Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Mahlomola a le Mangata Hakaale?

Ke Hobane’ng ha Mahlomola a le Mangata Hakaale?

E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha mahlomola a le mangata hakaale le hore na ke hobane’ng ha batho ba hlōleha ho a felisa, re lokela ho tseba hore na ha e le hantle a bakoa ke eng. Le hoja lintho tse bakang mahlomola li fapane ebile ho le thata ho li utloisisa, hoa thabisa hore ebe Bibele e re thusa ho li tseba. Sehloohong sena, re tla hlahloba mabaka a mahlano a ka sehloohong a hore na ke hobane’ng ha mahlomola a le mangata hakaale. Re kōpa hore u hlahlobe ka hloko seo Bibele e se buang ’me u bone hore na ke joang Lentsoe la Molimo le re thusang ho utloisisa taba ena ea bohlokoa hantle.—2 Timothea 3:16.

LIPHELLO TSA PUSO E MPE

Bibele e re: “Ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.”—Liproverbia 29:2.

Histori e bontša hore babusi ba bangata ba ’nile ba busa ka lere la tšepe ’me ba bakela bafo ba bona mahlomola a mangata. Ke ’nete hore hase babusi bohle ba babe. Ba bang ba batla ho thusa batho e le kannete. Empa ha ba hloella pusong, hangata ba fumana hore boiteko ba bona boa hlōleha ka lebaka la litsekisano le ho loanela litulo. Kapa ba sebelisa matla a bona hampe hore ba ithuise ’me seo se fella ka hore batho ba sotlehe. Henry Kissinger, eo e kileng ea e-ba letona la litaba tsa ka ntle ho naha, United States, o ile a re: “Ho theosa le lilemo, boiteko ba babusi bo ’nile ba hlōleha ’me seo ba neng ba se lakatsa ha sea ka sa phethahala.”

Bibele e boetse e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Batho ba sa phethahalang ha ba bohlale ka ho lekaneng hape ha ba na ponelo-pele ea ho tsamaisa litaba tsohle tsa bona ka katleho. Haeba batho ba ke ke ba tsamaisa mehato ea bona, ke joang ba ka tsamaisang sechaba? Na ua hlokomela hore na ke hobane’ng ha babusi ba batho ba se na bokhoni ba ho felisa mahlomola? Ha e le hantle, puso e mpe kapa babusi ba khopo hangata ke bona ba bakang mahlomola!

TŠUSUMETSO EA BOLUMELI BA BOHATA

Jesu o itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.

Baeta-pele ba malumeli ’ohle ba ruta batho hore ba be le lerato le bonngoe. ’Nete ke hore ba hlōlehile ho etsa hore balateli ba bona ba be le lerato ka ho lekaneng e le hore ba se ke ba ba le khethollo. Ho e-na le hore bolumeli bo thuse batho ho hlaolela lerato, hangata ke bona bo khothalletsang karohano, khethollo le ntoa har’a batho le merabe e sa tšoaneng. Ha Hans Küng, eo e leng setsebi sa thuto ea bolumeli a lihela likhala bukeng ea hae e bitsoang Christianity and the World Religions, o ile a re: “Boholo ba lintoa tsa lipolotiki tse sehlōhō le tse feteletseng ka ho fetisisa ke tse susumetsoang le tse tšehetsoang ke bolumeli.”  

 Ho feta moo, baruti ba malumeli a mangata ba lumella phatlalatsa litho tsa likereke tsa bona ho kopanela liphate pele ho lenyalo le ka ntle ho lenyalo, hammoho le ho lumella bosodoma. Sena se entse hore ho be le mafu a mangata, ho ntšoa ha limpa, ho ima ho sa batleheng, le ho qhalana ha malapa e leng se fellang ka bohloko le masisa-pelo.

HO SE PHETHAHALE HA BATHO LE LITAKATSO TSA BOITHATI

“E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:14, 15.

Ka lebaka la ho futsa ho se phethahale, kaofela ha rōna, re etsa liphoso ’me re lokela ho loana le takatso ea ho “etsa lintho tse ratoang ke nama.” (Baefese 2:3) Leha ho le joalo, ho ba thata haholo ho hlōla takatso e fosahetseng haeba ho e-na le monyetla oa hore re e phethahatse. Haeba re inehela takatsong e kotsi, liphello e ka ba tse bohloko.

Mongoli e mong ea bitsoang P. D. Mehta, o ile a ngola a re: “Mahlomola a mangata a bakoa ke litakatso tsa rōna tse sa laoleheng, ho batla menyaka, ho batla ho ikhotsofatsa, meharo le ho rata maemo.” Ho ba le takatso e feteletseng le ho lemalla lintho tse kang joala, lithethefatsi, ho becha, ho kopanela liphate le tse ling ho entse hore le “batho ba hlomphehang sechabeng” ba senyeheloe ke bophelo ’me ho tliselitse malapa a bona, metsoalle le ba bang mahlomola. Ho latela seo re se bonang ka ho se phethahale ha batho, re lokela ho lumela ha Bibele e re: “Ho totobetse ho motho e mong le e mong ea nang le mahlo hore hona joale lintho tsohle tse bōpiloeng lia feheloa ka lebaka la mathata a aparetseng lefatše lohle.”—Baroma 8:22, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips.

TŠUSUMETSO EA MEEA E KHOPO

Bibele e re senolela hore Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” le hore meea e matla e khopo e sebelisana le eena.—2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:9.

Joaloka Satane, bademona le bona ba laola batho le ho ba khelosa. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena ha a ne a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.”—Baefese 6:12.

Le hoja bademona ba thabela ho hlorisa batho, seo hase sepheo sa bona se ka sehloohong. Ba batla hore batho ba fetohele Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Lintho tse kang bonohe ba linaleli, boselamose, boloi le ho bolela bokamoso esale pele ke a mang a maqheka ao bademona ba a sebelisang ho laola batho le ho ba qhekella. Ke ka lebaka leo Jehova a re lemosang ka lintho tseo a bileng a sireletsang ba hanyetsang Satane le bademona.—Jakobo 4:7.

RE PHELA “MATSATSING A HO QETELA”

Lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng, Bibele e ile ea re: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”

Ha e bontša hore na ke eng e neng e tla etsa hore linako tseo e be tse mahlonoko, e tsoela pele ka ho re: “Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” Ka sebele lebaka le ka sehloohong le etsang hore ho be le mahlomola a mangata hakana kajeno ke hobane re phela “matsatsing a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-4.

Ho latela mabaka ao re a hlahlobileng, na ha hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha batho ba hlōleha ho felisa mahlomola, ho sa tsotelle sepheo sa bona se setle? Joale re ka fumana thuso hokae? Re ka e fumana ho ’Mōpi oa rōna, ea tšepisang hore o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose” le ea balateli ba hae. (1 Johanne 3:8) Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na Molimo o tla etsa’ng ho felisa lintho tsohle tse bakang mahlomola.