Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE HOBANE’NG ha motho ea neng a nyetse sethepu a bile a sa rate Lipaki Tsa Jehova a ile a etsa qeto ea ho ba Paki? Moruti e mong oa Kereke ea Pentekonta o ile a susumetsoa ke eng hore a fetole tumelo ea hae? Ke eng e ileng ea thusa ’mè e mong ea hōtseng habohloko hore a hlōle boikutlo ba ho itlhoea ’me a be le kamano e haufi le Molimo? Ke hobane’ng ha motho ea neng a shoela ’mino o morethetho o matla a ile a fetoha mosebeletsi oa Molimo? Fumana likarabo ka ho bala litaba tse ngotsoeng ka tlaase.

“Ke se ke le Ntate ea Molemo oa Lelapa.”—RIGOBERT HOUETO

  • SELEMO SA TSOALO: 1941

  • NAHA EA HESO: BENIN

  • PELE: KE NE KE NYETSE SETHEPU KE BILE KE SA BATLE LIPAKI TSA JEHOVA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlaha motseng o moholo oa Cotonou, Benin. Ke hōlisitsoe ke le Mok’hatholike empa ke ne ke sa ee kamehla kerekeng. Bongata ba Mak’hatholike moo ke neng ke lula teng ba ne ba e-na le basali ba bangata, kaha lenyalo la sethepu le ne le nkoa le le molaong mehleng eo. Qetellong ke ile ka ba le basali ba bane.

Lilemong tsa bo-1970 ha batho ba loanela hore ho be le liphetoho tsamaisong ea lipolotiki, ke ne ke nahana hore seo se tla tsoela naha ea heso molemo. Ke ile ka tšehetsa boitseko boo ka pelo eohle ea ka ’me ka re tloara! ka har’a lipolotiki. Baitseki ba ne ba sa batle Lipaki Tsa Jehova hobane tsona li ne li sa kenelle lipolotiking. Ke ne ke le har’a ba neng ba hlorisa Lipaki. Ha baromuoa ba Lipaki ba lelekoa ka har’a naha ka 1976, ke ne ke kholisehile hore ba ke ke ba hlola ba le beha naheng ea rōna.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ho loanela phetoho ho ile ha fela ka 1990. Ntho e ileng ea ’makatsa ke hore baromuoa ba Lipaki ba ile ba e-ba teng hape ka potlako. Ke ile ka qala ho ba le boikutlo ba hore e tlameha ebe Molimo o na le batho bana. Hona ka nako eo, ke ile ka ea sebetsa sebakeng se seng. E mong oa batho bao ke neng ke sebetsa le bona moo e ne e le Paki ’me ha aa ka a senya nako ho mpolella ka tumelo ea hae. O ile a mpontša litemana tsa Bibele tse hlalosang hore Jehova ke Molimo ea lerato le ea nang le toka. (Deuteronoma 32:4; 1 Johanne 4:8) Litšobotsi tseo li ile tsa nkhahla haholo. Ke ne ke batla ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova, kahoo, ke ile ka lumela ho ithuta Bibele.

Ka potlako ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka hlolloa ke lerato la sebele leo ke neng ke le bona moo—ho ne ho se na khethollo ea morabe kapa ea maemo a batho a bophelo. Ha ke ntse ke kopanela le Lipaki, ke ile ka ’na ka hlakeloa hore bana ke balateli ba ’nete ba Jesu.—Johanne 13:35.

Ke ile ka etsa qeto ea hore haeba ke batla ho sebeletsa Jehova, ke tla lokela ho tlohela Kereke e K’hatholike. Khato eo e ne e se bonolo kaha ke ne ke tšaba hore na batho ba tla re’ng. Ka mor’a nako e telele le ka thuso ea Jehova, ke ile ka ba sebete ’me ka itokolla kerekeng.

Ho ne ho ntse ho e-na le phetoho e khōlō eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ha ke ntse ke ithuta Bibele ke ile ka fumana hore Molimo ha a amohele lenyalo la sethepu. (Genese 2:18-24; Matheu 19:4-6) O ne a amohela feela lenyalo la ka la pele. Ka hona, ke ile ka ngolisa lenyalo la ka ka molao le mosali oa ka oa matsoa-thaka, eaba ke tlohela ba bang ’me ka ba etsetsa litokisetso tsa hore na ba phele ka eng. Ka mor’a nako, ba babeli ba basali bao e ile ea qetella e le Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Le hoja mofumahali oa ka e ntse e le Mok’hatholike, o hlompha qeto eo ke e entseng ea ho sebeletsa Jehova. Ka bobeli ba rōna rea bona hore ke fetohile ntate ea molemo oa lelapa.

