Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Boprofeta ba Bibele bo Bua ka Iseraele ea Mehleng Ee?

Na Boprofeta ba Bibele bo Bua ka Iseraele ea Mehleng Ee?

Na Boprofeta ba Bibele bo Bua ka Iseraele ea Mehleng Ee?

MEHLENG ena lefatše lohle le tšoenyehile ka se etsahalang Linaheng Tsa Bochabela bo Hare. Hangata ho ba le litlhaselo tsa lirokete, liqhoebeshano tsa masole le libomo tse qhomisoang ke likhukhuni. Ho phaella linthong tsena ho na le monyetla oa hore ho ka ’na ha sebelisoa libetsa tsa nyutlelie. Hase feela batho bohle ba tšoenyehileng!

Lefatše kaofela le ne le ntse le tšoenyehile ka se etsahalang Bochabela bo Hare ka May 1948. Ka nako eo, e leng lilemo tse 62 tse fetileng, taolo ea Mabrithani ea sebaka seo ka nako eo se neng se bitsoa Palestina e ne e fela ’me ntoa e ne e le haufi le ho qala. Selemo pele ho moo, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ne o ile oa fana ka tumello ea hore ho thehoe ’Muso oa Bajuda o ikemetseng karoloaneng e ’ngoe sebakeng seo. Lichaba tsa Maarabo tse haufi le moo li ile tsa tiisa hore li tla etsa sohle ho thibela seo hore se etsahale. Mokhatlo oa Linaha Tsa Maarabo o ile oa fana ka keletso e reng: “Moeli oo e tla ba moeli oa ho thunyana le oa tšollo ea mali feela.”

Hora e ne e le ea bone thapama ka Labohlano la la 14 May, 1948. Ho ne ho se ho baloa lihora tse seng kae feela pele taolo ea Mabrithani e fela. Ho ne ho bokane sehlopha sa batho ba 350 Musiamong oa Tel Aviv, ba menngoeng ka sekhukhu hore ba tl’o ikutloela ha ho phatlalatsoa seo e leng khale ba se letetse ka tjantjello—phatlalatso ea molao ea ho thehoa ha ’muso oa Iseraele ea mehleng ena. Ho ne ho lebetsoe ka thata-thata e le hore lira tse ngata tsa ’Muso o sa tsoa thehoa li se ke tsa senya seboka seo.

David Ben-Gurion, moeta-pele oa Lekhotla la Sechaba la Iseraele, o ile a bala Phatlalatso ea ho Thehoa ha ’Muso oa Iseraele. Karoloana e ’ngoe ea eona e ne e re: “Rōna re le litho tsa Lekhotla la Batho, re bile re le baemeli ba Lekhotla la Bajuda la Eretz-Israel . . . ho latela litokelo tseo re nang le tsona ka tlhaho le ka lebaka la nalane ea rōna esita le ka matla ao re a filoeng ke qeto e fihletsoeng ke Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng, re phatlalatsa ho thehoa ha ’Muso oa Bajuda Eretz-Israel, o tla tsejoa e le ’Muso oa Iseraele.”

Na ke ho Phethahala ha Boprofeta ba Bibele?

Maprostanta a mang a Evangeli a lumela hore ho thehoa ha ’Muso oa Iseraele mehleng ena ho phethahatsa boprofeta ba Bibele. Ka mohlala, bukeng ea Jerusalem Countdown, moruti John Hagee o re: “Ketsahalo ena ea bohlokoa e ngotsoe ke moprofeta Esaia, ha a ne a re, ‘Sechaba se tla tsoaloa ka letsatsi le le leng.’ (Sheba Esaia 66:8.) . . . E bile phethahatso e khōlō ka ho fetisisa ea boprofeta lekholong la mashome a mabeli la lilemo. E bile bopaki bo hlakileng ho batho bohle hore ba bone hore Molimo oa Iseraele o ntse a le teng.”

Na taba eo ke ’nete? Na Esaia 66:8 e ne e profeta ho thehoa ha ’Muso oa Iseraele oa mehleng ee? Na la 14 May, 1948, e ne e le “phethahatso e khōlō ka ho fetisisa ea boprofeta lekholong la mashome a mabeli la lilemo”? Haeba ’Muso oa Iseraele oa mehleng ena e ntse e le sechaba seo Molimo a se khethileng ebile a se sebelisa ho phethahatsa boprofeta ba Bibele, joale ena e ne e tla ba ntho e thahasellisang haholo ho batho bohle ba balang Bibele.

