Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate

Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate

Alicia, * ea lilemong tsa bocha, o re: “Ka linako tse ling ke labalabela ho tseba ho itseng mabapi le ho kopanela liphate, empa ke tšaba ho botsa batsoali ba ka hobane ke nahana hore ba tla ’nahanela hampe.”

Inez, ’mè oa Alicia, o re: “Nka rata ho lula fatše le morali oa ka ’me re bue ka taba ea ho kopanela liphate, empa o lula a phathahane. Ha ho mohla a nang le nako.”

KAJENO, ha ho moo ho kopanela liphate ho sa hlaheng teng—thelevisheneng, lifiliming esita le lipapatsong. Ho bonahala e le pakeng tsa batsoali le bana feela moo ho sa ntseng ho le lihlong ho bua ka taba ena. Mocha e mong oa Canada ea bitsoang Michael, o re: “Ekare batsoali ba ka tseba hore na re imeloa hakaakang le ho hlajoa ke lihlong joang ha re bua le bona ka ho kopanela liphate. Ho bonolo ho bua ka taba ena le metsoalle ea rōna.”

Hangata batsoali le bona ba leqe ho buisana le bana ba bona ka taba ena. Morupeli oa tsa bophelo ea bitsoang Debra W. Haffner, bukeng ea hae e reng Beyond the Big Talk, o re: “Batsoali ba bangata ba mpoleletse hore ba rekela bana ba bona ba seng ba tla kena bocheng buka e buang ka litaba tse mabapi le ho kopanela liphate kapa e buang ka liphetoho tse bang teng ha motho a kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, ba e siee ka kamoreng ea bona, ebe ke phetho ke tu!” Haffner o re molaetsa oo bana ba o fumanang o hlakile hore batsoali ba bona ba re: “Re batla le tsebe ka se etsahalang ’meleng ea lōna le ka litaba tsa ho kopanela liphate; ke feela hore ha re batle ho bua le lōna ka tsona.”

Haeba u motsoali, u lokela ho ba le boikutlo bo fapaneng le boo. Ka sebele ke ntho ea bohlokoa haholo hore e be uena ea buang le bana ba hao ka ho kopanela liphate. Nahana ka mabaka ana a mararo:

  1. Tlhaloso ea hore na ho kopanela liphate ke eng e fetohile. James ea lilemo li 20 o re: “Batho ha ba sa nka hore ho kopanela liphate ke ketso e etsoang ke banyalani feela. Hona joale batho ba se ba kenya litho tsa botho ka hanong kapa ka morao, ba bua ka liketso tsa ho kopanela liphate le ba bang Inthaneteng le ka selefouno, ba bile ba romellana le lifoto tsa tsona.”

  2. Bana ba hao ba ka ’na ba fumana boitsebiso bo fosahetseng ba sa le banyenyane haholo. ’Mè e mong ea bitsoang Sheila, o re: “Hang ha ba kena sekolo ba tla utloa ka litaba tsa ho kopanela liphate, le hona ba ke ke ba li nka ka tsela eo uena u batlang hore ba li nke ka eona.”

  3. Bana ba hao ba na le lipotso mabapi le ho kopanela liphate, ke feela hore ba ke ke ba e-ba le sebete sa ho qala moqoqo oo le uena. Ana ea lilemo li 15 oa Brazil, o re: “Ho bua ’nete, ha ke tsebe hore na nka qala ho bua le batsoali ba ka joang ka ho kopanela liphate.”

’Nete ke hore ho bua le bana ba hao ka ho kopanela liphate ke boikarabelo boo Molimo a o fileng bona joaloka motsoali. (Baefese 6:4) Ke ’nete hore e ka ’na ea se ke ea e-ba ntho e bonolo ho uena le ho bona. Leha ho le joalo, litaba tse monate ke hore bacha ba bangata ba lumellana le Danielle ea lilemo li 14 ea reng: “Re ne re ka thaba ha batsoali ba rōna e ba bona ba re rutang ka ho kopanela liphate ho e-na le ho rutoa ke tichere kapa lenaneo la thelevishene.” Ebe joale u ka buisana joang le ngoana oa hao ka taba ee ea bohlokoa eo ho seng pelaelo hore ha ho bonolo ho bua ka eona? *

Ho Latela Lilemo Tsa Bona

Ntle leha ba lula sebakeng seo ho se nang batho ba bang, bana ba qala ho utloa ka ho kopanela liphate ba sa le banyenyane. Ntho e bohloko le ho feta ke hore ‘matsatsing ana a ho qetela’ batho ba khopo ba ‘tlohile bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.’ (2 Timothea 3:1, 13) Ka masoabi, bana ba bangata ba hlekefetsoa ke batho ba baholo ka ho kopanela liphate.