Ke ne ke nahana hore nka ntlafatsa bophelo ba sechaba sa heso ka lipolotiki, empa boiteko boo e bile ba lefeela. Hona joale kea bona hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka rarollang mathata a moloko oa batho. (Matheu 6:9, 10) Ke leboha Jehova haholo hore ebe o mpontšitse mokhoa oa ho phela ke thabile e le kannete.

“Ho ne ho se Bonolo ho Etsa Liphetoho Tse Hlokahalang.”—ALEX LEMOS SILVA

  • SELEMO SA TSOALO: 1977

  • NAHA EA HESO: BRAZIL

  • PELE: KE NE KE LE MORUTI OA PENTEKONTA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse moeling oa Itu, Profinseng ea São Paulo. Sebaka sena se ne se tsebahala ka bokebekoa bo bongata.

Ke ne ke le mabifi haholo ke bile ke sa itšoara hantle. Ho feta moo, ke ne ke mokola lithethefatsi. Ka mor’a nako e itseng ke ile ka hlokomela hore bophelo boo bo ne bo tla etsa hore ke qetelle ke le chankaneng kapa mabitleng; ka hona ke ile ka bo tlohela. Joale ke ile ka kena Kereke ea Pentekonta, eaba qetellong ke ba moruti.

Ke ne ke nahana hore ke tla hle ke thuse batho ka ho sebeletsa kereke. Ke ne ke bile ke hasa mananeo a bolumeli seea-le-moeeng ’me ka hona, ke ile ka tuma haholo sebakeng seo. Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka qala ho ba le boikutlo ba hore tsamaiso eohle ea kereke e ne e sa ameha ka boiketlo ba litho tsa eona—e ne e bile e sa ameha hakaalo ka ho hlompha Molimo. Ke ile ka bona sepheo sa kereke e le feela ho etsa chelete. Ke ile ka etsa qeto ea ho itokolla kerekeng.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka lemoha li sa tloha feela hore li fapane le malumeli a mang. Ho na le lintho tse peli tse ileng tsa hla tsa ikhetha. Ea pele, Lipaki Tsa Jehova ha li bue feela ka ho rata Molimo le baahelani; li hlile li bontša seo ka liketso. Ea bobeli, ha li kenelle lipolotiking le lintoeng. (Esaia 2:4) Lintlha tseo tse peli li ile tsa nkholisa hore ke fumane bolumeli ba ’nete—tsela e patisaneng e isang bophelong bo sa feleng.—Matheu 7:13, 14.

Ke ile ka elelloa hore haeba ke batla ho thabisa Molimo, ke tla lokela ho etsa liphetoho tse khōlō. Ke ne ke tlameha ho ipha nako e eketsehileng ea ho ba le lelapa la ka. Hape ke ne ke lokela ho loanela boikokobetso. Ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho tseo, empa ke ile ka atleha ka thuso ea Jehova. Mofumahali oa ka o ile a khahloa ke liphetoho tseo. E ne e bile eena ea ileng a qala ho ithuta Bibele pele ho ’na, empa joale o ile a etsa tsoelo-pele e ntle ka potlako ho ithuteng ha hae. Ho e-s’o ee kae ka bobeli ba rōna re ile ra etsa qeto ea hore re batla ho ba Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra kolobetsoa ka letsatsi le le leng.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

’Na le mosali oa ka re thabela ho thusa bana ba rōna ba bararo hore ba be le botsoalle bo haufi le Jehova. Re lelapa le thabileng. Ke leboha Jehova hore ebe o ntsebisitse ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la hae, Bibele. Ruri le fetola bophelo ba batho! Ke bone seo ka bophelo ba ka.