Boprofeta ba Esaia bo re: “Ke mang ea utloileng ntho e tjee? Ke mang ea boneng lintho tse tjee? Na naha e ka hlahisoa ka bohloko ba pelehi ka letsatsi le le leng? Kapa na sechaba se ka tsoaloa ka nako e le ’ngoe? Etsoe Sione e bile bohlokong ba pelehi ’me e tsoetse bara ba eona.” (Esaia 66:8) Temana ena e profeta ka ho hlaka ka ho tsoaloa hang-hang ha sechaba kaofela, joalokaha eka ke ka letsatsi le le leng. Empa ke mang ea neng a tla etsa hore se tsoaloe? Temana e latelang eo e fana ka leseli: “‘Ha e le ’na, na ke tla etsa hore ho be le ho phunyeha ’me ke se ke ka etsa hore ho be le pelehi?’ ho bolela Jehova. ‘Kapa na ke etsa hore ho be le pelehi ebe ke etsa hore ho koalehe?’ ho boletse Molimo oa hao.” Jehova Molimo o bontša ka ho hlaka hore ke eena ea neng a tla etsa hore sechaba se tsoaloe hang-hang.

Iseraele ea mehleng ena e busoa ke ’muso oa demokrasi oo ho hang o sa reng o tšehelitsoe ke Molimo oa Bibele. Na ka 1948 Baiseraele ba ile ba nka hore Jehova Molimo ke eena ea entseng hore ’muso oa bona o thehoe? Le hanyenyane. Ha ho na moo lebitso la Molimo kapa lentsoe “Molimo” ka bolona le ileng la hlaha ha ho ne ho phatlalatsoa ho thehoa ha ’muso oo. Ha buka ea Great Moments in Jewish History e bua ka mantsoe a neng a lokela ho ngoloa phatlalatsong eo, e re: “Le ka 1:00 P.M. ha Lekhotla la Sechaba le kopana, litho tsa lona li ne li ntse li sa lumellane tabeng ea hore na ho ngoloe eng phatlalatsong ea ho thehoa ha ’muso. . . . Bajuda ba neng ba le seli ba ne ba batla hore ho be le moo ho hlahang ‘Molimo oa Iseraele.’ Batho ba neng ba sa batle ha bolumeli bo kena litabeng tsa lipolotiki ba ile ba hana ba tiile. Ben-Gurion o ile a inehela eaba o etsa qeto ea hore ho tla hlaha lentsoe ‘Lefika’ ho e-na le ‘Molimo.’”

Le kajeno Baiseraele ba ntse ba re qeto e ileng ea fihleloa ke Machaba a Kopaneng hammoho le seo ba reng ke litokelo tsa bona tsa tlhaho le nalane ea bona ke tsona tse entseng hore ’Muso oa bona o thehoe. Na hoa utloahala ho lumela hore Molimo oa Bibele a ka phethahatsa boprofeta bo boholo lekholong la bo20 la lilemo ka mohlolo molemong oa sechaba se hanang feela le ho mo fa tlotla?

Ho Thehoa ha ’Muso oa Kajeno oa Iseraele ho Fapane Joang le Hoa Boholo-holo?

Boemo ba Baiseraele ba mehleng ena bo fapane hōle le boemo bo neng bo le teng ka 537 B.C.E. Mehleng eo, sechaba sa Iseraele se ile sa hla sa ‘tsoaloa hape’ joalokaha eka ke ka letsatsi le le leng ka mor’a hore se ripitloe ke Bababylona le hore ba fokotse baahi ba sona lilemong tse 70 pele ho moo. Ka nako eo, boprofeta ba Esaia 66:8 bo ile ba phethahala ka ho hlaka ha Cyruse e Moholo oa Persia, ea neng a hapile Babylona, a laela Bajuda hore ba khutlele naheng ea habo bona.—Esdrase 1:2.

Morena Cyruse oa Persia o ile a hlokomela hore Jehova o kentse letsoho ka 537 B.C.E., ’me morero o ka sehloohong oa ba ileng ba khutlela Jerusalema e ne e le ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova Molimo le ho haha tempele bocha. Ha ho mohla ’Muso oa Iseraele oa mehleng ena o ileng oa bolela hore o lakatsa ho etsa joalo kapa o na le morero oo.

Na e Ntse e le Sechaba se Khethiloeng ke Molimo?

