Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | NTOA E ILENG EA FETOLA LEFATŠE

Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola

Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola

Ka la 11 November, 1918, Ntoa ea Pele ea Lefatše e ile ea fela. Likhoebo li ile tsa koaloa ’me batho ba ne ba tantša literateng. Empa thabo eo ha ea ka ea tšoarella. Ho ile ha e-ba le seoa se seng—se ileng sa bolaea batho ho feta lithunya ’me se ile sa latela nakoana ka mor’a ntoa ea lefatše.

Seoa se bolaeang se neng se tsejoa e le mokakallane oa Spain se ile sa hlasela masole a neng a le Fora ka June 1918. Ho e-s’o ee kae ho ile ha hlaka hore boloetse bona boa bolaea. Ka mohlala, ka likhoeli tse ’maloa bo ile ba bolaea masole a mangata a Maamerika a neng a le Fora ho feta a ileng a bolaoa ke ba lireng. Feberu ena e ile ea namela lefatšeng ka bophara kaha e ile ea jaleha ha masole a khutlela linaheng tsa habo ’ona ka mor’a ntoa.

Ka mor’a hore ntoa e lale ho ile ha e-ba le tlala le mathata a moruo. Ha ntoa e fela ka 1918, batho ba bangata ba Europe ba ile ba bolaoa ke tlala. Selemong sa 1923, chelete ea Jeremane e ile ea felloa ke matla haholo. Lilemo tse tšeletseng hamorao, moruo oa lefatše lohle o ile oa putlama. Qetellong ka 1939, ntoa ea bobeli ea lefatše e ile ea qala—ka tsela e itseng e ile ea ntšetsa pele ntoa ea pele ea lefatše. Ke eng e bakileng likoluoa tseo?

PONTŠO EA MATSATSI A HO QETELA

Boprofeta ba Bibele boa re bolella hore na ke hobane’ng ha liketsahalo tse itseng tsa histori li etsahala ’me haholo-holo bo re bolella ka Ntoa ea Pele ea Lefatše. Jesu Kreste o ile a bua esale pele ka nako eo ‘sechaba se neng se tla tsohela sechaba matla’ le eo ka  eona likhaello tsa lijo le mafu a seoa li neng li tla aparela lefatše. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) O ile a bolella barutuoa ba hae hore litlokotsi tse joalo e ne e tla ba pontšo ea matsatsi a ho qetela. Lintlha tse eketsehileng li fumaneha bukeng ea Tšenolo, e amahanyang bomalimabe bo lefatšeng le ntoa e leholimong.—Sheba lebokose le reng  “Ntoa Lefatšeng le Ntoa Leholimong.”

Buka eona eo ea Bibele e bua ka bapalami ba bane ba lipere, bao ka linako tse ling ba bitsoang bapalami ba bane ba lipere tsa Tšenolo. Ba bararo ba bapalami bana ba tšoantšetsa likoluoa tse tšoanang le tseo Jesu a ileng a bolela esale pele hore li tla ba teng—e leng ntoa, tlala le mafu a seoa. (Sheba lebokose le reng  “Na Kannete Bapalami ba Bane ba Lipere ba Ntse ba Kaletse?”) Ho hlakile hore mahlomola a ntseng a tsoela pele a qalile ka ntoa ea pele ea lefatše. Hape Bibele e senola hore Satane ke eena ea qhololitseng ntoa eo. (1 Johanne 5:19) Na o tla ke a felloe ke matla?

Buka ea Tšenolo e re tiisetsa hore Satane “o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Ke kahoo a halefileng hakana a bileng a bakang bomalimabe bo bokaale mona lefatšeng. Leha ho le joalo, mathata ao re a bonang a bontša hore nako ea Satane e ea fela.

 HO QHAQHA MESEBETSI EA DIABOLOSE

Ka sebele Ntoa ea Pele ea Lefatše e ile ea fetola lefatše. E ile ea etsa hore batho bohle ba kene ntoeng, ea etsa hore batho ba fetohele mebuso le hore ba se ke ba tšepa baeta-pele ba bona. Hape e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Satane o ile a lelekoa leholimong. (Tšenolo 12:9) ’Musi enoa ea sa bonahaleng oa lefatše o ile a itšoara joaloka mohatelli ea sehlōhō ea tsebang hore o saletsoe ke nako e khutšoaane. Ha nako eo e fela, mathata a bakiloeng ke Ntoa ea Pele ea Lefatše a tla fela.

Kaha boprofeta ba Bibele bo re behile leseling, u na le lebaka la ho tšepa hore haufinyane Jesu Kreste, Morena oa rōna ea leholimong o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Batho ba limilione ba se ba ntse ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle. Na uena u ua o rapella? Ka lebaka la ’Muso oo, qetellong batho ba tšepahalang ba tla bona thato ea Molimo e etsoa lefatšeng, eseng ea Satane. (Matheu 6:9, 10) Tlas’a ’Muso oa Molimo, ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa ea lefatše kapa ntoa leha e le efe! (Pesaleme ea 46:9) Ithute ka ’Muso oo ’me u letele nako eo ka eona ho tla rena khotso lefatšeng lohle!—Esaia 9:6, 7.