“Ke Ikutloa ke Hloekile, ke e-na le Bophelo ke Bile ke Khotsofetse.”—VICTORIA TONG

  • SELEMO SA TSOALO: 1957

  • NAHA EA HESO: AUSTRALIA

  • PELE: KE HŌTSE HABOHLOKO BONGOANENG

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse Newcastle, New South Wales. Ke ’na ea moholo baneng beso ba supileng ’me Ntate o ne a le mabifi a bile a lemaletse joala, ka mona ’Mè le eena e le motho ea mabifi. ’Mè o ne a ntlhekefetsa ka ho nkotla le ka mantsoe. O ile a mpolella ka makhetlo-khetlo hore ke ngoana ea fosahetseng le hore ke il’o hlokofatsoa liheleng. Mantsoe a joalo a ne a ntšosa haholo.

Likotsi tseo ’Mè a neng a ntša tsona ’meleng li ne li etsa hore hangata ke se ke ka ea sekolong. Ha ke le lilemo li 11, ke ile ka tlosoa ho batsoali ba ka eaba ke isoa setsing se seng sa ’muso, hamorao ka isoa ’mishoneng. Ha ke e-ba lilemo li 14, ke ile ka baleha ’mishoneng. Ke ne ke sa batle ho khutlela hae, kahoo, ke ile ka lula literateng tsa motse oa Kings Cross, Sydney.

Ha ke ntse ke lula literateng, ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi, ka noa joala, ka sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ka ba ka fetoha letekatse. Ka le leng ho ile ha etsahala ntho e ileng ea ’nyarosa letsoalo. Ke ne ke lula foleteng ea motho e mong ea neng a e-na le nightclub. Mantsiboea a mang o ile a eteloa ke banna ba babeli. O ile a re ke ee ka kamoreng, empa ke ne ke ntse ke ba utloa ha ba bua. Mong’a nightclub o ne a hlophisa ho nthekisetsa banna bao. Ba ne ba tla mpata sekepeng sa thepa ebe ke isoa Japane hore ke e’o sebetsa bareng. Ke ile ka tšoha haholo, eaba ke itahlela ka ntle ka fensetere ea mathule ’me ka matha ho ea kōpa thuso.

Ke ile ka kopana le monna e mong ea neng a etetse Sydney, eaba ke mo hlalosetsa boemo ba ka ka tšepo ea hore o tla mpha chelete. Ho e-na le hore a mphe chelete, o ile a re ke ee le eena moo a lulang e le hore nka hlapa le ho fumana lijo. E ile eaba e se e le lapeng, ha kea ka ka hlola ke tsamaea. Selemo hamorao re ile ra nyalana.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, maikutlo a ka a ile a lubakana habohloko. Ke ile ka halefa ha ke ithuta hore Satane ke eena ea bakang bokhopo; kamehla ke ne ke ile ka rutoa hore Molimo ke eena ea etsang hore re utloe bohloko. Ke ile ka imoloha haholo ha ke ithuta hore ha a ahlole batho ka ho ba isa liheleng, e leng thuto e neng e ile ea ntlhokofatsa maikutlong bophelo bohle ba ka.

Ke ile ka khahloa ke tsela eo Lipaki li neng li etsa hore Bibele e be eona e li tataisang qetong e ’ngoe le e ’ngoe eo li e etsang. Li ne li phela tumellanong le seo li se lumelang. Ke ne ke le motho ea hlooho e ommeng, leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ke ne ke bua eng kapa ke etsa’ng, Lipaki li ne li ntšoara ka lerato le ka tlhompho.

Ntho e ileng ea nkhathatsa ka nako e telele e bile ho ikutloa ke se oa bohlokoa. Ke ne ke itlhoile ’me maikutlo ao a ile a nka nako e telele a le teng le ka mor’a hore ke be Paki ea Jehova e kolobelitsoeng. Ke ne ke tseba hore ke rata Jehova, empa ke ne ke kholisehile hore le ka mohla a ke ke a rata motho ea kang ’na tjena.

Ke ile ka qala ho nahana ka tsela e fapaneng lilemo tse 15 ka mor’a hore ke kolobetsoe. Ha sebui se seng se fana ka puo Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, se ile sa bua ka lengolo la Jakobo 1:23, 24. Litemana tseo li tšoantša Lentsoe la Molimo le seipone seo ho sona re ka iponang ka tsela eo Jehova a re bonang ka eona. Ke ile ka qala ho ipotsa hore na seo ke se bonang ka ’na ha sea fapana le seo Jehova a se bonang na. Qalong ke ile ka hana maikutlo ao a macha. Ke ne ke ntse ke nka hore ke tla be ke lebella ntho e khōlō haholo haeba ke nahana hore Jehova a ka nthata.

