Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“U li Senoletse Bana”

“U li Senoletse Bana”

Na u batla ho tseba seo e leng ’nete ka Molimo—hore na ke mang, o rata eng, ha a rate eng le hore na thato ea hae ke efe? Ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele, Jehova Molimo o senotse sohle seo e leng ’nete ka eena. Empa hase motho e mong le e mong ea ka balang Bibele ’me a utloisisa ’nete eo ka botlalo. Hobane’ng? Hobane ho utloisisa ’nete eo ea lintho tsa moea ke tokelo, ’me hase bohle ba e fumanang. A re nahane ka seo Jesu a se buileng tabeng ena.—Bala Matheu 11:25.

Temana eo e qala ka mantsoe a reng: “Ka nako eo ha Jesu a arabela a re.” Kahoo, mohlomong Jesu o mothating oa ho araba se sa tsoa etsahala. O ne a qeta ho khalemela batho ba metse e meraro ea Galilea moo a neng a entse mesebetsi e matla, empa ba sa amohele molaetsa oa hae. (Matheu 11:20-24) U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho tla joang hore motho a bone mehlolo eo Jesu a e entseng ebe o sitoa ho amohela linnete tseo a li rutang?’ Batho bao ha baa ka ba amohela molaetsa oa hae ka lebaka la bothata ba lipelo tsa bona.—Matheu 13:10-15.

Jesu o ne a tseba hore re hloka lintho tse peli e le hore re utloisise ’nete ea Bibele, e leng thuso ea Molimo le boikutlo bo botle ba pelo. Jesu o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” Na ua bona hore na ke hobane’ng ha ho utloisisa ’nete ea Bibele e le tokelo? Jehova, “Morena oa leholimo le lefatše,” a ka ’na a pata kapa a senola ’nete ho ea ka thato ea hae. Empa Molimo ha a leeme, o fa batho bohle monyetla oa ho utloisisa ’nete. O senolela ba bang ’nete ea Bibele motheong ofe le ho e patela ba bang?

Jehova o rata batho ba ikokobelitseng, eseng ba ikhohomosang. (Jakobo 4:6) O patela “ba bohlale le ba nang le kelello” ’nete—e leng bahlalefi le barutehi ba lefatše lena, bao ka boikhohomoso le ka ho itšepa ba hanang thuso ea hae. (1 Bakorinthe 1:19-21) Empa o senolela “bana” ’nete—e leng batho ba tlang ho eena ka lipelo tse ntle, ’me ba ikokobelitse joaloka bana. (Matheu 18:1-4; 1 Bakorinthe 1:26-28) Mora oa Molimo, e leng Jesu, o ne a tseba batho ba mofuta oo. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ikhohomosang le ba rutehileng ha baa ka ba utloisisa molaetsa oa Jesu, empa batšoasi ba litlhapi ba ikokobelitseng ba ile ba o utloisisa. (Matheu 4:18-22; 23:1-5; Liketso 4:13) Ka nako e tšoanang, barui le barutehi ba bang ba ileng ba bontša boikokobetso, e ile ea e-ba balateli ba Jesu.—Luka 19:1, 2, 8; Liketso 22:1-3.

Re khutlela potsong e botsitsoeng qalong: Na u batla ho tseba seo e leng ’nete ka Molimo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua khothatsoa ke ho tseba hore Molimo ha a rate batho ba inkang hore ba hlalefile ka mokhoa oa lefatse lena. Ho e-na le hoo, o rata batho bao bahlalefi ba lefatše ba ka ’nang ba ba khella fatše. Haeba u ithuta Lentsoe la Molimo u e na le boikutlo bo botle, u ka ’na ua ba har’a bao Jehova a ba fang mpho ea bohlokoa, ea ho utloisisa seo e leng ’nete ka eena. Ho utloisisa ’nete eo ho tla u thabisa hona joale, ’me ho u lebise ‘bophelong ba sebele’—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka, le tšepisitsoeng le ntseng le atamela. *1 Timothea 6:12, 19; 2 Petrose 3:13.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka January

Matheu 1-21

^ ser. 7 Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta ’nete ka Molimo le ka merero ea hae. Li ruta batho Bibele ntle le tefo, li sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?