Ka hona, ke ntho ea bohlokoa haholo hore u hle u qale ho ruta bana ba hao ba sa le banyenyane haholo. ’Mè e mong oa Jeremane ea bitsoang Renate, o re: “Ha u ka emela hore ba be haufi le ho kena lilemong tsa bocha, ba ka ’na ba se ke ba batla ho bua le uena ka lebaka la liphetoho tse bakoang ke ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng.” Pheko ke hore u rute bana ba hao boitsebiso bo lekaneng lilemo tsa bona.

Bana ba kereche:

Ameha ka ho ba ruta mabitso a nepahetseng a litho tsa botho, u be u hatelle hore ha ho na motho ea lokelang ho li tšoara. ’Mè e mong oa Mexico ea bitsoang Julia, o re: “Ke ile ka qala ho ruta mora oa ka ha a le lilemo li tharo. Ke ne ke tšoenngoa haholo ke ho tseba hore a ka ’na a hlokofatsoa ke matichere, batho ba salang le eena kapa bana ba baholo ho eena. O ne a lokela ho tseba hore na a itšireletse joang.”

LEKA HO ETSA TJENA: Ruta ngoana oa hao hore a hane a tiile haeba motho e mong a leka ho bapala ka litho tsa hae tsa botho. Ka mohlala, u ka ’na ua ruta ngoana oa hao hore a re: “Ntlohele! Ke il’o bolela!” Kholisa ngoana oa hao hore o lokela ho bolela esita le haeba motho eo a ka mo tšepisa limpho kapa a mo tšosa. *

Bana ba kenang sekolo sa mathomo:

Nka monyetla ka lilemo tsena tseo ba leng ho tsona ho eketsa tsebo ea bona butle-butle. Ntate e mong ea bitsoang Peter o fana ka tlhahiso ena: “Qala ka ho leka metsi ka lere. Fumana hore na ke eng eo ba seng ba e tseba le hore na ba ka rata ho tseba ho eketsehileng na. U se ke ua ba qobella ho bua. Ho tla itlela feela haeba u tloaetse ho qeta nako le bana ba hao.”

LEKA HO ETSA TJENA: Buisana le bona ka bokhutšoanyane empa khafetsa, ho e-na le ho batla ho bua le bona nako e telele hanngoe feela. (Deuteronoma 6:6-9) U ke ke ua imetsa bana a hao ha u etsa joalo. Ho feta moo, ba tla fumana boitsebiso bo ba loketseng ha ba ntse ba hōla ho latela lilemo tsa bona.

Bacha:

Ena ke nako ea hore u etse bonnete ba hore ngoana oa hao o na le tsebo e lekaneng ka litaba tse amanang le ’mele oa hae, maikutlo a hae hammoho le boitšoaro bo loketseng mabapi le litaba tsa ho kopanela liphate. Ana ea lilemo li 15 eo ho ileng ha qotsoa mantsoe a hae pejana, o re: “Sekolong banana le bashanyana ba se ba ntse ba kopanela liphate le batho bao ba sa rataneng le bona molemong oa boithabiso feela. Ke nahana hore kaha ke Mokreste, ke lokela ho ba le boitsebiso bo lekaneng mabapi le taba ena. Le hoja ho soabisa ho bua ka ho kopanela liphate, ’nete ke hore ke lokela ho tseba ka hona.” *

Tlhokomeliso: Bacha ba ka ’na ba se ke ba botsa lipotso hobane ba tšaba hore batsoali ba tla nahana hore ha baa itšoara hantle. Ke seo ntate e mong ea bitsoang Steven a ileng a se hlokomela. O re: “Mora oa rōna o ne a sa ratisise ho bua ka ho kopanela liphate. Empa hamorao re ile ra fumana hore o ne a nahana hore rea mo belaella. Re ile ra mo hlakisetsa hore ha re bue le eena ka taba ena hobane re mo belaella; re mpa re batla ho etsa bonnete ba hore o koetlisehile ka ho lekaneng hore a khone ho hlōla tšusumetso e mpe eo a ka e fumanang.”