Matsatsi a ’maloa ka mor’a moo, ke ile ka bala lengolo le ileng la fetola bophelo ba ka. E ne e le temana e hlahang ho Esaia 1:18, moo Jehova a qotsoang a re: “Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna. . . . Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” Ke ile ka utloa eka Jehova o bua le ’na ka ho toba, o re: “Vicky, ha re lokise litaba tsa rōna. Ke u tseba hantle, ke tseba libe tsa hao, ebile ke tseba le pelo ea hao ’me kea u rata.”

Bosiung boo, ha kea ka ka bo hlotha. Ke ne ke ntse ke e-na le pelaelo ea hore na ruri Jehova a ka nthata, empa ke ile ka qala ho nahana ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Joale ho ile ha re etlo! ho ’na hore Jehova o ’nile a ’mamella nako e telele, a mpontša ka litsela tse ngata hore oa nthata. Empa ha e le hantle ho ne ho tšoana le ha ke ntse ke re ho eena: “Lerato la hao lea fokola hore le ka nkama. Sehlabelo sa Mor’a hao ha sea lekana ho koahela libe tsa ka.” E ne eka ke ntse ke hatakela sehlabelo seo Jehova a mphileng sona ka maoto. Empa joale qetellong, ke ile ka qala ho ikutloa ke ratoa ke Jehova ka lebaka la ho nahanisisa ka mpho ena ea sehlabelo.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Hona joale ke ikutloa ke hloekile, ke e-na le bophelo ke bile ke khotsofetse. Lintho li ntlafetse haholo lenyalong la ka ’me ke thabela hore nka sebelisa seo ke fetileng ho sona ho thusa ba bang. Ke ikutloa ke ntse ke e-ba haufi le Jehova ho feta leha e le neng pele.

“Ena e ne e le Karabo ea Thapelo ea Ka.”—SERGEY BOTANKIN

  • SELEMO SA TSOALO: 1974

  • NAHA EA HESO: RUSSIA

  • PELE: KE NE KE SHOELA ’MINO O MORETHETHO O MATLA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Votkinsk, sebaka seo moqapi oa lipina ea tummeng, Pyotr Ilich Tchaikovsky, a hlahetseng ho sona. Lelapa leso le ne le futsanehile. Ntate o ne a e-na le litšobotsi tse ngata tse ntle, empa o ne a lemaletse joala, ka lebaka leo, ho ne ho rena tsitsipano feela lapeng.

Ke ne ke se motle hakaalo lithutong tsa sekolo ’me ha lilemo li ntse li e-ea ke ile ka qala ho ikutloa ke le ntho feela e se nang thuso. Ke ile ka ikhula bathong ’me ka qala ho se tšepe motho. Ho ea sekolong ho ne ho ntšithabetsa maikutlo. Ka mohlala, ha ke tlameha ho fana ka tlaleho ka pel’a tlelase, hangata ke ne ke sitoa ho hlalosa esita le lintho tse bonolo tsa motheo tseo ke neng ke ntse nka khona ho li hlalosa. Ha ke qeta sehlopha sa borobeli, tlalehong ea ka ea sekolo ho ne ho ngotsoe tjena: “Tsebo ea hae ea mantsoe e fokola haholo, ha a khone ho itlhalosa.” Mantsoe ao a ile a nkutloisa bohloko haholo ’me a etsa hore ke ikutloe ke se na thuso ea letho bophelong. Ke ile ka qala ho ipotsa hore na ha e le hantle ke phelela’ng.

Lilemong tsa ka tsa bocha, ke ile ka qala ho noa joala. Qalong ke ne ke ikutloa ke thabile ha ke qeta ho noa. Empa ha ke noa haholo, letsoalo la ka le ne le nkhoebetha. Ke ne ke sa bone molemo oa ho phela. Ke ile ka qala ho tepella maikutlong ’me ka linako tse ling ke ne ke qeta matsatsi ke ikoaletse ka tlung. Ke ile ka qala ho nahana ho ipolaea.

