Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Haufinyane Mahlomola a Tla Fela!

Haufinyane Mahlomola a Tla Fela!

Ak’u nahane u se u phela lefatšeng le se nang mahlomola—lefatše le se nang tlōlo ea molao, lintoa, maloetse le likoluoa tsa tlhaho. U tsoha hoseng ho hong le ho hong u sa tšoenyehe ka khethollo, khatello kapa maemo a moruo. Na lintho tsee li utloahala e le tšōmo feela? ’Nete ke hore ha ho na motho kapa mokhatlo oa batho o ka tlisang maemo a joalo. Empa Molimo o tšepisa hore o tla felisa lintho tsohle tse bakelang batho mahlomola, ho akarelletsa le tseo ho buuoeng ka tsona sehloohong se fetileng. Hlokomela litšepiso tse latelang tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele:

PUSO E MOLEMO

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo. Morena oa eona ea khethiloeng, Jesu Kreste, o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka ’me a etse bonnete ba hore thato ea Molimo ha e etsahale leholimong feela empa e etsahala le lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) ’Muso ona o ke ke oa nkeloa sebaka ke ’muso leha e le ofe oa batho hobane ke ‘’muso o sa feleng oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.’ Ka sebele ho tla rena khotso ka ho sa feleng.—2 Petrose 1:11.

BOLUMELI BA BOHATA HA BO SA TLA HLOLA BO E-BA TENG

“Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli. Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka. Empa bofelo ba bona bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.”—2 Bakorinthe 11:14, 15.

Bolumeli ba bohata bo tla pepesoa hore ke mosebetsi oa Diabolose ’me bo tla felisoa lefatšeng. Khethollo le tšollo ea mali tse bakoang ke bolumeli li tla be li felile. Sena se tla etsa hore bohle ba ratang “Molimo ea phelang le oa ’nete” ba mo rapele ka ‘tumelo e le ’ngoe’ le “ka moea le ka ’nete.” Ruri ho tla ba le khotso le bonngoe!—1 Bathesalonika 1:9; Baefese 4:5; Johanne 4:23.

BATHO BA TLA PHETHAHALA

“Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Jehova Molimo o tla phethahatsa sena a sebelisa Mora oa hae, Jesu, ea ileng a fana ka bophelo ba hae bakeng sa batho. (Johanne 3:16) Jesu o tla etsa hore batho bohle ba phethahale. Mahlomola ha a sa tla hlola a e-ba teng hobane “Molimo o tla  ba le bona” ’me o tla hlakola “meokho eohle mahlong a bona.” Haufinyane ho se phethahale ha batho le mahlomola li tla fela; “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

MEEA E KHOPO E TLA FELISOA

‘Jesu Kreste a tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me a e tlama ka lilemo tse sekete. A e lihela ka mohohlong ’me a o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba.’—Tšenolo 20:2, 3.

Tšusumetso eohle ea Satane e tla be e felile ha Satane le bademona ba tlangoa ’me ba liheloa ka “mohohlong,” e leng se bolelang hore ho hang ba ke ke ba hlola ba e-ba le tšusumetso. Ha ba sa tla hlola ba laola batho. Ho tla ba monate hakaakang ho phela lefatšeng le se nang tšusumetso ea Satane le meea e khopo!

‘MATSATSI A HO QETELA’ A TLA BE A FELILE

‘Matsatsi a ho qetela’ a tla fella ka seo Jesu a ileng a se bitsa “matšoenyeho a maholo.” O ile a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.”—Matheu 24:21.

Matšoenyeho ao a tla ba maholo ka tsela ea hore ho tla ba le litlokotsi tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng. A tla fihla sehlohlolong “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” e tsejoang e le “Har–Magedone.”—Tšenolo 16:14, 16.

Batho bohle ba ratang ho loka ba labalabela ho fela ha tsamaiso ena e khopo ea lintho. Nahana ka mahlohonolo a seng makae a ba letetseng tlas’a ’Muso oa Molimo.

LI NGATA HAKAAKANG LINTHO TSEO MOLIMO A TLA LI ETSA!

“Bongata bo boholo” bo tla pholohela lefatšeng le lecha la khotso: Lentsoe la Molimo le re “bongata bo boholo” bo se nang palo bo tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ’me bo pholohele lefatšeng le lecha la ho loka. (Tšenolo 7:9, 10, 14; 2 Petrose 3:13) Ba tla be ba pholositsoe ke Jesu Kreste, “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.”—Johanne 1:29.

Thuto ea Molimo e Tla re Ruisa Melemo e Mengata: Lefatšeng le lecha, “ka sebele [ho] tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Thuto ena ea Molimo e tla akarelletsa litaelo tsa kamoo re ka phelang ka khotso le batho bohle hammoho le kamoo re ka hlokomelang tikoloho kateng. Molimo o tšepisa sena: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.

Baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosoa mabitleng: Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a tsosa motsoalle oa hae Lazaro bafung. (Johanne 11:1, 5, 38-44) Kahoo, o ile a bontša seo a neng a tla se etsetsa batho tlas’a ’Muso oa Molimo.—Johanne 5:28, 29.

Khotso le ho loka li tla ba teng ka ho sa feleng: Tlas’a puso ea Kreste, tlōlo ea molao e tla fela. Re tseba seo joang? Hobane Jesu o khona ho bona lipelo ’me o tla sebelisa bokhoni boo ho ahlola pakeng tsa batho ba lokileng le ba khopo. Ba hanang ho fetola litsela tsa bona tse mpe ba ke ke ba lumelloa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo.—Pesaleme ea 37:9, 10; Esaia 11:3, 4; 65:20; Matheu 9:4.

Re hlahlobile boprofeta bo seng bokae boprofeteng bo bongata ba Bibele bo buang ka linako tse monate tse tlang. Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatšeng, ‘khotso e ngata’ e tla ba teng ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:11, 29) Lintho tsohle tse bakang bohloko le mahlomola tse ’nileng tsa aparela moloko oa batho li tla etsolloa. Re ka kholiseha ka seo hobane Molimo o tšepisitse a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha. . . . Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”—Tšenolo 21:5.