Ka 33 C.E., sechaba sa Iseraele se ile sa lahleheloa ke tokelo ea sona ea ho ba sechaba se khethiloeng ke Molimo ha se ne se hana Mora oa Jehova, Mesia. Mesia ka boeena o ile a re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena . . . Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:37, 38) Mantsoe a Jesu a ile a phethahala ka 70 C.E., ha lebotho le leholo la sesole la Roma le timetsa Jerusalema hammoho le tempele ea eona le baprista. Empa ke eng e neng e tla phetha morero oa Molimo oa ho ba le “thepa ea [hae] e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, . . . ’muso oa baprista le sechaba se halalelang”?—Exoda 19:5, 6.

Moapostola Petrose eo ka boeena e neng e le Mojuda ka tlhaho, o ile a araba potso eo lengolong leo a neng a le ngolla Bakreste—ba Balichaba esita le ba Bajuda. O ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng,’ . . . etsoe ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo; le ne le sa bontšoa mohau, empa joale le bontšitsoe mohau.”—1 Petrose 2:7-10.

Kahoo, Bakreste ba khethiloeng ka moea o halalelang ke karolo ea sechaba sa moea, seo litho tsa sona li sa khethoeng ka hore na ke tsa morabe ofe kapa li lula sebakeng sefe. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa taba ena tjena: “Ho bolla hase letho kapa ho se bolle, haese pōpo e ncha. Bohle ba tla tsamaea ka mokhoa o laolehileng ka tekanyetso ena ea boitšoaro, ho bona e be khotso le mohau, esita le ho Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 6:15, 16.

Le hoja tokelo ea ho ba moahi oa sechaba sa Iseraele sa mehleng ena e fuoa feela batho bao e leng Bajuda ka tlhaho kapa ba sokolohetseng Bojudeng, tokelo ea ho ba karolo ea sechaba seo Bibele e reng ke “Iseraele ea Molimo” eona e fuoa feela ba “mamelang le ba fafalitsoeng ka mali a Jesu Kreste.” (1 Petrose 1:1, 2) Ha Pauluse a bua ka litho tsena tsa Iseraele ea Molimo, kapa Bajuda ba moea, o ile a re; “Mojuda hase eo e leng eena ka ntle, leha e le hore lebollo ke se ka ntle nameng. Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo la hae ke la pelo ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng. Thoriso ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.”—Baroma 2:28, 29.

Temana eo e re thusa ho utloisisa taba e bakang khang eo Pauluse a ileng a bua ka eona. Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o ile a hlalosa kamoo Bajuda ba tlhaho ba sa lumelang ba tšoanang le makala a tšoantšetso a sefate sa mohloaare a ileng a khethuloa e le hore “makala” a balichaba a mohloaare oa “naheng” a ka hlomathiseletsoa. (Baroma 11:17-21) Ha a phethela papiso ena o ile a re: “Ho thotofala ha maikutlo ho etsahaletse karolo e itseng ea Baiseraele ho fihlela palo e feletseng ea batho ba lichaba e kene, ’me ka mokhoa ona Baiseraele bohle ba tla pholosoa.” (Baroma 11:25, 26) Na Pauluse o ne a profeta ka ketsahalo ea ho sokolohela ha Bajuda ba bangata Bokresteng ka motsotso oa ho qetela? Ka ho hlakileng, ha ho e-s’o be le ketsahalo e joalo.

Ha Pauluse a bua ka “Baiseraele bohle,” o ne a bua ka Iseraele ea moea—Bakreste ba khethiloeng ka moea o halalelang. O ne a bolela hore ho hlōleha ha Bajuda ba tlhaho ho amohela Mesia ho ne ho ke ke ha thiba morero oa Molimo oa ho ba le ‘sefate sa mohloaare’ sa moea seo makala a sona a behang. Sena se lumellana le papiso eo ho eona Jesu a ileng a re ke sefate sa morara seo ho sona ho tla pongoa makala a sa beheng. Jesu o ile a re: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana oa le tlosa, ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng.”—Johanne 15:1, 2.

Le hoja ka Bibeleng ho ne ho sa profetoa ka ho thehoa ha ’Muso oa Iseraele oa mehleng ena, ho hlakile hore ho thehoa ha sechaba sa Iseraele ea moea hona ho ne ho profetiloe! Haeba u khona ho hlokomela hore na sechaba seo sa moea ke bo-mang kajeno, ’me u ikamahanya le sona, u tla fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.—Genese 22:15-18; Bagalata 3:8, 9.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Papiso ea Pauluse ea sefate sa mohloaare e ne e bolela’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

David Ben-Gurion, May 14, 1948

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Government Press Office, Photographer: Kluger Zoltan

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

Todd Bolen/Bible Places.com