Ha ke e-ba lilemo li 20, ke ile ka sibolla ntho e ileng ea ntlhasimolla ka nakoana. Ntho eo e ne e le ’mino o morethetho o matla. Ke ile ka utloa ’mino oo o mpha matla ’me ka batla ba bang ba o mamelang. Ke ile ka tlohella moriri oa ka hore o be molelele, ka iphunya litsebe ka ba ka apara joaloka libini tseo ke li ratang. Butle-butle ke ile ka qala ho se tsotelle le ho ba mabifi, hangata ke ngangisana le litho tsa lelapa leso.

Ke ne ke nahana hore ho mamela ’mino o morethetho o matla ho tla etsa hore ke thabe, empa ho ne ho etsahala se fapaneng le seo. Botho ba ka bo ne bo fetoha! Joale ke ile ka soetseha haholo ha ke utloa ka lintho tse mpe tseo likhalala tsa ’mino tseo ke li ratang li li etsang.

Ke ile ka boela ka nahana ho ipolaea—lekhetlong lena ka hla ka ho nahana ka thata. Ntho feela e ileng ea nthiba ke ha ke nahana hore na seo se tla ama ’Mè joang. O ne a nthata haholo a bile a iteletse ’na. Boemo bona bo ne bo le boima haholo. Ke ne ke se ke sa batle ho phela, le teng ke ne ke sitoa ho ipolaea.

E le ho lebatsa kelello ea ka, ke ile ka qala ho bala libuka tsa Serussia tse nkoang li ngotsoe ke lingoli tsa popota. Pale e ’ngoe e ne e le ea mohale e mong ea neng a sebetsa kerekeng. Kapele feela ke ile ka qala ho ba le takatso e matla ea ho etsetsa Molimo ho itseng, hammoho le batho ba bang. Ke ile ka rapela Molimo ka tieo, e leng ntho eo ke neng ke qala ho e etsa. Ke ile ka mo kōpa hore a mpontše mokhoa oa ho phela ka tsela e nang le morero. Ha ke ntse ke rapela, ke ile ka utloa ke imoloha ka tsela e hlollang. Empa ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e ile ea ’makatsa le ho feta. Lihora tse peli feela ka mor’a moo, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a nketela ’me a kōpa ho ithuta Bibele le ’na. Ke ile ka nka hore ena e ne e le karabo ea thapelo ea ka. Leo e ne e le letsatsi la ka la pele la ho ba ea thabileng bophelong.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Le hoja ho ne ho le boima, ke ile ka lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le ’mino o morethetho o matla. Leha ho le joalo, ’mino oo o ile oa lula o luma kelellong ea ka nako e telele. Neng le neng ha ke feta sebakeng seo ho neng ho letsoa ’mino oo, kelello ea ka e ne e mathela linakong tse fetileng. Ke ne ke sa batle ho kopanya mehopolo ea linako tseo tse bohloko le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo hona joale e neng e etsahala pelong le kelellong ea ka. Kahoo, ke ile ka qoba libaka tse joalo. Hang ha maikutlo a nakong e fetileng a fihla kelellong ea ka, ke ne ke rapela ka matla. Seo se ile sa nthusa hore ke be le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilipi 4:7.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka tseba hore Bakreste ba na le tlamo ea hore ba bolelle ba bang tumelo ea bona. (Matheu 28:19, 20) Ke ne ke nahana hore le ka mohla nke ke ka khona ho etsa joalo. Ka lehlakoreng le leng, lintho tse ncha tseo ke neng ke ithuta tsona li ne li ntlisetsa thabo e khōlō le khotso pelong. Ke ne ke tseba hore ba bang le bona ba lokela ho tseba linnete tsena. Ke ile ka qala ho bolella ba bang seo ke ithutang sona, le hoja letsoalo lona le ne le ntse le le teng. Ke ile ka makala ha ke hlokomela hore ha e le hantle, ho bolella ba bang ka Bibele ho etsa hore ke se hlole ke ikhella fatše. Hape ho ne ho etsa hore lintho tsena tse ncha tseo ke li lumelang li thopothele pelong ea ka.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Hona joale ke thabile lenyalong ’me ke bile le monyetla oa ho thusa batho ba ’maloa hore ba ithute Bibele, ho akarelletsa ’mè oa ka le khaitseli ea ka. Ho sebeletsa Molimo le ho thusa ba bang hore ba tsebe ka eena ho entse hore bophelo ba ka bo be le morero oa sebele.