho fapana le li-barnacle, tse khomarelang ka thata moo li lutseng, li-mussel tsona li itšoareletsa ka likhoele tse tšesaane tse li lumellang ho tsamaea le ho ja. Ke ’nete hore likhoele tsa eona li tšesaane hoo ekang li ka ’na tsa khaoha, empa li khona ho itšoarella ka thata esita le ha maqhubu a leoatle a khahlellana ka matla. Ke eng e thusang li-mussel tsee hore li khone ho itšoarella ka thata hakaale?

Nahana ka sena: Khoele ka ’ngoe ea mussel e na le karolo e thata le e bonolo e khonang ho saroloha. Bo-rasaense ba hlokometse hore karolo e khōlō ea likhoele tsena e thata ha karolo e nyenyane e le bonolo ’me sena ke sona se thusang khofu ena hore e khone ho itšoarella ka thata. Ka lebaka la tsela eo likhoele tsa li-mussel li bōpehileng ka eona, sena se etsa hore li khone ho ba le matla a mangata a ho itšoareletsa, haholo-holo ha e huloa e bile e sututsoa ke maqhubu a matla.

Moprofesa Guy Genin o khahliloe ke seo a ithutileng sona liphuputsong tse mabapi le li-mussel ’me a re: “Ntho e ka sehloohong e thusang khofu ena haholo ke tsela e bohlale eo khoeleng, karolo e thata e kopanang le karolo e bonolo.” Bo-rasaense ba lumela hore tsela eo likhoele tsena li entsoeng ka eona e ka kopitsoa ’me ea sebelisoa ha ho kopanngoa thepa ea mehaho le likepe, ho kopanngoa masapo le ha ho koaloa maqeba a opereishene. Moprofesa oa Univesithing ea California e leng Herbert Waite o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona pōpong mabapi le mekhoa ea ho khomaretsa lintho.”

U nahana’ng ka see? Na likhoele tse itšoarellang tsa khofu ea leoatle li bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa li entsoe?