LEKA HO ETSA TJENA: Ho e-na le hore u botse mocha lipotso tse tobileng ka taba e itseng e amanang le ho kopanela liphate, mo botse hore na bana bao a kenang sekolo le bona ba nka taba eo joang. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Batho ba bangata kajeno ba nka hore ketso ea ho kenya setho sa botho ka hanong hase ho kopanela liphate. Na le bana bao u kenang sekolo le bona ba nahana joalo?” Lipotso tse sa tobang joalo li ka ’na tsa etsa hore mocha a phutholohe ebe o ntša maikutlo a hae.

Ho Hlōla Bothata ba ho Bua ka Taba Ena

Ke ’nete hore ho bua le bana ba hao ka ho kopanela liphate e ka ’na eaba ke e ’ngoe ea lintho tse seng bonolo ka ho fetisisa tseo u lokelang ho li etsa joaloka motsoali. Empa ho na le meputso ea teng. ’Mè e mong ea bitsoang Diane o re: “Ka mor’a nako ho se phutholohe hoo hoa fela ’me ho bua le ngoana oa hao ka ho kopanela liphate ha e le hantle ho ka ba ha etsa hore kamano ea lōna e be matla haholo.” Ntate ea bitsoang Steven ea qotsitsoeng pejana o lumellana le sena. O re: “Ho ba bonolo ho bua ka lintho tse kang ho kopanela liphate haeba u tloaetse ho bua ka ntho leha e le efe ka bolokolohi le ba lelapa la hao. Ke ’nete hore ha ho mohla motho a ka ikutloang a phutholohile ka ho feletseng, empa ho bua ka bolokolohi ke ntho ea bohlokoa haholo e le hore lintho li tsamaee hantle lelapeng la Bakreste.”

^ ser. 3 Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

^ ser. 11 Sehlooho sena se tla bontša bohlokoa ba ho bua le bana ka ho kopanela liphate. Sehlooho se seng se buang ka taba ena se tla tšohla hore na u ka ruta bana ho itšoara hantle joang tabeng ena.

^ ser. 16 Boitsebiso bona bo nkiloe leqepheng la 171 bukeng ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 19 Sebelisa khaolo ea 1-5, 28, 29 le 33 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, ha u buisana le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha ka taba ea ho kopanela liphate.

IPOTSE . . .

Bala litlhaloso tse latelang tsa bacha ba libakeng tse sa tšoaneng lefatšeng, ka mor’a moo u ipotse lipotso tse tsamaisanang le tsona.

“Batsoali ba ka ba re ke bale ka lintho tse buang ka ho kopanela liphate ’me haeba ke e-na le lipotso, ke ba botse. Empa ke lakatsa eka ba ka be ba bua le ’na haholoanyane ka hona.”—Ana, Brazil.

U nahana hore ke hobane’ng ha e le ntho ea bohlokoa hore u se ke ua fella feela ka ho fa ngoana boitsebiso boo a lokelang ho bo bala?

“Ke tseba lintho tse ngata tse fosahetseng tseo batho ba li etsang tsa ho kopanela liphate—lintho tseo ke nahanang hore Ntate ha a tsebe letho ka tsona. A ka haroha letsoalo ha nka mo botsa ka tsona.”—Ken, Canada.

Ke’ng eo ngoana oa hao a ka ’nang a e tšaba ha a lokela ho bua le uena ka lintho tse mo tšoenyang?

“Ka mor’a hore qetellong ke fumane sebete sa ho botsa batsoali ba ka potso e neng e amana le ho kopanela liphate, ba ile ba ntsoepela mahlo, ba mpotsa, ‘Hobane’ng u botsa ka ntho eo? Ho na le ntho e etsahetseng?’”—Masami, Japane.

Ha ngoana oa hao a u botsa potso ka ho kopanela liphate, tsela eo u arabelang ka eona ke joang e ka etsang hore nakong e tlang a lokolohe kapa a se ke a hlola a botsa?

“Batsoali ba ka ba ne ba ka etsa hore lintho li be bobebe haeba ba ne ba ka ntiisetsa hore le bona ha ba lekana le ’na ba ne ba ipotsa tsona lipotso tsena le hore ke ntho ea tlhaho hore ke batle ho tseba.”—Lisette, Fora.

U ka etsa joang hore ngoana oa hao a phutholohe e le hore a bue le uena ka bolokolohi ka ho kopanela liphate?

“’Mè o ne a mpotsa lipotso ka ho kopanela liphate, empa a bua le ’na hamonate. Ke nahana hore sena ke sa bohlokoa e le hore ngoana a se ke a utloa eka oa qosoa.”—Gerald, Fora.

U utloahala joang ha u bua le ngoana oa hao ka ho kopanela liphate? Na ho hlokahala hore u ntlafatse?